You are on page 1of 4

“The Lord Has Made Room For Us”

_____________________________________________________________________________

Council of Pentecostal Churches of Lesotho

P.O Box 2223


Pitso Ground 102
30 April 2020
Tel no: 00266 51911962/68890169

KOPO EA LEKHOTLA LA LIKEREKE TSA PHOLOHO LESOTHO (CPCL) EA HO BULOA HA


LITS'EBELETSO TSA LIKEREKE.

Litumeliso Lebitsong la Kreste Jesu. "Le ke le neoe mohau, le lereko, le khotso ke Molimo Ntate, le Ke
Jesu Kreste Morena oa rona." (2 Timothea:1:1)

Re le Lekhotla la Likereke tsa Pholoho Lesotho (CPCL) Re ikobetse, ra sebelisana ha mmoho le


botsamaisi ba naha, nakong eo ho neng ho khinoa lits'ebeletso le motsamao, e le ho qoba ho ata ha
kokoana hloko ea Corona. Re ananela ts'ebetso e kholo eo Mmuso o ntseng o e etsa hore Basotho ba fete
seoa sena ka katleho.

1. Ho tlile tlhokomelong ea rona hore lefats'e lohle le eme ka maoto ka litsibi ho fumana tharollo ea
moshoelella bakeng sa kokoana-hloko ena, le hoja ho fihlela ha joale e soka e fumaneloa pheko. Re le
CPCL re re tse sitang batho ha li siti Molimo. (Luke:18:27).

2. Ke nako ea hore re le sechaba sa Basotho, mmoho le Baetapele ba rona, re ke re nke likhato tse
ikhethang ho botsa molomo oa Jehovah, le ho kopa ho namoleloa lefung lena la seoa. Re etse hloko hore
Mohlomphehi Tona-Kholo o phatlalalitse hora ea leshome le metso e mmeli e le nako ea thapelo, taba ena
re ea e thoholetsa, le ha ho le joalo ha ho a lekana (2 Likoronike:7:14).

3. Kereke e eleletsoe litla morao tse sa jeseng litheohelang tse bakiloeng Ke kokoana-hloko ena, le ho
khinoa ha lits'ebeletso le motsamao, maikutlong (Emotionally) le meeng (Spiritually) ea sechaba.

 Ts'epo e qephile
 Khatello ea maikutlo e phahame.
 Sechaba se ferekane. °Sekhahla sa tlhekefetso malapeng.
 Manyalo a thubehang,etc.

3.1) Kereke Ke eona e jereng molaetsa oa ts'epo, khotso, khutso, botsitso le tlhabollo ea meea,
(Isaiah:61:1-3).

3.2) Motho Ke moea (spirit) o phelang Ka hare ho mmele (body), o nang le maikutlo (Soul) Genesis:2:7,
ho khinoa ha lits'ebeletso tsa kereke, ho bolaea motho karolong ea semoea.

3.3) Re kopa lits'ebeletso tsa likereke li nkoe e le tse ling tsa LITS'EBELETSO TSA MANTLHA
(Essential services)

4. Ka mabaka ao re seng a tekile re kopa Lits'ebeletso tsa Likereke li buloe.

5. Likereke li tla tsoela-pele ho ikobela likhothaletso tsa W.H.O le tsa lekala la bophelo nakong ea
lits'ebeletso hofihlela lefu lena le fumanetsoe tharollo.

5.1) Re tla nka hora tse sa feteng tse peli (2 hrs) lits'ebeletsong.

5.2) Batho ba sa feteng mashome a mahlano (50) kapa lekholo (100) re ipapisitse le boholo ba sebaka
(Capacity)

5.3) Re tla ela hloko katamelano e bolokehileng (Social distancing)

5.4) Re tla etsa bonnete ba ho boloka bohloeki lisebelisoeng, le libakeng tseo re sebeletsang ho tsona ka
neheletsano. (disinfect microphones, pulpit and other areas where we minister interchangeably)

5.5) Re tla emisa ho beha batho matsoho ha re ba rapella.

5.6) Re tla qoba ho ts'oarana ka matsoho ha re lumelisana.

5.7) Re tla etsa bo nnete ba hore sesepa le metsi a mathang a teng bakeng sa ho hlapa matsoho khafetsa, le
hore lisebelisoa tse khothaletsoang li teng matloaneng.

5.8) Ho tla ba le Sanitizer monyako oa kereke le motho ea etsang bonnete ba hore motho e mong le e
mong a kenang o ea e sebelisa.

6. Likereke li tla sebelisoa ho tsoellisa pele thuto sechabeng ka Corona, mme re tla sebetsa ha mmoho le
litsibi le mafapha a bophelo ho pharalatsa thuto.

7. Likereke li tla sebelisoa ho bokeletsa lithuso le kanetso bakeng sa malapa a amiloeng ke ho khinoa ha
lits'ebeletso.

8. Taba ea hore LESOTHO ha le so ka le e ba le tlaleho ea ts'oaetso (Positive case), Ke sesupo sa hore re


SIRELELITSOE KE MOLIMO OO KEREKE E O RAPELANG, EO MOTHEHI OA SECHABA SENA
A ENTSENG SELEKANE LE ONA, MME RE KOPA LITS'EBELETSO TSA LIKEREKE LI
LOKOLLOE SECHABA SE TSOELE-PELE HO MO RAPELA LE HO MO KHUMAMELA HA
MMOHO, RE TLE LULE RE BOLOKEHILE KHAHLANONG LE CORANA.

Lekhotla la Likereke tsa Pholoho Lesotho (CPCL) le tla thabela kananelo ea kopo ena ka pele ka potlako.

Molimo o boloke Lesotho le Basotho. Khotso! Pula! Nala!

Baitikini

___________________
Apostle Mmatsholofelo Nakanyane
Administrator

______________________
Pastor Morapeli Likhama
Head of Evangelism

______________________
Pastor Ntjana Khoabane
Deputy Chairman

_____________________
Pastor O.G Nakanyane
Additional Member

_____________________
Prophet Seleke Moroke
Head of Intercession

You might also like