You are on page 1of 47

Distributed by Parliamentary Monitoring Trust Zimbabwe (www.pmtz.org/pmtzimbabwe@gmail.

com/pmtzimbabwe@twitter)

NYENYEFATSO THALATHALO EA PUPO EA MOLAOTHEO OA REPABOLEKE EA ZIMBABWE


( HLAKULA, 2013)

SOTHO

NYENYEFATS O THALATHALO EA PUPO EA MOLAOTHEO OA REPABOLEKE EA ZIMBABWE HLAKULA 2013

S elelekela Lefapha la tsa qhobo ea tsamaiso ea pupo ea M olaotheo, Constitution Paliamentary Select Committee ( COPAC) e hlophisitse Nyenyefatso ena ea Thalathalo ea mafello ea Pupo ea M olaotheo oa Zimbabwe 2013 ho thusa sechaba hore se utloisise Thalathalo ena. Thalathalo ena e na le maqephe 172. COPAC e bone ho tsoanetse ho etsa nyenyefatso ena ho thusa motho a senang nako ea ho bala Thalathalo eohle ka botlalo, hore a ka tlo bala fela nyenyefatso ena ebile a ananele tse ngoliloeng ho eona. Nyenyefatso ena ha e ea kenya tsohle liqaqiso tse bong ho Thalathalo empa fela li tsebiso tse bohlokoa tsa li karolo ho thusa mali ho etsa keletso ka kutloisiso.

Page 1

S elelekela se bong lentsoepele Selelekela se thlalosa ebile sa lumela ho se entse lintho ka toka ka lebaka la bohloaeli, se tlotlisa boineelo joa banna le basali ba loaneng ho fetsa hlokeho ea ho se etsoe ha lintho ka toka. Se lebisa hosasa e nang le temo kerase e thehiloeng holimo ha molao, ho sebetsa thata, hlompho le ho thabela litokelo le litokoloho tsa botho, tsoarano, khumo ea rona ea setso le ho thola katleho ea sechaba kaofela.

KHAOLO 1 Qapo ea Motheo (likaroloana 1 7) Zimbabwe ithehiloe holimo ha li tebello tse bohlokoa tse latelang: Zimbabwe ke lefatse la tsoarano, temokerase le boipuso; M olaotheo ke ona molaoholo ebile, molao o fe le o fe, mokhoa kapa boitsoaro jo bo sa sepelelaneng le M oalotheo ona ha bo letho; M olaotheo ona o tlama mang le mang ho akaretsa likampane le lihlopha tsa boikemelo,muso, bookameli, tsamaiso ea pupo ea molao le mafapha a tsa qhubo ea molao le mafapha le mekhahlo eohle ea muso; Boholo ba M olaotheo, hlompho ea molao, litokelo tsa botho, arohanyo ea tsa borapeli le setso , hlompho ea botho ba motho, ho lekana ha bohle; tekano ea botona le botsehali, le hlompho ea ntoa ea tokoloho; Puso e lokileng e akaretsang tse latelang: o Tsamaiso ea tsa politiki e lumellang mekhahlo e mengata o Tsamaiso ea tsa khetho e etsang hore ho be le likhetho tse etsoang ka nako le nako, ka tokoloho ebile le kantle ha bomenemene; o Ho fetisetsa matla a ho busa pele ka tsela ea boingotlo moraho ha likhetho; o Ho arohanya matla hara mafapha a M uso a reng bookameli, boparamente, le ba tsa molao; o Ho hlompha batho; o Ho khuthalletsa tsa tsoarano le khotso; o Hlokomelo ea litokelo tsa batho ba mefuta e menyenyane; o Ho khobana ka tekano khumo ea lefatse; Ho phatlalatsa matla a hurumente ho mafapha e seng ho beakanya ho lefapha le lengoe fela; Foleki ea sechaba, pina ea sechaba le letsoao la sechaba; M uso o emisitsoeng boraro, e leng, hurumente oa sechaba, li kansele tsa li Purofense le tsa liToropo;
Page 2

Le ho feoa serete le hlompho ea lipuo tse boleloang, tsona ke tsena, seChewa, seBarwe, seNyesemane, seKalaka, seKoisan, seNambya, seNdau, seTebele, seChangana, seShona, ho tsoantsa, seSotho, seTonga, seTswana, seVenda le seXhosa Khothalletsa batho le ho ba ruta ka M olaotheo.

KHAOLO 2 Litebello tsa S echaba (likaroloana 8 34) Zimbabwe e na le litebello tsa sechaba tse akaretsang muso har a litaolo tsa khumo, hore Ho bona hore ho na le puso e ntle ka ho bea batho batsoanetseng mesebetseng, ho loantsa bosholu le ho sebelisa matla ka tsela e sa tsoanelang le ho fa chelete tse anetseng tsebeletsong ea mafapha a M uso; Thuthuhiso ea tsoarano ea sechaba, khotso le khutso; Tsireletso ea litokelo le litokoloho tsa botho; Ho latela tsebeliso ea tsa jelano le mangoe mafatse e hlomphang li takatso tsa lefatse, e hlompha molao oa lefase ka bophara, thuthuhisang tulisano le mangoe mafatse le ho namola lintoana ka khotso; Ho lokisetsa thuthuho ea lefatse, ho matlafatsa batho baZimbabwe ka tsa khumo le ho hlola mesebetse; Thuthuhiso ea ho fumaneha ha lijo, setso le mekhoa ea batho, tekano ea botona le botsehali, tekano ea ho emeloa ha likhaolo; Thuthuhisa litakatso tsa bana, basoa, batho batsofetseng, batho baholofetseng, baileng ba loela ntoa ea tokoloho, basebetse, phole le lenyalo; Ho neela bana bohle thuto ntle le patelo; Ho ahela malulo, tsebeletso ea tsa bophelo e lekaneng, thuso ea sechaba le thuso ho tsa molao le tsa lipapali le boikhutso; Sireletsa le ho boloka tsebo ea setho; Ho etsa ho re e be molao litumelloano tsohle tse entsoeng ke mafatse e le hore Zimbabwe le eona e e tlamile ho tsona.

KHAOLO 3 Boahi (likaroloana 35 43) Boahi ba Zimbabwe bo ka matsoalo, maseka e ka ba le ka ho ngolisa Baahi bohle ba tsoaneloa ho:
Page 3

Sireletsoa ke M uso; Fumana li pasepoto le a mangoe mangolo a ho sepelisa; Fumana mangolo a ho supa ho tsoaloa ha motho le a mangoe mangolo a fanoang ke M uso. Baahi ka matsoalo ke batho ba: Tsoaletsoing Zimbabwe ke me kapa ntate e leng moahi oa Zimbabwe kapa e mongoe ho ntatemoholo kapa nkhono oa hae ke moahi oa Zimbabwe ka matsoalo ka leseka; kapa Eo, fa a tsoaletsoe ntle ha Zimbabwe, e mongoe oa batsoali ba hae ke moahi oa Zimbabwe fela a sebetsela muso kapa lefapha le lengoe ntle ha lefatse; kapa Eo a fumanoeng Zimbabwe a le ka tlase ha li lemo tsa ho tsoaloa tse 15 ebile boahi joa bona le batsoali ba sa tsejoe; Tsoaletsoeng Zimbabwe pele M olaotheo ona o sebetsa ebile e mongoe oa batsoali ba hae o ne a le moahi oa lefatse le bong leloko la kopano ea Southern African Development Community ebile a lula Zimbabwe. Baahi ka boseka, ke batho ba tsoaletsoeng ntle ha Zimbabwe ke me kapa ntate o ne a le moahi oa Zimbabwe ka matsoalo kapa boseka kapa e mongoe oa bontatemoholo kapa nkhono o ne a le moahi oa Zimbabwe ka matsoalo kapa boseka, ebile le hotsoaloa ha bona ho ngolisitsoe Zimbabwe. Baahi ba Zimbabwe ke batho bao e releng ka kopo ea ho ngolisoa joale ka baahi ba Zimbabwe ba lumelloa. Ho ba moahi oa mafatse a mabeli ka nako e ngoe ho a lumelloa fela ho bao e leng baahi ba Zimbabwe ka matsoalo. M olao o ka khanyetsa boahi joa ha beli ho baahi ka boseka kapa ho ngolisa Boahi ka matsoalo motho a ka bonkeloa fa bo fumangoe ka bomenemene, mabaka a leshano kapa ho sa boleloe ha mabaka a mangoe. Boahi ka ho ngolisa bo ka nkeloa motho fa bofumanehile ka bomenemene, mabaka a leshano kapa ho pata tselingoe litaba tse bohlokoa ho ngoliseng; kapa e le hore ka nako ea ntoa, motho eo ka tlulo ea molao o thusitse sera a se fa melaetsa, kapa o amana le besemose e thusaneng le sera sa Zimbabwe ntoeng eo. Boahi bo ka se nkeloe motho eo a tlo salang a se na lefatse moraho ha seo. Lefapha la tsa boahi le tsa bochaki le tsoanetse ho hloloa ke Paramente ho sebetsa mesebetse ea tsa boahi le li phemete.

Page 4

KHAOLO 4 Totobatso ea litokelo (likaroloana 44 87) Karolo 1 Litabana tse lingoe Karolo 2 Litokelo le Litokoloho Litokelo le li tokoloho tse bohlokoa ke tse latelang: M otho ohle o na le tokelo ea bophelo empa; o o M olao o ka lumela hore ho be le katlolo ea polao fa e le hore mothoo bolaile ka tsela ea sehloho Katlolo ea polao e ka se roesoi motho oa mosali kapa motho eo a entseng molato oa hobalaea a le ka tlase ha li lemo tsa ho tsoaloa tse 21 kapa anang le lilemo tse fetang 71 M otho ohle le M uso batlangoa ke Totobatso ea Litokelo.

M otho ohle o na le tokelo ea tokoloho ea hae ebile a ka se: o o A ka se hlahleloe ntle le tsekiso kapa ho senyetsoa tokoloho ea hae ka boithatelo kapa ho se na lebaka; A ka se hlahleloe teronkong fela ka hore o sitoa ho phethahatsa tse a itlamileng kapa a ikaneng ho tsona;

Batho ba tsoeroeng kapa ba hlahleloa ba letetse katlolo ba tsoaneloa ke ho: o o o o o o o o o Boleloa molato eo ba qosoang ka ona; lumelloa ho buoisana le basali kapa banna ba bona, metsoalle kapa molokisi oa linyeoe ka tsenyehelo ea chelete e tlo lefjoang ke M uso; buoa lekunutung le loeara ea bona le ngaka ea boikhethelo empa ke tsenyehelo ea chelete ho bona; tsoaroa ka tsela e nang le serete sa botho; fa ba sa emetse tsekiso ba lokolloe ho sena mekhoanyana e mengata kapa ho hloloe mekhoanyana e bobebe; e misoa pele ha khotla ea molao hare ha li ora tse 48; feoa monyetla oa ho e thatullela ka ho tsoaroa le ho hlahleloa ha bona ka sebele khotleng ea molao; ba le tokelo ea ho tsitsa le ho tsebisoa ka tokelo e na; ba se ke ba tsoaroa ka matla ho lumela molato;
Page 5

ba le tokelo ea puisano le ho e telloa ke mosali; monna,molekane, metsoalle, moruti eo ba mokhethang kapa motho mang le mang; sekisoa ka nako e tsoanetsing kapa ho khololoa ho e sena kemiso.

M otho mang le mang a ka etsa kupo khotleng e holo hore motho a hlahlatsoeng a lokolloe fa a se molato le fa motho a tlile a nyamela moraho ha ho tsoaroa ha hae, a se sa bonahala. M otho ea tsoeroeng ka qoso ea lefela o tsoanetse ho neoa tefo e leng poseletso ea qoso ena ke eo a baketseng ho tsoaroa ha hae a se molato. M otho ohle ona le seriti sa ho hlompheha ebile o na le tokelo ea ho re a hlomphehe. M otho o hle o na le tokelo ea tsireletso ea hae e akaretsang tokelo ea ho e tsa seo a se khupolang ka tsa ho tsoala le tokelo ea ho re a se ke a ba le mofo ka ho sebelisoa ho lihlahlobo tsa saense. Ha ho motho a tsoanetseng ho tsoaroa ka lonya, ho utloisoa bohloko,ho tsoaroa ka tsela e senang botho kapa a otloa ka tsela e senang botho. Ha ho motho a tsoanetseng ho tsoaroa, ho etsoa lekhoba lekhabunyane, mohlankana kapa ho tsoaroa ka matla ho sebetsa. Batho bohle ba ea lekana pela molao e bile ohle motho o na le tokelo ea ho tsoroa ka tsela e tsoanetsing e se nang khethullo. M otho o hle o na le tokelo ea sephiri: metse ea bona, kapa thutu ea bona a e tsoaneli ho phenyekuloa ntle le tumello ea bona. thutu ea bona e ka se nkoe; li polelisano tsabona tsa sephiri li se fapantsoe; tsa bophelo ba bona li se boleloe phatlalatsa.

M otho o hle o na le tokelo le tokoloho ea ho kopana e bile ha a tsoaneli ho tsoaroa ka matla ho: ba leloko la mokhahlo; kapa kena mokopano kapa phutheho;

M otho ohle o na le tokelo ea tokoloho ea le letsoalo ebile a ho na motho a tsoanetsing ho qobeloa ho ikana ho seo se seaneng le tumelo ea hae. M otho ohle o na le tokelo ea tokoloho ea ho buoa joale ka aikutloa, ho akaretsang: tokoloho ho tsamaiso ea litaba; ho tsireletsa mabitso a batho ba fanang ka litaba ho boralitaba

Page 6

tokoloho ea ho hlola lipapatso le tsengoe lisebelisoa ho phatlalatsoeng ha litaba le ho tsamaisa melaetsa fela ba feoa li laesense ke M uso. Empa ha, tokoloho ea ho buoa le tokoloho ea tsamaiso ea phatlalatso ea litaba ha e akaretse khothatso ea ho tsusa meferefere, tlotloetso ea melaetsa ea lehloeo le lipolelo tsa ho supa hloeo, ho senya lebitso le botumo joa motho kapa seriti sa botho ba hae kapa ho senya ka boomo liphire tsa hae. M oahi ohle kapa moluli oa ka mehla o na le tokelo ea ho finyella litsebiso tse tsoang ho M uso kapa lefapha la hurumente mo tsebiso e batleha ho laola maitsoaro le maikarabelo a sechaba. M otho ohle o na le tokelo ea ho finyella tsebiso e leng mothong kapa ke mang, haholo fa e leng molaetsa oa ho sireletsa tokelo e re leng. M otho o hle o na le tokelo ea ho sebelisa puo ea hae le ho latela mekhoa ea setso seo a se ratang. M otho ohle o na le tokelo ea ho khetha le ho etsa tsa bo rutehi, khoebo, kapa ka mosebetsi oa ho rutela o motho a o etsang ka taolo ea molao. M otho ohle o na le tokelo ea ho sebelisoa ka tsoanelo le ho sebetsa ntle le kotsi le ho pateloa ka tsela e a mohelehang. M otho ohle, kantle ha ba tsamaiso ea tsa tsireletso, o na le tokelo ea ho ba le ho kena kopano ea tsa tsamaiso e emelang ba sebetsi a e ratang, tokelo ea ho supa ngongoreho le ho hlopha. Banna le basali bana le tokelo ea ho pateloa ka mo ho lekanang ho mesebetsi e tsoanang M otho ohle o na le tokoloho ea tsitsinyo, tokelo ea ho kena Zimbabwe,tokelo ea ho se tebeloi ho kena Zimbabwe,tokelo ea ho fumana pasipoti kapa a mangoe mangolo a ho tsamaisa, le hore motho ohle o na le tokelo ea ho sisinya a lokolohile Zimbabwe, ho lula mo a ratang Zimbabwe le ho tloha Zimbabwe. M oahi o hle o na le tokelo ea: Likhetho tse lokolohileng, tse amohelehang e bile tse etsoang ka nako le nako; khetha ka tsa politiki ba lokolohile; ho ba leloko la mokhahlo oa tsa politiki a o ratang; memela mokhahlo oa politiki a o ratang ka khotso hape a lokolohile; bouta ho likhetho tsohle le ho li referantamo; ema ho likhetho tsa li ofese tsa tsebeletso ea sechaba.

M otho ohle o na le tokelo ho tsamaiso ea molao.

Page 7

M otho ohle o na le tokelo ea ho finyella ho li khotla,tokelo ea ho sekisoa ka bonako e bile ka tsela e tsoanetsing ho khotla e ekemetsing hape ka tsela e senang tsobotsi e beiloeng ke molao le tokelo, ka chelete ea bona, ho khetha le ho e meloa ke molokisi oa linyeoe. M otho ohle a roesoang molato o na le tokelo ea: ho tsoaroa joale ka motho a se nang molato ho fihlela nako a fumanoang molato ke moatluli; ho tsebisoa ka qoso a e roesoang ka nako; ho neoa nako e anelang ea ho lokisetsa boikarabelo; ho khetha le ho emeloa ke molokisi oa linyeoe oa boikhethelo a sebelisa chelete ea hae; ho e meloa ke molokisi oa lenyeoe oa M muso ha ho bonahala ho re ho ka ba le tsamaiso e sa etsoing ka toka; ho ba teng pel a khotla ka sebele ha a sekisoa; ho khanyetsa bopaki bo neoang kapa ho tsitsa; ho re tsamaiso ea molato a o roesoang e fetoleloe ho puo a e utloang; ho etsa apile ho khotla ea holimo ho hanana le qoso le katlulo a e filoeng.

M otho o hle o na le tokelo ho fumana, ho sebelisa le ho laola ka phahlo ea mefuta eohle empa ho na le melaoana e hlotsoeng ka ha mobu oa temo. Kantle ha tsamaiso ea tsa mobu,motho ohle o na le tokelo ea ho sa nkeloe thutu ea hae kantle ha: ho e le ka lebaka la tatelo ea molato o e tseng o sebetsang har a sechaba; ho tsoanetsi fela ka thahaselo, tsireletso ea sechaba, polokeho ea sechaba, tolahanyo ea sechaba; bjll, bjll; molao o laola hore lefapha le tsamaisang tsebeletso ea ho nka mobu e tsebise ka nako hore e tlo nka phahlo ebile e patele poseletso e khotsofatsang; molao o fa motho anketsoeng phahlo ea hae matla a ho etsa kupo khotleng fa e le hore o khanyetsa ho nkeloa mobu oa hae, a batla ho fumana bomolao joa ho nkeloa mobu le fa a sa khotsofale ka poseletso e entsoeng.

Page 8

M otho ohle o na le tokelo ea ho ba le phahlo ho akaretsa le mobu. M muso o ka nka mobu oa temo oa ho : le ho re : a ho poseletso e ka etsoang kantle fa ho pateloa li ahoa tse li leng mobung, fa e le hore mobu o nkiloe ho moahi oa Zimbabwe ka hlaho, kapa naha e tsirelelitsoe ke tumelloano le lengoe lefatse, poseletso e tletsing e a pateloa; o a hona motho o ka sekisang ho nkioa ha mobu khotleng kantle ha e le ho re ke ngongoreho ka poseletso ea li ahioa; o tsamaiso ea ho nkioa e ka se ke ea sekisoa ka le baka la ho re e ne e na le khethullo; M obu oa temo o nkiloeng ka nako ea lenaneo la ho nkioa ha mobu kapa o beetsoe ho nkioa pele ha ho sebetsa ha M olaotheo ona o tlo lula o le matsohong a M uso ebile a hona poseletso e tlo etsoang kantle fa e le ea li ahioa tse entsoeng pele o nkioa. Ho nkeng mobu oa tsa temo hore ho lulisoe batho ba Zimbabwe ho ile ha lebelloa tse bohlokoa, tse reng, batho ba Zimbabwe ba nketsoe mobu oa bona ho seng ka toka ka nako ea puso ea ba hloaeli; ebile batho ba Zimbabwe ba nkile lihali hore bafumane mobu oa bona ebile ka seo ba tsoanetsi ho thusoa ho beakanya lesoa litokelo tsa bona ebile bathole ho laola mobu oa bona. M muso oa bohloaeli; e seng hurumente ea Zimbabwe, e tlamehile ho patela poseletso ea mobu oa temo o nkiloeng ho re batho bafumane bolulo. M otho ohle o na le tokelo ea: bolulo bo seng kotsi bophelong ba bahae; hore tulo e bolokehe ka tsireletso hore e tlo khona ho ba molemo hosasa M oahi ohle le molule oa ka mehla o na le tokelo ea ho fumana thuto ea pele a thusoa ke M uso M otho ohle o na le tokelo ea ho semolla le ho tsamaisa; ka tsenyehelo ea chelete ho ena, likolo tsa thuto tse tsoanetsing; empa ha ba tsoaneli ho khethulla ka ho sa lumelloeng ke M olaotheo o na. M oahi ohle le moluli oa ka mehla o na le tokelo ea ho finyella tsa kalafo ho akaretsa tsa ho tsoala le maloetse a sitang kalafo. Ha ho motho a tsoanetsing ho thibeloa hore a fumane kalafo ea potlako lipetleleng M otho ohle o na le tokelo ea ho fumana lijo tse lekaneng le tse hloekileng le metsi a hloekileng. M otho ohle oa mengoaha e leng 18 o na le tokelo ea ho ba le pholi e bile ha tsoaneli ho tsoaroa ka matla ho re a tsene lenyalong. Batho ba botsehali le botona bo botsoanang ha ba tsoaneli ho nyalana.
Page 9

lulisa batho hore ba qhobe mananeo a tsa temo; tokiso ea mobu; ho lulisoa lesoa ha batho;

Karolo 3 Litokelo tse le o kelitsoeng M otho o hle oa mosali o na le seriti se lekanang le sa monna ho a karetsa le ho tsa politiki; tulisano le khumo. Basali bana le litokelo tse tsoanang le tsa banna ka ha holiso ea banna M elao eohle e akaretsa le ea setso e senyang tokelo tsa basali a e sebetsi. Ngoana ohle o na le tokelo tse latelang: tokelo ea ho tsoaroa ka tsela e tsoanang pel a molao, ho akaretsa le tokelo ea ho re ba utloioe; tokelo ea ho neoa lebitso le sefane; ho neoa lengolo la ho tsoaloa ka pela; tokelo ea hoba leloko la phole le hlokomelo e tsoang ho batsoali; ho sireletsoa ho tsa khumo le hlokofatso ka tsa thobalano; ho se sebelisoe ho tsa bosole le bosenyi ka tsebeliso ea lihale; ho se qobelloe ho amana le tsa politiki; ho se hlahleloi kantle ha ho ba ho e sena se ka e tsoang. Batho ba baholo ba mengoaha e fetang e mashome a supileng bana le tokelo ea ho: fumana thuso ho ba leloko le ho mmuso; ho fumana thuso ea chelete ka tsela ea tsamaiso ea tsireletso le hlokomelo ea tulisano; Batho ba kholafetsing ba tsoanetsi: ho thusoa ho khona ho e thirela; ho thusoa ho phela le ba le loko le ho tsoareha ho tsa lipapali le boikhutso; ho sireletsoa ho hlokofatso; ho neoa sebaka sa ho finyela kalafo ea tsa bophelo, khopolo le tsengoe; linatla tsa ntoa ea tokoloho, ho e le hore, bale ba e leng ba hlabana ntoeng ea tokoloho, ba thusitseng ho loaneng le bale ba ileng ba hlahleloa literonkong ka nako ea ntoa ea tokoloho ba tsoaneloa ke tlotliso ka mosebetse ba o entseng ho lokololeng lefatse la Zimbabwe ebile ba tsoaneloa le ka thuso ea tsoanelo ho tsohle tsa bophelo le ho finyella tsa kalafo.

Karolo 4 le 5 Peakanyo le li fokotso M otho mang le mang ka boikemelo kapa a emetse motho e mongoe o na le tokelo ea ho kupa khotla hore e thuse ho latela taolo ea lingoe litokelo. Litokelo le litokoloho tse bohlokoa litsoanetsi ho etsoa ho hlokomeloa litokelo tsa ba ba ngoe.

Page 10

Tokelo tsa batho le ka fokotsoa fela ka molao o sebelisoang mo ho tsoanetsing o loketsing sechaba se se lokolohileng. Ahona molao o ka fokotsang: tokelo ea bophelo kantle ha ho le katlulo ea polao ka tsela ka ha molao ona; tokelo ea hlompho ea botho; tokelo ea ho se hlokofatsoe le ho tsoaroa ka tsela e se nang botho; tokelo ea ho se esoe katlase ha bokhoba; tokelo ea ho sekisoa ka tsela e tsoanetsing; tokelo ea ho fumana taelo ea ho tsebisa ka motho a hlahletsoeng teronkong. Ka nako ea moferefere har a sechaba; litokelo le litokoloho tse bohlokoa; kantle ha tse boletsoeng pele li ka fokotsoa ka molao. Ho tlola molao ka nako ea moferefere ho tlo bakela qoso le tsekiso le ho nkeloa mahato ka se molao, ebile ha ho motho a ka sireletsoang ke molao kapa o fe fa a entse jena.

KHAOLO 5 Bookameli (likaroloana 88 115) Karolo 1 Matla a bookameli M atla a bookameli a tsoa ho batho e bile a tsoanetsi ho e tsoa ka tsamaiso ea M olaotheo ona. M atla a bookameli a beiloe ho M ookameli a oa sebelisang ka kabenete ka taolo ea M olaotheo o na.

Karolo 2 Bookameli M ookameli ke ena M oeteleli oa M uso le Hurumente le M olaoli oa M asole . M ookameli o tsoanetsi ho: Latela,sireletsa, ho thobela le ho hlompha M olaotheo le molao; Ho thuthuhisa tsoarano le khotso lefatseng; hlokomela le ho hlompha tse bohlokoa tsa ntoa ea tokoloho; ba le nnete ho re ho na le tsireletso tsa litokelo le litokoloho tse bohlokoa le taolo ea molao; hlompha batho ka ho farohana ha bona le li khaolo tsa Zimbabwe M otho a leng moahi oa Zimbabwe ka ho tsoaloa kapa ka leseka, a le mo bouti ea ngolisitsoeng,ana le mengoaha e leng 40 e bile a le moluli oa Zimbabwe o na le tsoanelo ea ho kena ho likhetho hobane a be M ookameli kapa M otlatsi oa M ookameli.

Page 11

A emang ho khetho tsa M ookameli o tsoanetsi ho khetha batlatsi ba babeli. Nkhetheng a sa khotsofala ka litsoello tsa li khetho tsa M ookameli kapa motlatsi oa M ookameli a ka etsa kupo ho khotla ea M olaotheo, ebile khotla ena etsoanetse ho lekola taba ena hareng ha matsatsi a 14. Nako ea ho sebetsa ea M ookameli ke li themu tse peli tsa mengoaha e mehlano. M ookameli kapa M otlatsi oa hae baka ema mosebetse. M ookameli kapa M otlatsi oa hae baka e misoa mosebetsi ka mabaka a latelang: Ho senya tsamaiso ea mosebetsi; ea ho e tsa tse fapaneng le M olaotheo; ho senya tsamaiso ea M olaotheo ka boomo; ho sitoa ho e tsa mosebetsi ka baka la hobalo kapa ho se sebetse hantle ha khopolo ea hae. M ookameli ha a roesoe melato ha a sa le mosebetsing ka liketso tsa hae ka sebele ho fihlela nako a tloha ho ba M ookameli; Ha M ookameli a ka shoa, a e ma mosebetsi kapa a emisoa M otlatsi oa hae oa pele o semolla mosebetsi ho fihlela nako ea M ookameli oa pele e fela;

Karolo 3 Li Ministara, Batlatsi ba li Ministara le Kabenete M ookameli, a hlokomela likhaolo tsohle le botona le botsehali, o bea liM inistara le Batlatsi ba bona a khetha ho maloko a Paramente. Ba palo e ka fihlang 5 ba khethoa ntle ha Paramente ho lebiloe thuto le tsebo ea bona. Kabenete e na le boikarabelo joa ho laola tsepiliso ea mesebetse ea hurumente, ho qhoba mesebetse ea hurumente ho Paramente, ho lokisa tsa molao oa sechaba le lemosa M ookameli.

Karolo 5 Molaoli oa linyeoe Ho na le M olaoli oa linyeoe e leng molemose oa M ookameli le Kabenete ho tsa molao ebile o tholoa ka takatso ea M ookameli. Litsekiso tsohle li bile li tlo laoloa ke lefapha la tsa qhobo ea litsekiso le etelloang ke M osekisi-M oholo.

Page 12

KHAOLO 6 Lekhutla la taolo ea lefatse le ho busa (likarolo 116 117) Karolo 1 Matla a tsebeletso ea taolo ea lefatse le ho busa Le khutla la pupo ea molao le bupioa ke Paramente le M ookameli. M atla a ho sebetsa a Paramente a tsoa ho batho ebile: A neela lefapha lena la taolo lepupo ea melao ho lokisisa M olaotheo ona; ho bupa melao ea ho laola ka khotso,taolo le puso e ntle. Ho fa matla a ho bopa melao ho mangoe mafapha.

Karolo 2 Paramente Paramente e akaretsa Senete le Seboka sa Sechaba; tsoanetsi ho sereletsa M olaotheo le ho thuthuhisa puso e lokolohileng; e na le matla a ho khopeletsa tatelo ea M olaotheo. M afapha ohle a Hurumente ana le maikarabelo ho Paramente. Karolo 3 S enete Senete e akaretsa maSeneta a leng 80 ba leng hore : ba leng 6 ba khethoa ho purofense e ngoe le e ngoe ka tsela ea boemeli bo lekanang; ba ba 16 ke li khosi e leng hore ka bababeli ba khethoa ho tsoa ho liboka tsa likhosi tsa li Purofense kantle ha li Purofense tsa litoropo tsa Bulawayo le Harare. ba babeli ke M ookameli le M otlatsi oa Kansele ea Sechaba ea Likhosi; ba babeli ba khetheloa ho emela batho ba holofetsing. M a Seneta a khethiloeng ka boemeli ba ho lekana a tsoanetsi ho khethoa a tsoa ho mekhahlo ea tsa politiki ho ea ka li bouti tse entsoeng ho bo nkhetheng ba emetseng mekhahlo ea bona ho likhetho tsa maloko a Seboka sa Sechaba ebile banna le basali bangotsoe mabitso ka ho latela mosali monna mosali monna, lengolo lohle la mabitso le qala ka lebitso la mosali. Senete o tsoanetsi ho ba a ngolisitse ho bouta e bile a be le mengoaha e fihlang e leng 40, senate a leng khosi o tsoanetsi ho oketsa a be khosi, Senete a emelang batho ba holofetsing o tsoanetsi ho ba motho a holofetsing. M otho o thibeloa ho e ma ho likhetho tsa li Senete ha a e le a tebeloa ho ba mo bouti kapa o siile bolulo ba paramente mengoaha e leng 5 e lateloang ke li khetho ka moraho ha ho fumaneha a le molato o mongoe kapa e le hore ke leloko la Paramente.

Page 13

M ookameli oa Senete le M otlatsi oa M ookameli oa Senete ba laola tsepiliso ea Senete.

Karolo 4 S eboka sa S echaba Seboka sa Sechaba se akaretsa: M aloko a leng 210 a khethiloeng ka tsamaiso ea sephiri ho tsoa ho likhaolo tse 210 tse Zimbabwe e arotsoeng ka tsona; le hore Ho le Paramente tse peli tsa pele moraho ha ho re M olaotheo o o sebelisoe, ho tla oketsoa maloko a leng 60 a basali, batselela ba tsoa ho purofense e ngoe ka e ngoe, ka tsamaiso e abo emeli bo lekanang bo seameng ho le bouti tsa bao ba emetsing mekhahlo ea lipolitiki ho likhetho tsa maloko a likhaolo ho le purofense. Libatlehi tse tsoanang ho lumella le ho khanyetsa peo ea li Senetha ke tsona tse lateloang mona kantle ha li lemo, e leng hore fa ke tse 21. Sebuoi le M otlatsi oa Sebuoi ba okamela Seboka sa Sechaba. Karolo 5 Nako ea ho sebetsa ha Leloko la S eboka sa S echaba Ho tlohela setulo sa boleloko joa Paramente bo thlalositsoe kabophara ke M olaotheo ebile ho akaretsa; ho fetola boleloko joa mokhahlo, ho ema ka ho tsebisa ho lesa ho ba setho sa seboka, ho qosoa ka molato, le ho fumaneha molato ho tsa likhetho. Karolo 6 Matla a Paramente Paramente e na le matla a ho semola, ho lokisa, ho hlokomela kapa ho lahla molao le ha o le o fe. Taolo ea molao oa Paramente o sebelisoa ka tsamaiso ea molao oa Paramente. Tsamaiso ea ho pasa molao molao o hlalosoa ka botlalo ho lelana la bohlano. Paramente e ka ne ea matla a ho bupa melao. Karolo 7 Tsamaiso ea Paramente M oholo oa Paramente ke Sebuoi, sa Senete ke M ookameli oa Senete. Thlelereke oa Paramente ke e na e M oholo oa Tsamaiso ea Paramente e bile o na le sebaka se fokotsoeng sa ho sebetsa se leng mengoaha e tseletseng e ka oketsoang ha ngoe fela.

Karolo 8 Nako le ho emisoa le ho lula ha Paramente Paramente e khetheloa ho sebetsa ha nako e lekanang mengoaha 5 e bile e emisoa ha ho setse letsatsi le lengoe ho re ho be le likhetho.
Page 14

Paramente e ka ba le tumeleloano ea ho ba e emisoe ebile M ookameli o tsoanetse ho e emisa. Ha Paramente e ka hana ho lumela M olao oa Kabo ea chelete, M ookameli a ka e emisa empa ho e misoa ha teng ho ka sekisoa ke khotla ea M olaotheo ka lengolo le ngoliloeng ke le fe kapa le fe leloko la Paramente. Ho tsamaiso e amohelehang, M ookameli o tsoanetsi ho memela likhetho ha re ha malatsi a leng 30 ho e so ho fihla nako ea ho emisoa ha Paramente. Likhetho tse etsahalang ho latela ho e misoa ha Paramente e seng ka nako ea ho fela ha sebaka sa ho sebetsa ha eona, litsoanetsi ho etsoa ha re ha matsatsi a leng 90 e emisitsoe. M ookameli o tsoanetsi ho lemosana le Komeshene ea likhetho ha a lokisa malatsi a likhetho le ha e le li fe. Ho qala ho lula ha Paramente ho etsahala ho matsatsi a leng 90 moraho ha M ookameli a semolotse mosebetsi. E ngoe le e ngoe ntlo ea Paramente e laola mekopano ea eona, empa M ookameli a ka mema maloko a Paramente ho re a etse mosebetsi o bohlokoa e bile a ho tsoanelo hore ho fete matsatsi 180 lintlo tsena li sa lule. Baokameli ba Paramente le maloko a Paramente bana le tokoloho ea ho buoa ka boithatelo Paramente ebile ha ba molato ho tsohle tse ba li buoang Paramente. Baahi ba ka etsa likopo tsa se seng Paramente.

KHAOLO 7 Likhetho (Likarolo 155 166) Karolo 1 Tsebeletso le Tsamaiso ea Likhetho Tsamaiso ea likhetho e tsoanetsi ho e tsoa ka khotso, tokoloho le ka tsela e amohelehang, ho boutoe sephiring, ka tumello letsoanelo ea motho ohle a holileng ebile a lokela ho bouta le ho lekana ha li bouti, ebile ho e sena ho loantsana. Komeshene ea Likhetho e tsoanetsi ho ba le nnete ho re: tsamaiso ea ho bouta e bobebe,e nepehile, e na le bo nnete,e na le tsireletso hape e etsoe pepeneneng; litsoelelo tsa li khetho kapa tsa lireferentamo litsoanetsi ho phatlalatsoa ka pela ka moraho ha o tsoaleloa ha mong ho bouteloang. meferefere le tsohle tse mpe ka nako ea likhetho a li batlehi, tse l i sebelisoang ho tsamaiso ea likhetho le tsoanetsi ho bolokeha. M muso o tsoanetsi, ka ho sebelisa molao le tse lingoe li tsela, o be le nete ea ho re: bohle baahi ba tsoanetsing, katlase ha tsamaiso ea karolo 4 ba ngolisitse ho bouta; moahi ohle oa Zimbabwe a loketseng ho bouta o tsoanetsi ho neoa sebaka sa ho bouta;
Page 15

mekhahlo eohle ea lipolitiki le baemeli ba bona bana le tsoanelo ea ho finyella tsohle tse li sebelisoang le tsebo hobane batle batsebe ho tsoareha ka botlalo; mekhahlo eohle ea lipolitiki le bo nkhetheng batsoanetsi ho finyellela tsa tsamaiso le phatlalatso ea melaetsa, e leng mechene le ho lipampere tsa muso le tsa boikemelo; lintoa ka nako ea likhetho litsoanetsi ho fetsoa ka pela; M olao ka likhetho o tsoanetsi ho ne e , ha re ha tse lingoe; karolo ea likhaolo le liwati e tsoanetsi ho e tsoa ka nako le nako; ho ngolisa ha ba bouti; tsamaiso ea molao ea mekhahlo ea le politiki le ba emeli ba teng; tsela ea boemeli ba ho lekana ho tlatsa bolulo Paramente bo tsoanetsing ho tlatsoa ka mabaka a rotsoeng; khetho ho Senete ea batho ba holafetsing; khetho ea boemeli e tsoanetsi ho etsoa ho matsatsi a leng 14 moraho ha khetho e bile a ho tsoaneli ho ba katlase ha malatsi a leng 30 ho eso ho be le likhetho; a ho se ka fetoloang ho molao oa khetho kapa ho melaoana ho se na taolo ea Komeshene ea Likhetho; ka moraho ha tsebiso ea khetho, ho fetoloa ha M olao oa Khetho kapa melaoana, ha o se na ho sebetsa ka nako ea teng.

Karolo 2 Nako ea khetho Khetho e tloaelehileng e tsoanetsi ho e tsoa ; ho e so ho feti malatsi a leng 30 ka moraho ha ho e misoa ha Paramente kapa nako ea ho sebetsa ha eona ho e so ho feli; ha re ha malatsi a leng 90 ka moraho ha kemiso ho latela bouti ea ngongoreho ka hurumente; Khetho e tloaelehileng ho lipuso tsa likhaolo e tsoanetsi ho e tsoa ka nako e ngoe le ea bookameli le maloko a paramente; Khetho tsa ho tlatsa le tsoanetsi ho e tsahala ha re ha malatsi a leng 90 ha o bile ho ne bolulo bo se nang moemeli kantle ha o ile ha e tsahala ha re ha li khoeli tse 9ho e so ho be le khetho e tloaelehileng,mong bolulo bo se nang moemeli bo sala bo se na ho tlatsoa ho fihla ka nako ea khetho e tloaelehileng; Khetho tsohle tsa bolulo ba le ofese tse tsoanetseng ho khetheloa boemeli katlasi ha M olaotheo e tsoanetsi ho e tsoa ha re ha matsatsi a leng 90.

Karolo 3 Arohanyo ea likhaolo tsa khetho Ho re ho be le likhetho tsa M aloko a Paramente, Komeshene ea khetho e tsoanetsi ho a rohanya Zimbabwe e be le le khaolo tse fihlang ho 210 le ho khetho tsa baemeli ba
Page 16

lipuso tsa likhaolo ho tsoanetsi ho a rohanyoa ka li wati ho lumelelane le taolo ea M olaotheo. Arohanyo ea likhaolo e tsoanetsi ho e tsoa nako eohle kamoraho ha mengoaha e leshome kanako e latelang tsamaiso ea palo ea batho. Tsamaiso ea arohanyo e i le ea e tsahala ho e so ho feli khoeli tse 6 pele ha tsamaiso ea ho bouta a ho tsoaneli ho sebetsa ka nako ea khetho ea nako eong. Repoto ea tsamaiso ea arohanyoe tsoanetsi ho roloa Paramente ke M ookameli ebile le Komeshene ha ho ka ba le tse roloang ke Paramente ho e so ho be le repoto ea mafello le mehopolo ho litaba tse lingoe ha e sa fetoloa. M ookameli o tsoanetsi ho re ha re ha matsatsi a leng 14 a amohetsi repoto,a phatlalatse mabitso le likhaolo le liwati ho lateloa taolo ea Komeshene.

KHAOLO 8 Tsa Molao le tsa likhotla (162 -193) M atla a taolo ea tsa melao atsoa ho batho, me a beiloe holimo ha likhotla, tse, Khotla ea M olaotheo,Khotla ea Lingongoreho,Khotla e kholo ho tsona tsohle,Khotla ea Tsamaiso ea tsebeletso ea litaba le li rekoto tsa sechaba,Khotla ea M aseterata,khotla ea tsamaiso ea Setso le tulisano ea batho le tse lingoe likhotla tse bupiloeng ka melaoana ea Paramente. Tona- holo ea Baatluli, M otlatsi oa Tona-Holo, bangoe baatluli ba likhotla le batho balulang likhotla tsa bo maseterata le tsa, setso le tulisano ea batho kaofela ba bitsoa lefapha la tsa molao, jutesheare. Likhotla le sebetsa ka boikemelo ebile lisebetsa katlase ha M olaotheo , ebile boikemelo bona bobohlokoa ho tsamaiso ea molao ka toka le puso enang le temokerase. M muso o tsoanetsi ho sireletsa likhotla M aloko a tsamaiso ea molao a tsoanetsi ho laoloa ke tse latelang: ho re toka e tsoanetsi ho sebelisoa ka tsela e tsoanang ho motho o hle, ho re toka e sebelisoe ka nako; ho re tsebetso ea likhotla e bohlokoa ho sireletsa tokelo le litokoloho tsa botho le tsamaiso ea molao; M aloko a toka ha a tsoanelo ho tlameha ho liketso tsa mekhahlo ea lipolitiki kapa ho amohela li mpho,ba tsoanetsi ho tlameha ho mosebetsi oa bona le ho ba le tsebo ka tsoelopele tsa molao; Khotla ea M olaotheo ke eona khotla e fetang tsohle ho tsamaiso ea litaba tsa M olaotheo; Khotla ea Lingongoreho ke khotla ea li rekoto le khotla ea bofello ea li apile ea Zimbabwe, kantle ha litaba tse tsoanetseng ho laoloa ke khotla ea M olaotheo; Khotla-holo ke khotla ea holimo ea li rekoto; Khotla ea tsa mesebetsi le Khotla ea tsebeletso ea litaba le lirekoto le tsona ke likhotla tsa lirekoto.
Page 17

M atla le ho bupeoa ha likhotla tsa bo maseterata le likhotla tsa, setso le tulisano li ka tlhalosoa ho M olao oa Paramente.

Karolo 2 Ho beoa le Nako ea ho S ebetsa M otho ea tsoanetsing ho ba M oatluli oa li khotla tsohle, nako ea bona ea ho sebetsa le tsela ea ho ba khethela mosebetsi kapa ho ba emisa li hlalosoa ka botlalo ho M olaotheo. M engoaha e amoheloang ho re motho a tsoanele ho khetheloa mosebetsi oa ho ba M oatluli ke ho re o tsoanetsi ho ba a i le a sebetsa a le moatluli ha mengoaha e leng 7 e bile, empa e tloba 10 a tlo sebetsa a le M oatluli oa khotla ea lingongoreho, ea tloba 12 a sebelitse ho ba moatluli oa khotla ea lingongoreho hore a tlo tseba ho ba moatluli oa khotla ea M olaotheo. Baatluli ba tlo khethoa ka tsela e latelang: phatlalatsa mesebetsi; ho mema M ookameli le sechaba ho tlisa mabitso a batho ba batlang hore ba e be baatluli; ho entsoe lihlahlobo tsa bona pepeneneng pel a sechaba; ho lokisoe lenaneo la mabitso a batho ba bararo ba ho sebetsa ofeseng; ho esa mabitso ho M ookameli ho re a khethe le ho bea. Baatluli ba khotla ea M olaotheo ba hlola mengoaha ea ho emisoa ha Baatluli mosebetsing, ho khetheloa mosebetsi oa mengoaha e leng 15 e sa oketsoing. Baatluli ba khotla ea lingongoreho le khotla e holo ba sebetsa hofihlela ba ba le mengoaha e leng 70. M oatluli a ka emisoa mosebetsi fela ha: a sitoa meleng ho sebetsa kapa a loala khopolong; a sa tsebe ho etsa mosebetse oa hae ka tsela e leng pepeneneng; ka maitsoaro a ma be mosebetseng.. M oatluli o emisoa ka taelo e tsoang ho bahlahlobe ba mosebetse oa hae ba beoang ke M ookameli ho etsa seo ebile batsoanetse ho ba ba bararo. M ookameli o tlameha ho latela temoso le taelo ea bahlahlobe bana.

Karolo 3 Komeshene ea tsa Tsebeletso ea Molao Lefapha la tsa tsebeletso ea molao la Jutesheare le tlo lebelloa ke Komeshene ea maleba ebile e etelloa ke Tonaholo ea Boatluli. Ho bupjoa ha eona ho hlalositsoe ka botlalo ho M olaotheo. Ho sebetsa ha eona ho akaretsa: ho lemosa hurumente ho litaba tsa tsamaiso ea molao;

Page 18

thuthuhiso ea boikemelo le boikarabelo ba molao le tsamaiso ea molao e sebetsang ka tsela ea bohlale e bile e se nang tsobotsi; ho bupa melao ea jutesheare. Komeshene e tsoanetsi ho etsa mosebetse oa eona ka toka le ka mokhoa o bong pepeneneng.

KHAOLO 9 Taolo ea Qhobo ea Mesebetsi ea S echaba le Boeteleli (Karolo 194-198) Khaolo e na e laola qhobo ea mesebetsi ea tsamaiso ea sechaba. Litaolo tse li anetsa hurumente le mafapha a eona ohle, balaoli ba likhaolo, likampani tsa hurumente le likhaolo tse li sebelisanang le eona le batho ba sebetsang ho mafapha a sechaba ana. 1 Tsebohlokoa Ho tsamaiso ea sechaba, tse latelang li tsoanetsi ho hlokomeloa ka nako tsohle: tse bohlokoa tsa temokerase tse tlhalosoang ke M olaotheo ona; boithuti le kemiso tsa boitsoaro; bokhone le khumo; ho emela nete le tekano; karabo ea potlako ho tse hlokoang ke batho; tsamaiso ea litsebeletso e finyellehang, e pepeneneng le boikarabelo ebile lokisisa lihlokoa tsa tsoelopele; kamano ea sechaba ho bupjoeng ha melao. pele ho tsoanetsi ho thuthuhisoa tsa melaoana ea ho tsamaisa qhobo ea tsa mesebetsi e tlo holisang mesebetsi, ho rutoa mesebetsi le lithuthuhiso tse e thehileng ka bokhone le farohano ea sechaba, empa botsoaneli bo tla pele. Ho lekana ha banna le basali le ho akaretsa batho banang le bohole (karolo 194) 2 Mafapha le likampani tsa hurumente Likampani tsa hurumente litsoanetsi ho sebetsa ka tsoelopele li be le lipurofete ebile li laoloe ke molao oa taolo ea li kampani. Tsa ho reka le ho thola lisebelisoa litsoanetsi ho etsoa ka tsela ea botsepehi le ka hlolisano Baeteleli le basebetse li ofeseng Baeteleli le ba le ofese tsa sechaba ba e tsa mosebetsi ho khutsa sechaba. M aitsoaro a bona a tsoanetsi ho sepelelana le M olaotheo.Ba tsoanetsi ho hlompha batho, ba se ke ba ba busa empa ba tsoanetsi ho ba sebeletsa.

Page 19

Ba holo ba li ofese

Nako ea ho sebetsa ha ba holo ba le ofese tsa mafapha le likampani tsa hurumente ba ka fokosetsoa nako ho sebetsa ke molao 5 ho sebetsa ha melao ea maitsoaro

M olao o tlo ruloa o reng: Ba sebetsang li ofeseng tsa sechaba ba tsoanetsi ho tsebisa ka phahlo kapa khumo ea bona; Thlalosang melao ea maitsoaro Beakanyang boitsoaro le taolo e tsoanetsing ea mafapha le likampani tsa hurumente.

KHAOLO 10 Tsebeletso ea sechaba (karolo 194 205) 1 Tsebeletso ea sechaba M aloko a tsebeletso ea sechaba ke batho ba bahiriloeng ke Hurumente. Kantle ha mapolesa, masole, ba literonko, maloko a jutesheare le basebetsang Paramente. Ho tsamaiso ea mosebesi oa bona, basebetsi ba sechaba ba tsoanetsi ho: ho latela M olaotheo; ho sa retsa taelo tse li seng molaong; Ho se latele tsa mekhahlo ea tsa lipolitiki; Ho hlompha litokelo le litokoloho tsa batho bohle. Ba sebetsi ba sechaba ha ba tsoaneli ho nka malulo ho mekhahlo ea tsa politiki.

2. Komeshene ea basebetsi ba sechaba Tsamaiso ea basebetsi ba sechaba etla laoloa ke Komeshene ea tsamaiso ea basebetsi ba sechaba. M aloko a komeshene ea sechaba ba tsoanetsi ho ba le boithuti bo tsoanelang mosebetsi oa bona ho e tsa mosebetsi oa bo komeshene ebile ba khethoa ke M ookameli. M osebetsi oa bona o akaretsa peo, melao le tsamaiso ea mosebetsi,ho lokisa meholo,boitsoaro le hlolisiso ka lingongoreho tsa basebetsi ba sechaba. Komeshene e lemosa hurumente ka litaba tsa tsamaiso ea mosebetsi oa sechaba. Ho beakanyeng meholo le tsela ea ho sebetsa basebeletsi ba tlo ba letokelo ea ho bolelisana le mohiri oa bona.

Page 20

3.

Mangosa ho a mangoe mafatse Baemeli ho a mangoe mafatse bakhethoa ke M ookameli e bile basebetsa ka thato ea hae.

Bangoli ba liMinisetere ba ka mehla Bangoli ba ka mehla ba tla khethoa ke M ookameli ka moraho ha ho buoisana le Ba sebetsa ha mengoaha e leng 5 e ka oketsoang hangoe fela ka khotsofalo ea bokhone joa mosebetse.

KHAOLO 11 Tsebeletso ea tsa Tsireletso (206 -210) Karolo 1 1 Ho bupjoa le maikarabelo a tsa tsireletso Tsamaiso ea tsireletso ea sechaba e akaretsa masole, mapolesa, tsa literonko, le tsa bohloli le tse lingoe tsa le tsamaiso tsa tsireletso tse lumelletsoeng molaong. maikarabelo a bona ke tsireletso ea lefatse ebile mosebetsi ona otsoanetse ho etsoa ka tatelo ea M olaotheo le hlompho ea litokelo le litokoloho tsa botho. Ba tsoanetsi ho hlompha tsamaiso ea molao.

Maloko a tsa tsireletso Ha ba e tsa mosebetsi oa bona, maloko a tsebeletso ea tsireletso a lebelletsoe: Ho latela M olaotheo; Ha ba tsoaneli ho ba maloko a mekhahlo ea tsa politiki kapa ho nka litulo mekhahlong ea tsa politiki; Ba se sebetse ka tatelo ea mekhahlo ea tsa politiki; ho hlompha tse bohlokoa tsa litokelo tsa botho le litokoloho tsa baahi; Ba se sebetse ho mafapha a tsebeletso ea sechaba kantle fa ho hlahile kotse hara sechaba. Kansele ea Tsireletso ea S echaba.

Page 21

Ho tla ba le kansele ea tsireletso ea Sechaba e tla bang le mosebetsi o akaretsang ho e tsa melao ea tsireletso ea lefatse. E tla bupjoa ke M ookameli, Batlatsi ba M ookameli le a mangoe maloko ka tsamaiso ea molao.

4.

Lingongoreho Lingongoreho ka maloko a tsa tsireletso li tlo tsoaroa ke mafapha a boikemelo a tlhobohaneng le tsa tsebeletso ea tsireletso.

Karolo 2 Tsa bosole (likarolo 211 218) 1 Libopeho Tsebeletso ea tsa bosole e akaretsa, masole kaofela le masole a lifofane. Tse lingoe lihlopha li ka bupjoa ka tatelo ea molao. E tsoanetsi ho sireletsa sechaba ebile e tlameha ho: ba le sebopeho sa sechaba; supa ho rata lefatse; sebetsa ka tsela etsoanetseng bosole; ho se lateli litakatso tsa mekhahlo ea tsa lipolitiki; ho thusana le bo busi joa taolo ea batho e seng ea bosole; ba le maitsoaro a mantle.

Horumeloa M ookameli e bile a le M olaoli- moholo oa masole a ka laola thumelo ea masole ntoeng: ho sireletsa lefatse; hore ho tsohe meferefere har a sechaba; ho thusa a mangoe mafapha a sechaba ka nako ho hlahile kotse; Ntle ha Zimbabwe ho ea sireletsa litakatso tsa lefatse kapa ho tlatsa litumelloano le mangoe mafatse. Ho rumeloa ha masole ho tsoanetse ho etsoa ka khotsofalo ea Paramente, fa e se khona thumelo e a emisoa.

Balaoli Balaoli ba M asole: Ba beoa ke M ookameli a lemosana le M inisetere ea maleba


Page 22

Ha ba sebetse ha themu e fetang lilemo tse 5 ebile e ka oketsoa ha ngoe fela. Balaola ka molao o beiloeng le totiso ea M inisetere ka tumello ea M ookameli.

Komeshene ea tsebeletso ea Bosole M asole a sebetsa ka tlase ha Komeshene ea tsamaiso ea tsa bosole. M aloko a Komeshene a tsoanetsi ho ba a loketsi mosebetsi oa ho sebetsa joale ka li Komeshenara e bile ba khethoa ke M ookameli; M osebetsi oa eona o akaretsa: Peakanyo le taolo ea ho sebetsa ; ho lokisa ka meholo ea maloko a masole a tsireletso; ho e tsa ho re ho be le ho sebetsa ka khotso ha re ha masole le sechaba; ho lemosa hurumente ho li taba tsa bosole.

Karolo 3 Mapolesa (219 -223) 1. Mapolese M osebetsi oa bona ke oa ho: ho boloka molao le taelo le tsireletso ea ka hare; ho sireletsa batho le phahlo; Ho tsoanetsi ho: ba le sebopeho sa sechaba; supa lerato la lefatse; sebetsa ka tsoanelo ea bo polesa; se lateli litakatso tsa mekhahlo ea tsa politiki ; hlompha taolo ea sechaba.

2.

Komeshenara Komeshenara o: khethoa ke M ookameli moraho ha ho buoisana le M inisetara oa teng; sebetsa ha mengoaha e leng 5 e ka oketsoang ha ngoe fela; ho ka etsahala ho re a se ke a khethoa ho laola tsa tsamaiso ea tsireletso; laola katlase ha tsamaiso ea M inistara ka tumello ea M ookameli.

Page 23

3.

Komeshene ea tsamaiso ea Mapolese Tsamaiso ea tsebeletso ea M apolesa e laoloa ke Komeshene ea tsamaiso ea M apolesa. M aloko a Komeshene atsoanetsi ho lokela ho sebetsa joale ka li Komeshenara e bile ba khethoa ke M ookameli. M osebetsi oa o na a akaretsa: peo le tokiso ea tsamaiso ea mosebetsi; ho lokisa ka meholo ea maloko a M apolesa; ho etsa ho re ho be le kutloano hare ha mapolesa le baahi; ho lemosa hurumente ho litaba tsa M apolesa.

Karolo 4 Tsebeletso ea tsa bohloli (karolo 224 -226) 1. Tsebeletso ea tsa bohloli Tsebeletso ea tsa bohloli e tsoanetsi ho e tsoa katlase ha molao kapa le ka taelo ea M ookameli kapa Kabenete. Batsoanetsi ho: ba le sebopeho sa sechaba; supa ho rata lefatse; sebetsa ka tsela e tsoanelang bohloli; ho se e tlame ho tsa mekhahlo ea tsa lipolitiki; 2. Taelo M olaoli oa tsamaiso ea ba hloli khethoa ke M ookameli; sebetsa ha mengoaha e leng 5e ka o ketsoang ha ngoe fela; ho ka e tsahala ho re a se ke a beoa ho laola tse lingoe li tsebeletso tsa tsireletso; laola ka tlase ha taolo oa M inisetara ka tsela e beiloeng ke M ookameli ho hlompha taolo ea sechaba.

Karolo 5 Tsa tsebeletso ea tsa literonko (likarolo 227 231) 1. Tsebeletso M osebetsi oa eona ke a ho: sereletsa sechaba ho ba senyi; ho e tsa tsamaiso ea li teronko; Tsebeletso e tsoanetsi ho:
Page 24

2.

ba sebopeho sa sechaba; ba botsephehi; boithuti; ho se amane le mekhahlo ea politiki; hlompha taolo ea sechaba.

Komeshenara oa literonko Komeshenara khethoa ke M ookameli ka moraho ha ho buoisana le M inisetara; sebetsa ha mengoaha e leng 5 e ka oketsoang ha nako e ngoe fela; ho ka se etsahala ho re a beoe ho laola tse lingoe le tsamaiso tsa tsireletso; o laola ka totiso ea M inisetara ka tumello ea M ookameli.

3.

Tsebeletso ea tsa literonko Tsebeletso e laoloa ke Komeshene ea tsa literonko. M aloko a Komeshene a tsoanetsi ho ba le boithuti bo tsoanetsing ho re ba sebetse joale ka li Komeshenara e bile a khethoa ke M ookameli; M osebetsi oa tsona ke oa ho: bea le ho sebetsa ka tsamaiso ea ho sebetsa; lokisa ka moholo oa maloko a mosebetsi; e tsa ho re ho be le kutloano ha re ha tsa literonko le baahi; lemosa hurumente ho litaba tsa tsebeletso ea literonko.

KHAOLO 12 Le Komeshene tsa boikemelo tse tsehetsang temokerase Karolo 1 Tse lingoe (likarolo 232 237) 1. Libopeho tsa liKomeshene Ke tse 5 tse e leng: Komeshene Komeshene Komeshene Komeshene Komeshene

ea likhetho tsa Zimbabwe; ea le tokelo ea Zimbabwe; ea tsa botsehali le botona ea Zimbabwe; ea tsamaiso ea litaba ea Zimbabwe; ea Khotso le Tebalelano.

Ba tla sebetsa ho tsehetsa temokerase ka :


Page 25

Ba tlo:

tsamaiso ea tokelo ea botho le temokerase; ho sireletsa boipuso le litakatso tsa baahi; ho tsehetsa tsa M olaotheo; ho tsehetsa tsebetso e se nang sephiri le maikarabelo ho liboka tsa sechaba; ho fumana hlokomelo ea tse bohlokoa ho liboka tsohle; ho netefatsa litokisiso tsa tse senyehileng. sebetsa ka boikemelo ba litsela tsohle ho se na;ho tsaba,tsitso, bo kapa khatheletso; ba le boikarabelo ho Paramente; ba le tsoanelo ea thehetso e tsoang ho mafapha a hurumente ho sireletsa boikemelo joa bona.

2.

Maloko a liKomeshene M aloko a le Komeshene a beoa ke M ookameli empa Paramente le sechaba kaofela se ameha ho tseo. Ba na le tsireletso ea ho sebetsa ha bona. M aloko a tsoanetsi ho: latela taolo ea M olaotheo; sebetsa ka tsela e se nang ho e theha ka le hlakore le lengoe; se be le mokhahlo oa tsa le politiki; se senye tokelo tsa botho tse bohlokoa kamong le le tokoloho tsa baahi.

Karolo 2 LiKomeshene tsa likhetho (likarolo 238 241) 1. Maloko a Komeshene ea likhetho M olula setulo a leng M oatluli, a e leng a ba M oatluli kapa motho a lokelang ho beoa joale ka M oatluli, o beoa ke M ookameli moraho ha ho buoisana le Komeshene ea tsamaiso ea M olao Paramente le kamano le sechaba. A mangoe maloko a leng robeli a khethoa ke M ookameli le Paramente ka kamano le sechaba. Ba tsoanetsi ho ba baahi. Ba tsoanetsi ho ba batho banang le nnete. Ba tsoanetsi ho beoa ha mengoaha e leng 6 e ka oketsoang ha ngoe fela.

Page 26

Mosebetse oa Komeshene E na le maikarabelo a ho qhoba tsa likhetho tsa bookameli, lipurofense, likhaolo le litoropo ho ngoe le tsa lekhutla la likhosi le lireferantamo, ho akaretsa: Ho ngolisa ha ba bouti Ho lokisisa lenaneo la mabitso a ba bouti; Ho arola likhaolo; Ho qhoba lithutho ka tsa likhetho; Ho hlahloba lingongoreho; Ho repota ka qhobo ea khetho ho se na tieho.(likarolo 238 241)

Karolo 3 Komeshene ea litokelo tsa botho (likarolo 242 -244) 1. Maloko a Komeshene ea litokelo tsa botho: M olulasetulo, a leng moatluli, a e leng a ba moatluli, o beoa ke M ookameli moraho ha ho buoisana le Komeshene ea tsamaiso ea M olao ka kamano le sechaba. M aloko a leng robeli a beoa ke M ookameli le Paramente le sechaba. Ba tsoanetsi ho ba batho ba botsepehi.

2.

Mosebetsi oa Komeshene E tlamehile ho: tsehetsa phatlalatso ea tsebiso le hlompho ea tokelo tsa botho ho sechaba sohle; lesa hlokomelo ea tokelo tsa botho; a mohela lingongoreho le ho le lokisisa ka tsoanelo; sereletsa sechaba ho hurumente e sebelisangmatla a puso ka tsela empi; kamong le leboka le l basebetsi ba eona; hlola ka tsamaiso e senyang tokelo tsa botho; batla tokisiso e tsoanetsing; laea Komeshenara oa M apolese ho hlola ho senyoa ha litokelo tsa botho; etela le ho hlola literonko le tse lingoe lipoleke tse hlahleloang batho; batla le repoto ho motho le ha a le mang kapa seboka ka tsamaiso ea litokelotsa botho kapa ho batla tsebo ea ho tsebisa mafatse o hle; ho esa li repoto Paramente.

Page 27

Karolo 4 Komeshene ea botsehali le botona (likarolo 245 247) 1. Maloko a Komeshene ea Botsehali le botona 2. M olulasetulo le ba bangoe barobong ba beoa ke M ookameli le Paramente kamano le sechaba. Batsoanetsi ho ba le bonnete le ho ba le kutloisiso ka tsa botsehali le botona.

Mosebetsi oa Komeshene M osebetsi oa eona o akaretsa ho: lisa tekano ea tsa botsehali le botona; hlola ka tsa ho senya; tsehetsa phatlalatso le ho hlompha tokelo tsa botho ho sechaba sohle; lisa hlokomelo ea tokelo tsa botho; amohela lingongoreho le ho etsa tse tsoanetseng ka tsona; lemosa sechaba le liboka ka tse tsoanetsing ho etsoa ka tekano ea botsehali le botona; bolela ho re batho bohle bafumane ka mo ho tsoanang le ho sekisoa ha melato; batla tokisiso ho melato e eleng ea e tsoa; esa repoto ho Paramente.

Karolo 5 Komeshene ea tsamaiso ea litaba (248 250) 1. Maloko a Komeshene ea tsamaiso ea litaba M olulasetulo le maloko a robeli a beoa ke M ookameli le Paramente kamano le sechaba. Batsoanetsi ho ba batho ba nnete ba utloisisang ka litaba tsa tokelo tsa batho le tsa tsamaiso ea litaba.

2.

Mosebetsi oa liKomeshene

M osebetsi oa eona ke oa ho: tsehetsa tokelo tsa tsamaiso ea le taba; tsehetso ea ketso e ntle le tse le tlotloang;

Page 28

lisa ho phatlalatsa le taba ka tse thabeloang ke sechaba le tsebetso ea boitsoaro ha ba sebetsi ba litaba;tekano e abo tsehali le botona; amohela lengongoreho le tokisiso ho basebetsi ba litaba; ba le nnete ea ho re sechaba se ea finyelela tsebo ,tsehetso ea ho hlolisanale ho seeana ha le taba; khothatsa tsebeliso ea puo tse a mohelehang; repoto ho Paramente.

Karolo 6 Komeshene ea sechaba ea khotso le tebalelano (karolo 251 -253) 1. Nako e tla sebelisoa ho mengoaha e leng 10 ho lateloa ho qala ha ho sebelisoa ha M olaotheo ona. Maloko a Komeshene ea tsa khotso,le Tebalelano M olula setulo a leng M oatluli, a e leng a ba M oatluli kapa motho a lokelang ho beoa ho ba M oatluli, o beoa ke M ookameli kamoraho ha puisano le Paramente le sechaba. M aloko amangoe a leng robeli a beoa ke M ookameli le Paramente kamano le sechaba tsoanetsi ho ba motho oa botsepehi, a nang le tsebo ka mosebetsi oa bolamuli,tsoarano,ho thibela lintoa le ho tsamaisa mesebetse. Mosebetsi oa liKomeshene E tsoanela ho: tiisa ka tsa khotso moraho ha lintoa,pholiso le ho tsoarelana; ho hlola le ho emisa mananeo a tsa tebalelano,pholo ea sechab, tsoarano, le ho felisa lintoana ka khotso le ho bea litsela tsa ho bolelisana; khuthatsa puo tsa nnete ka meferefere e i le ea e tsahala holeka ho finyelela ho tsoarelana,tokisiso hobane ho be le khotso. Ho qala mananeo a tsa pholiso le kalafo le theho. tsoeletsopele ea litsela tsa ho lemoha meferefere le li phapano le tsela tsa ho li thibela; tokiso le ho lamola le ntoa; amohela lingongoreho le ho ba le tsela ea ho li lokisa; ho esa li repoto Paramente.

2.

3.

Page 29

KHAOLO 13 Mafapha a ho loantsana Bobolu le Melato Karolo 1 Komeshene ea ho emelana le bobolu ea Zimbabwe (likarolo 254 257)

1.

Maloko a Komeshene ea Ho Loantsa Bobolu M olula setulo le a mangoe maloko a ma robeli ba beoa ke M ookameli le Paramente le sechaba. Ba tsoanetsi ho ba batho ba nnete le tsebo la ho hloloa letsekiso ea melato Batsoanetsi ho: sebetsa ka boikemeli,basa tsabi,ba se na tsetso,ho se na a kenelang; ba le maikarabelo Paramente ho e tsa ho re ba be le bohlale mosebetsing; fumana tsehetso e tsoang ho mekhahlo eohle ea hurumente ho sireletsa boikemelo ba bona. Ba na le tsireletso ea mosebetse oa bona.

2.

Mosebetsi oa Komeshene M osebetsi oa eona ke oa ho: hlola, ho bobolu koaholla ho mekhahlo ea sechaba le tse le seng tsa sechaba; loantsana le bobolu,bopatsoa,ho omanya matla a mosebetsi le tse lengoe le tsela tsa boitsoaro bo sa a mohelehing; tsehetsa botsephehi,boitsoaro ho tsebetso ea cheletele le tsamaiso e se nang sephiri; a mohela le ngongoreho le tsoang ho sechaba le ho ba le tsela ea tokiso; supisa Komeshene tsa M apolesa ho hlola bobolu le ho repota ho Komeshene nea li tsela tsa ho loantsana le bobolu; repota Paramente. Hurumente e tsoanetsi ho ba le nnete hore Komeshene e lemose ho re ba senyi ba tsoaroe le ho sekisoa

Page 30

Karolo 2 Lefapa la S echaba la ho Rera Melato (Karolo 258-263) 1. Lefapha

Le na le maikarabelo a ho qhoba litseko tsohle, ebile le okameloa ke M osekisi- moholo anang le maemo a tsoanang le a moatluli oa Khotlaholo ea lingongoreho.

KHAOLO 14 Puso ea liPurofense le likhaolo (likarolo 264 266) 1. Ho abela matla a puso likhaolong Ho abeloa matla a puso ho lipurofense le likhaolo ho e tseloa hore ho be le kamano le baahi bohle ba Zimbabwe. Seo ha se hore ho tlo bakela ho se tsoarane le arohanyo ea sechaba. Lipheo ke tsa ho: thusa batho ba leng ho puso ea metse hobane ba oketse tlamo ea bona ho etsang thero le ho matla a mmuso; Hlokomela le tokelo tsa baahi ba metse ho re ba be le boikemelo; Ba e tlame ho tsamaiso ea karohanyo ea khumo ea likhaolo le ea sechaba kaofela le ho ba le mothapo oa chelete o teileng ho puso tsa metse;

2.

Tsamaiso ea puso ea liPurofense le Likhaolo Tsamaiso ea puso ea metse e tsoanetsi ho: re ho ba le puso e ntle ka ho etsa hantle le ka botlalo,ho se e tse lilo sephiring le kutloano mekhahlong; etsa fela tse tsoanetsing ho etsoa; laola fela ho khaolo ea tsona; utloana le bangoe ba laoli ka ho rerisana; tumeleloano; kutloano tsamaisong ea tse li etsoang ka tsela tse sieaneng balatela molao o tsoanetsing; re boemeli ba batho le khaolong bo ea lekana.

3.

Basebetsi ba li puso ba lipurofense le likhaolo Ba tsoanetsi ho:


Page 31

hlompha M olaotheo; re ba se ke ba ba le bululo ho mekhahlo ea lipolitiki; ho se be le mokhahlo ho tsa lipolitiki; hlompha tokelo tsa botho tse bohlokoa le litokoloho tsa baahi.

Karolo 2 Likansele tsa liPurofense le liToropo (likarolo 267-273) 1. LiPurofense le li teserekete Ho tla ba le le Purofense tse 10, ke tse latelang: Bulawayo M etropolitan; Harare M etropolitan; M anicaland; M ashonaland Central; M ashonaland East; M ashonaland West; M asvingo; M atabeleland North; M atabeleland South; and M idlands. Arohanyo ea liteserekete le tla laoloa ke molao.

2.

3.

LiKansele tsa li Purofense E ngoe le e ngoe purofense e tla ba le kansele ea eona e bupiloeng ka tsela e latelang: batho bohle ba leng maloko a paramente ba tsoang ho purofense eong; ma meara ohle le baluli le tulo ba puso tsa likhaolo tsa purofense eong; moluli setulo a khethiloeng ke maloko a boletsoing a khethiloeng ke mokhahlo oa politiki ka bongata ba M aloko a Kopano ea Sechaba ho Purofense Likansele tsa liToropo E ngoe le e ngoe kansele ea litoropo e bupiloe ka tsela e latelang: batho bohle ba leng maloko a Paramente e bile batsoa ho Purofense eong; le meara tsohle le le ba tlasi ba bona le baluli ba li tulo ba le khaolo tsa purofense; ho toropo ea Bulawayo, moluli setulo oa kansele o tla ba meara oa toropo ea Bulawayo;
Page 32

ho toropo ea Harare, moluli setulo oa kansele o tla ba meara oa Harare le M otlasi oa hae o tla ba meara kapa moluli setulo oa pusoea toropo e latelang ka boholo ho purofense.

4.

5.

Mosebetsi oa li kansele oa li purofense le litoropo M osebetsi oa bona o akaretsa tsoelopele ho tsa tulisano le khumo; ho kopanya lepolane tsa hurumente le ho lesebetsa; ho laolo tse fumanoang tsa naha; ho e tlama ho tsebeletso ea tse fumanoang; basebetsi ba kansele ba tlo khethoa ho lateloa tsamaiso ea molao; likansele le na le maikarabelo ho batho ba purofense le ho hurumente. Balulatulo ba li kansele tsa lipurofense le litoropo Batsoanetsi ho ba baloketsi ho ba M aloko a Paramente. M olulasetulo oa Kansele ea Purofense o tla khethoa ke Kansele ea Purofense a khethoa ho batho ba babeli ba mabitso a tsoang ho mokhahlo onang le litulo tsengata kapa li bouti tse fumanoeng ho khetho ea maloko a purofense a leng ho Seboka sa Sechaba; Ba ka e misoa mosebetsi ke mokhahlo oa boikemelo ka baka la ho sitoa ho sebetsa,ho hloka boitsoaro bo bontle, ho sa tsepheha, bobolu, kapa ho sebelisa matla a bolulo ba mosebetsi ka tsela e tsobotsi le ho senya molao

Karolo 3 Boipuso ba metse (likarolo 274-279) 1. Puso ea litoropo Ba tla ba le boikarabelo ho tsamaiso ea litoropo. E tla bupjoa ke ma kansela a khethiloeng ke baluli ea laoloa ke limeara kapa baluli litulo. Ha meara a tla pateloa, o tsoanetsi ho khethoa ke ba bouti bamong. Puso ea likhaolo Ba tla tlameha ka litaba tsa metse. Khetho ea makansele, baluli litulo le tsebo ea boithuti joa bona e tsoanetsi ho lumelelana le molao. Tsamaiso ea puso ea likhaolo Ba tlo ba le matla a: ho bupa melao ea tsamaiso ea tsebeletso tsa likhaolo; ho laola tsamaiso ea methelo le ho sebelisoa ha eona.

2.

3.

Page 33

Khetho tsa tsona litsoanetsi ho etsoa ka nako etsoanang le ea likhetho tsa sechaba. M a meara le balula litulo, kantle ha ba bakhethethiloeng ke batho, a khethoa ho mokopano oa ho qala oa kansele. M aloko a kansele ba lahleheloa ke bolulo ka tsela e tsoanang le ea maloko a Paramente e bile ba ka emisoa ke maloko a boikemelo ka ho paleloa ho sebetsa, boitsoaro bo sa amohelehing, ho hloka botsephehi, bobolu kapa ho sebelisa matla a mosebetsi ka tsela e sa tsoanelang le ho senya molao.

KHAOLO 15 Mahosi le ba eteleli ba setso (likarolo 280 287) 1 Tlutlo Khaolo ena e tlutla bohosi ka fase ha molao oa setso, setso le molao oa setso lilaoloa ke likhosi ka thusano le borametse ba laolang likhaolo tsa bona. Lefapha la bohosi le sebetsa ka boikemelo

Baeteleli ba setso Batsoanetse ho: Sebetsa ka tatelo ea M olaotheo; E itsoara ka tsela e sa lireleng mokhahlo oa tsa politiki a sele; Ba se khethulle ka tsa politiki; Se senye litokelo le litokoloho tsa motho mang le mang; Balaole batho ba bona ka tsepelelano le M olaotheo; Batsoare batho likhaolong tsa bona ka ho tsoana le ka toka.

M esebetse ea bona e akaretsa: Ho hlokomela setho, mekhoa, le setso letsebo le khumo ea likhaolo tsa bona;Thuthuhiso ea bophelo joa batho lipholeng; Thuthuhiso ea tsoelopele; Ho lamola lintoana ka tulisano ea batho. Ba beoa ba tlosoa: Ke M ookameli; Ho ea ka molao le mekhoa ea setso sa mofuta oa sechaba sa habo bona; Ka temoso ea lekhutla la Purofense la Kansele ea likhosi le M inistara;
Page 34

Ho senang le tsa politiki. M oholo oa bona o beoa ka molao le tumello ea M ookameli.

3 S eboka sa likhosi sa sechaba le tsa lipurofense Liboka tsa likhosi, sa Sechaba le sa lipurofense li tlo emisoa ka semolao; Likhetho tsa M ookameli le M otlatsi oa Seboka sa likhosi o qhojoa ke Komeshene ea tsa khetho. Ba beoa ha lingoaha tse 5 li ka oketsoa hangoe Ho khetheloa ha likhosi ho seboka sa sechaba sa likhosi ho tsoanetsi ho etsoa ka molao ebile purofense engoe le engoe e tsoanetse ho emeloa hantle . Liboka tsa lipurofense likhetha likhosi tsa tlo bang li Senetha. M esebetse ea bona e akaretsa: Thuthuhiso le tsireletso ea setso le mekhoa; Ho emela li takatso tsa mahosi Ho beakanya le ho bona tatelo ea maitsoaro a baeteleli ba setso.

4 Komiti ea maitsoaro Komiti ea liKhosi ea Botsepehi le M aitsoaro a tsoanelang, e tlo bonang ka thuthuhiso ea maitsoaro a bokhabane le botsepehi ho baeteleli ba setso, e lamola lintoana hara likhosi le ho hlahloba litsolo tse qosoang baeteleli ba setso.

KHAOLO 16 Mobu oa Temo (288 297) 1 Molao ka tsa mobu oa temo Baahi bohle ho sa khethulloe ka mofuta batsoanetsi ho fumana le ho fetisetsa pele mobu oa temo. Kabo ea mobu etsoanetse ho etsoa ka tekano le toka e latela tsena: hore mobu ke khumo ea ka mehla; tekano ea tsa botsehali le botona; litakatso tse farohaneng tsa sechaba ho sebelisoa ha ona ho tsoanetse ho tlisa tsireletso ea lijo le mesebetse ka hlokomelo ea ho bolokela sechaba sa hosasa mobu
Page 35

tokelo ea ho lula le ho sebelisa mobu ha e nkeke ea nkeloa motho ho sena mabaka.

Litokelo tse bong teng ka mobu oa temo bo mong joa mobu o nkiloeng ke 'M uso ka lenaneo la ho nkioa ha mobu ha bo fetohi poseletso ho mobu o nkiloeng ke M uso e tlo etsoa fela ho mobu: nkiloeng ho batho ba Zimbabwe ka hlaho; le tsirelelitsoeng ke tumelloano har a mafatse; Litokelo tse filoeng bao ba abetsoeng mobu ka lenaneo la kabo lesoa ea mobu ke M uso li a hlompjoa.

Litokelo ka mobu M ahato a tlo lateloa ho fa bao ba abetsoeng mobu ka semolao tsireletso ea ho lula le ho sebelisa mobu o baleng ho ona M uso o ka fetola bong joa mobu, le ho hirisa mobu ho thola sengoe, kapa ho fana ka engoe tokelo ka tsa mobu. Fela mobu o mongoe o ka neoa motho le bana ba hae ha ngoe fela Beng ba mobu ba ka fa tokelo ea bona ka tsa mobu oa temo.

Komeshene ea tsa Mobu M aloko a khethoa ke M ookameli Bana le tsireletso ea nako ea ho sebetsa ha bona M osebetse oa eona o akaretsa: Ho bona ka tsa ho tsamaisoa ha tsa mobu ka toka le ka tsoanelo Ho qhoba lihlahlobo tsa mobu; Ho tiisa molao oa hore motho mongoe le mongoe kapa phole engoe le engoe e fumana fela mobu o mongoe Litemoso ka ka ha melao ea tsa mobu, kabo ea ona, tsebeliso, boholo joa mobu, poseletso tse tsoanetseng le ho nkioa ha mobu; Ho etsa hore ho be bobebe ho abioa le ho fetisetsoa pele ha mobu.

Page 36

KHAOLO 17 Tsa lichelete (likarolo 298 317) 1 Ho tsoaroa ha lichelete Ho bolokoeng le ho laoloeng ha lichelete tsa sechaba: Chelete e tsoanetse ho tsoaroa le ho sebelisoa ka hlokomelo ebile le ka tsoanelo le bohlale; Tsamaiso ea tsa lichelete e tsoanetse ho lebisoa ho tsa thuthuho ea lefatse; Joko ea hafo etsoanetse ho roaloa ka tekano; Chelete eohle ea sechaba etsoanetse ho abjoa ka tekano har a hurumente oa muso, oa lipurofense le oa litoropo; M oroalo le li tholoa tsa khumo litsoanetse ho abeloana ka tekano har a sechaba sa kajeno le sa hosasa; Lirepoto ka tsa lichelete litsoanetse ho utloisiseha; Likalimo tsa lichelete litsoanetse ho etsoa ka tsela e utloisisehang ebile ho e le hore litlo thusa lefatse.

Maikarabelo a Paramente ho tsa lichelete Paramente etsoanetse ho laola le ho hlokomela tsebeliso ea chelete ea sechaba. Ho nka likoloto tse fetisisileng, ho oketsa sekoloto sa sechaba le li tlamo ka tsa lichelete ke M uso ha li ea tsoanela ho etsoa ntle le tumello le khotsofalo ea Paramente. Paramente etsoanetse ho tsebisoa ka likoloto tsa hurumente le maikarabelo a M uso amangoe a tsa lichelete tsa boitlamo.

Kabo ea lichelete Kabo ea lichelete etsoanetse ho lekana ho lipurofense le likansele ho lebeletsoe tsena: Litakatso tsa sechaba; Li lateloa tse tsoanelang ho likoloto tsa lefatse; Lihlokoa tsa hurumente oa ka hare; Hlokahalo ea litsebeletso tse bohlokoa lipolekeng tse sa thusoing ho tsoana le tsengoe; M atla a lichelete le ho khona ho lisebelisa ke lipurofense le li kansele tselingoe; Ho fapana le ho sa lekana ha lekhumo la lipurofense
Page 37

Chelete e seng ka tlase ha li pesenti tse 5% ea chelete ea sechaba ngoaheng o fe kapa o fe etsoanetse ho abeloa lipurofense le tsengoe likansele.

Chelete ea sekhoama sa sechaba Eohle chelete ea M uso etsoanetse ho pateloa ho Sekhoama sa Sechaba kantle ha molao o lumella se sengoe. Chelete e ka tlosoa sekhoameng sa Sechaba ka taelo ea M olaotheo le molao. Lipalo tsa ho fumanoa le ho sebelisoa ha chelete ho tsoanetse ho lumelloa ke Paramente ka ngoaha. Tsengoe lichelete li ka lumelloa ho sebetsa fa e le hore ho ne ho abetsoe chelete e sa anelang kapa ho na le hloko ea hore ho abeloe engoe chelete, e le hore ke hloko e ne e sa ka ea abeloa chelete pele. Ho na le kemiso ho lumeleleng tsebeliso ea chelete ho tse sa tsejoeng hore li ka hlaha e fela tumello e tsoanetse ho fumanoa ka kupo ea kokeletso. Tumello ea ho sebelisa chelete e ka etsoa ka M olao oa Paramente.

Chelete le phahlo ea sechaba chelete le phahlo ea sechaba litsoanetse ho sireletsoa ebile li sebelisoe ka tsoanelo ho lintho tse lumelletsoeng ebile tsebong molaong. Etsoanetse ho sireletsoa ho tatleho, pheliso, tsenyeho le komanyo. M ahato a molao a tsoanetse ho nkeloa motho o fe le o fe a senyang tsena.

Mohlahlobe moholo oa lichelete

Ofese ke ofese ea sechaba ea boikemelo. M ohlahlobe moholo oa lichelete o na le maikarabelo a: Ho hlahloba lichelete, tsamaiso le ho tsoaroa ha eona ka mafapha a M uso Ho etsa lihlahlobo tsa tsebeliso ea lichelete ke li kampani tsa hurumente tse sebetsang ka boikemelo le mangoe mafapha a bong kafase ha taolo ea M uso. A lemosa le ho laela litokisiso tse tsoanetseng ho tsoaroeng ha chelete ea sechaba. M ohlahlobe moholo oa lichelete o beoa ke M ookameli ka ho kholoa ke Paramente tsoanetse ho ba moahi
Page 38

Nako ea ho sebetsa ke lilemo tse 6, ebile a ka se sebetse ha mengoaha e fetang 12. M oholo oa hae o beoa ke molao ka tumello ea M ookameli. Ho beoa le maemo a ho sebetsa ha ba basebetsang le M ohlahlobi moholo oa lichelete o etsoa ke seboka ka fase ha molao oa seboka se beetsoeng jena.

Ho rekoa ha li phahlo M olao o tsoanetsi ho hlalosa ho rekoa ha liphahlo

Mafapha a Muso M olao o tsoanetse ho beakanya hore mafapha a semuso a laoloe ka tsoanelo ebile balaoli ba ona ba se sebetse teng ha nako tse telele tse ka oketsoang fela ha basebelitse ha botse.

Banka ea Resefa ea Zimbabwe Banka ea Resefa ea Zimbabwe e tlo laola tsa tsebeletso ea tsa lichelete, ea tsireletsa chelete ea Zimbabwe le ho beakanya melao ea tsa tsamaiso ea lichelete e tsoanetsi ho ba hona ka semolao.

KHAOLO 18 Likoketso tse lingoe Karolo 1 Likoketso tsa li Komeshene (likarolo 318 323) 1 Likomeshene Likomeshene tsohle: Li na le siemo sa boikemelo; Fela likomeshene tsa boikemelo, ea tsa molao, ea tsa ho loantsa bohlasoa le bo bolu le ea tsa mobu ke tsona tsenang le tsireletso ho beng hona, tse lingoe li tlo sebetsa ka takatso ea M ookameli. Batsoarelitulo ba li Komeshene le batlatsi ba bona ba tsoanetse ho farohana ka botona lebotsehali. M oholo oa maloko a li Komeshene o beakanyoa ke molao ebile ha o nkeke oa fokutsoa fa ba sa le mosebetsing.
Page 39

Paramente e tsoanetse ho abela chelete e anelang ho sebetsa ha li Komeshene hore lisebetse ka bohlale. Litsoanetse ho tlisa lirepoto ka ngoaha ho Paramente.

Karolo 2 Tse lingoe (likarolo 324 329) 1 Tselingoe Tsa M olaotheo li tsoanetse ho sebetsoa ka bohlale le bonolo M afapha ohle a M olaotheo a tsoanetse ho abeloa chelete e anetseng. M olao oa setso sa batho oa mafatse ohle a lefase o karolo ho molao oa Zimbabwe, fela ha o sepelelana le M olaotheo le molao. M olao oa tumellano ea mafatse o tlama Zimbabwe moraho ha ho lumeloa ke Paramente ebile o tlaba karolo ea molao oa rona fa o kenyoe molaong ka Pupo ea M olao ea Paramente. Tumello e ka sa etsoa ke Paramente, kantle ha litumelloano tse batlang tsebeliso ea chelete ea hurumente kapa tse ka bakelang fetoho ea molao oa Zimbabwe. Litumelloano le mangoe mafatse litsoanela ho lumeloa ke Paramente pele li tlama Zimbabwe. Likhotla litsoanela ho etsa likutloisiso tsa molao tse sepelelanang le litumelloano tsa mafatse a lefase.

Tokisiso ea Molaotheo Ho tsoanetse ho etsoa tsebiso ke Sebuoi ha matsatsi a mashome a robong ho pampiri ea M uso, Gazethe, e leng tsebiso ea ho lokisisa M olaotheo. Batho batsoanetsi ho memoa ho fana ka maikutlo a bona ka pela ba bona tsebiso ena. M ekopano etsoanetse ho tsoaroa ho etsoa jena. Pupo molao ena e tsoanetse ho lumeloa ke palo ea tsepeli ho tse tharo ea palo eohle ea ntlo engoe le engoe ea Paramente. Litokisiso tsa likhaolo tsa litokelo tsa botho le litokoloho le tsa mobu oa temo (likhaolo 4 le 16) li tsoanetsi ho esoa ho referantamo hareng ha likhoeli tse 3 moraho ha ho lumeloa ke Paramente ebile e tlo ba molao fela fa referantamo e o lumetse. Tokisiso e etsoang ho oketsa nako ea ho sebetsa ha lefapha le leng, ha e oketse nako ea motho abong mosebetseng kapa ofeseng e sele pele ho etsoa tokisiso. Likaroloana (6) le (7) tsa karolo 328 tsa M olaotheo li ka se lokisisoe ho phetulo molao engoe ebile litokisiso li ka se esoe ho batho ka referantamo etsoanang.

Page 40

Karolo 328 ea M olaotheo le eona etsoanetse ho lumeloa ho referantamo moraho ha tsebiso ea likhoeli tse 3 ebile etsoanetse ho lumeloa ke palo ea tse peli ho boraro ba maloko a Paramente.

Hoqala ho sebetsa ha Molaotheo

M olaotheo ona o tlo sebetsa ka liqa: Seqa sa pele: tsatsi la phatlhalatso, lipehello tse latelang li tlo qala ho sebetsa: Lipehelo tse lumellang likhetho tsa pele katlase ha M olaotheo ona tsona e le tsena: Khaolo ea tsa likhetho Ho khethoa ha M ookameli ( fela M ookameli har a mengoaha ea pele e 10 ea likhetho tsa pele a ka se qobelloe hore a khethe batlatsi a tlo sebetsang le bona ebile fa setulo sa M ookameli sehloka motho, mokhethuoa oa mokhahlo oa politiki ea eo a ne a le M ookameli o nka bolulo joa M ookameli) ( parakerafo 14 ea shetjulu); Khaolo ea M aloko a Paramente le ho bitsoa ha Paramente moraho ha likhetho; Khaolo ea tsamaiso ea litsebeletso tsa sechaba le boeteledi; Lipehelo ka boitsoaro joa tsebeletso ea tsireletso; Lipehelo ka Komeshene ea tsa likhetho; Khaolo ka litokelo tsa botho le litokoloho; Lipehelo ka Khotla ea tsa M olaotheo; Khaolo ea tsa hurumente oa lipurofense le likhaolong.

Lipehelo tsena li tlo fetolla lipehello tsa M olaotheo o leng hona. Seqa sa bobeli: letsatsi la qalo, e leng letsatsi M ookameli a qala mosebetse, M olaotheo ohle o qala hosebetsa.

Karolo 329 e baloa le shetjulu ea botselela.

Karolo 3 Kutloisiso ea fetolelo (330 345) M antsoe a sebelisitsoeng ho M olaotheo a tlhalositsoe ho karolo 322. Tsengoe litaba litlhalositsoe mona, tse akaretsang:

Page 41

Tlhaloso ea: o a etsa ka temoso ea. Ho reang hore ea lemosoang o tsoanetse ho latela temoso a e feoang; o A etsa ka polelisano le.. ho reang hore ho ka butsoa empa a butsang ha hlohleletsoe ho latela litemuso a li feoang; Ho tlohela mosebetse: o M ookameli o tlohela mosebetse ka ho tsebisa Sebuoi sa Paramente; o Sebuoi le M ookameli oa Senete le batlatsi ba bona, ka tsebiso ho Tlhelereke oa Paramente kapa ka ho tsebisa e ba leng ho eona; o M aloko a Paramente, ka tsebiso ho Sebuoi kapa M ookameli oa Paramente, ho ea ka hore ba ntlong e fe; o M aloko a mafapha a tsa M olaotheo, ka tsebiso ho ba ba beileng; Koramo: o ka tloaelo, palo ea halufu ea maloko a feleletse a lefapha a etsa koramo; o sekheo sa lefapha a se sitise lefapha ho etsa mosebetse oa lona e fela ho na le koramo; o palo e feleletseng ea maloko a Paramente ha e bale likheo.

Page 42

You might also like