You are on page 1of 2

15 Tšitoe 2022

Circular Number: 0025/2022

LITHO TSA KOMITI EA NAHA TSA THALABOLIBA EA NTLAFATSO (RFP)


BAKHETHOA (MAPARAMENTE)BA RFP
LIKOMITI TSA MABATOOA TSA RFP
LIKOMITI TSA MAFUMAHALI TSA RFP
LIKOMITI TSA BO-NTATE TSA RFP
LIKOMITI TSA BACHA TSA RFP

Qaqiso ea tsela ea Tšebetso ka mor’a ho theha ‘Muso

Ka lengolo lena ke le tsebisa ka tse latelang tseo le kopuoang ho li ela hloko:

1. Ofisi ea RFP e ntse e butsoe. Litaba tsohle tsa Thalaboliba ea Ntlafatso, ho kenyeletsa le tsa
mabatooa, ekaba litletlebo, litsebiso le tse ling, li isoe ka mangolo ho Mongoli E Moholo
Ofising ea RFP, mme tsona li tla sebetsoa. Bahokahanyi ba Litereke ba ntse ba fuoe
boikarabello ba ho sebetsa litaba tsohle tsa mabatooa a bona ka nako. Ofisi ena ea
Bahokahanyi e butsoe nako eohle ka matsatsi le lihora tsa mosebetsi.

2. Litletlebo tsohle tse fihlileng ka mangolo li tla sebetsoa ke Komiti ea Litharollo (Disputes
Resolution Committee (DRC)). (Sheba Circular hlahisang mabitso a litho).

3. Mothati oa ho tlaleha litletlebo tsa Mabatooa ke o latelang:

a. Komiti ea Lebatooa e romela lengolo la tletlebo Ofising ea Mongoli E Moholo. Ha


litletlebo li tsoa Makaleng kapa ho Bakhethoa, li lla ka Komiti ea Lebatooa, Mangolo
a joalo a ka romelloa ka kotloloho ho Mongoli E Moholo.

b. Mangolo a litletlebo a fuoa Komiti ea Litharollo ho hlahloba likateng.

c. Komiti ea Litharollo e letsetsa beng ba Lengolo hore e fumane lengolo, mme e fana
ka letsatsi leo litaba tse hlahang lengolong moo li tlang ho luleloa fatše, li tšohloe, ka
lona.

d. Tharollo e ea fihleloa, mme lengolo le hlalosang tharollo e fihletsoeng le ngolloa


likomiti tsohle tsa Lebatooa.

4. Ofisi e ntse e itukisetsa ho qala boiketo ba likhetho tsa makhotla a libaka. Moralo o ntse o
phetheloa mme o tla qala ho kena tšebetsong ka khoeli ea Pherekhong.

5. Ofisi e ntse e itukisetsa ho khetha likomiti tsa ntlafatso tse tla sebetsana le meralo ea
lebatooa ea ntlafatso ka kopanelo le sechaba se phelang lebatooeng moo. Letsatsi la
likhetho tsena le tla phatlalatsoa haufinyane.

6. Ho na le likheo tse ngata haholo likomiting tsa mabatooa tse bakiloeng ke hore litho tse
ling li ile tsa itokolla ho ea iketela ho ba bakhethoa (Maparamente). Joaloka ha re ile ra fana
ka tataiso pejana, likheo tse joalo litlatsoa ka litho tsa likomiti tse ling tsa Lebatooa. Khetho
ea batho ba tlatsang e etsoa tulong ea Komiti e kopantseng likomiti tsohle tse teng
lebatooeng.

7. Ho tla ba le molaetsa o mong selemong se tlang o tsamaisang tsela ea khetho ea litho tsa
likomiti.

8. Ka Lengolo lena le potolohang, Komiti E Kholo e fana ka Molao-Theo ho litho tsohle tsa
Thalaboliba Ea Ntlafatso hore re fumane tataiso e phethahetseng.

9. Re leboha Ma-RFP ohle ka mekhahlelo eohle ea oona ka ho sebetsa ka thata ho bona hore
RFP e ba Mmuso, Paramenteng ena ea 11. Libini, ba liphatlalatso (Media), le babang,
tsoelang pele ho hlahella ka mahetla litabeng tse holisang Letšolo, sechaba sa Basotho se
tsebe ho pholoha.

10. Liofisi tsa mabatooa ao re sa a hapang li ntse li tsoela pele ho sebetsa. Khetlong lena RFP e
tla nka boikarabello ba ho bona hore liofisi tse joalo lia patalloa. Bangoli ba kopuoa ho
romella lethathamo la liofisi tse joalo le sekoloto seo re seng re na le sona ka tsona.

Kea leboha

Moruoooooooooo!!

Oa lona Mohlanka,

-------------------------------------
Nthati Moorosi
Mongoli E Moholo

You might also like