You are on page 1of 105

Tshebediso ya Dipuo tsa baBatsho le Setso

Mojule wa motheho
Lefapha la Dipuo tsa baBatsho,
Unisa

Bukanatataiso e le nngwe feela ya-

AFL1502

Bangodi:

N Saule, DS Matjila, TM Sengani,


CD Ntuli, N Masuku, KY Ladzani &
DM Kgobe

Mohlophisi wa Phetolelo:

NB Sekere

Lefapha la Dipuo tsa seAfrika

Open Rubric
© 2008 University of South Africa

All rights reserved


Printed and published by the
University of South Africa
Muckleneuk, Pretoria

AFL1502/1/2009–2012

98326287

Indesign
Dikahare iii

Dikahare

SELELEKELA iv
YUNITE YA BOITHUTO 1 (Moelelo wa lentswe “botho”) 1
YUNITE YA BOITHUTO 2 (Mekga ya Thuto) 10
YUNITE YA BOITHUTO 3 (Dikamano pakeng tsa motho le motho) 38
YUNITE YA BOITHUTO 4 (Dipolelo tsa tshusumetso) 49
YUNITE YA BOITHUTO 5 (Boitshwaro le Tshwantshiso) 77
Selelekela iv

Selelekela

Re a o amohela Mojuleng ona wa AFL1502. A re nke leeto mmoho!

Nka mojule ena ya dithuto e le mmapa o tla o thusa ho utlwisisa kamano ya


meetlo. Mokgwa o motle ke ho hla o qala ho utlwisisa seo mojule ena e leng
sona sethathong. Eba le bonnete ba hore o utlwisisa seo re o eletsang ho se
etsa kgaolong ena ya pele – selelekela. Ha o fetela karolwaneng ya pele e
buang ka botho, o tla be o le sebakeng se bulehileng moo o tla ithuta ho ba
moahi wa setjhaba. Ho tloha moo o ithute mefuta e fapaneng ya tsamaiso ya
thuto, ho tloha mehleng ya kgalekgale ya maAfrika ho fihla mehleng ya
kajeno moo mokgwa wa ho ruta o nang le seabo sa bohlokwa. Ho tloha
nakong ya dikoloni le kereke moo Senyesemane le Seburu di ileng tsa fuwa
monyetla, ho tla fihla nakong ya demokrasi, moo matla boholo a lebisitsweng
tsoseletsong ya tsebo ya kgale. O tla fihla karolwaneng ya 3, e shebaneng le
dikamano tsa batho. Mona teng o tla hlokomela kamoo batho ba sebedisang
dikarolo tsa puo ho sebetsa hammoho le ba bang ho ya ka dibaka ho fapana.
O tla bona kamoo batho ba atlehang ho sebedisa puo molemong wa dikamano
tse ntle kapa ba hlolehang. Karolwana ya 4 e tla o fihlisa tshebedisong ya puo
e hohelang jwalo ka dithoko tse kang tsa mabitso, dithoko leloko, mapetjo le
dipapatso. O ka “fumana” maikutlo a hao a le kaekae leetong, hobane
karolwana ena e shebane le dintlha tsa botho ka botsona.

Karolwana ya 5, e leng ya ho qetela, yona e amanya dintho tsohle tseo o


ithutileng tsona ho botho, hobane e bua ka boitshwaro le ditshwantshiso.
Botho ke lebitso leo o ka le elang hloko le ho le utlwisisa ha feela o ka le phela
ka ho le sebedisa puong le boitshwarong ba bophelo.
Sepheo sa mojule ena le seo o ka se unang ho ithuta yona

Mojule ona wa mothati wa pele eo ho yona o tla thabela ho ithuta ka dikamano


tsa puisano dipuong tsa Afrika. O tla natefelwa ke ho bona marangrang a teng
dipuong tsa Afrika le ho fetela dipuong tse ding. O tla elellwa kamoo ho leng
bobebe ho etsa maqhama a tshebedisano ka dipuo, ekasitana le ka yona ya
hao.
Selelekela v

Mojule ona o shebana le puo jwalo ka ha e sebediswa e le maqhama a


puisano. Batho ba sebedisa puo ho hokahana ka mekgwa e fapaneng kaha
maikutlo a bona a sa tshwane. O tla kgahlwa ke ho lemoha kamoo batho ba
phelang le ho buisana ka teng. Re ithuta ho buisana e le ho etsa maqhama a
dikamano le bang ka rona, le bao re tswalanang le bona, le batho metseng eo
re phelang ho yona, mesebetsing moo re teanang le batho ba buang puo eo re
e buang leha re bona dintho ka leihlo le sa tshwaneng. Re a tseba hore
dibakeng tse tshwanang le tsena ka dinako tse ding re teana le batho ba buang
puo e sa tshwaneng le ya rona empa re tlamehe ho buisana kapa ho ngollana
le bona. Karolo ena e o lokisetsa mabaka le menyetla e tshwanang le eo.

Mojule ona o leka ho sebetsana le diphephetso le ditlhoko tsa nako e tlang, e


nang le dintho tsa bohlokwa setjhabeng sohle sa maAfrika. Leetong lena ho
tloha karolwaneng ya pele ho fihla ho ya ho qetela, bula kelello ya hao e le hore
o lemohe le ho ithuta. Ha o na ho ithuta ka tswelopele, mekgwa le meetlo ya
maAfrika feela, empa karolo ena e boetse e nka tsela ya dikamano tsa meetlo.
Re batla ho tsebisa ka lefatshe jwalo ka ha re phela ho lona. O tla tlameha ho
sheba le ho manolla diketsahalo eseng jwalo ka moAfrika kapa lekgowa kapa
morabe ofe kapa ofe feela, empa o ithute ho tadima dintho ka leihlo le leng,
leha eba e le la moditjhaba.

Karolong ena re leka ho nyalanya tswelopele, mekgwa le meetlo. O tla


hlokomela hore mehleng ya jwale dipuisanong tsa ka mehla re fetofetoha ha
bobebe. Re dumedisana ka se tsejwang e le “FLYTAAL” kapa “Tsotsitaal” re
phahamise letsoho ka “Heita!” re boele re fetohele ho Spanish ha re re “Hola!”
ditumedisong tsa ka mehla. Dipuo tse ding le tsona di phehisa ho ya ka
maemo le sebaka. Jwalo ka ha o tla hlokomela, karolo ena e sebetsana le
ditaba tsa puo tse tla o thusa ho aha tshebedisanommoho mahareng a puo le
moetlo. O tla qala ho kgahlwa eseng feela ke dipuo empa le ke meetlo e meng.
Se seng le se seng seo o se etsang, ebang ke mosebetsing, tulong ya thapelo,
mabaleng a dipapadi, dipolitiking, thutong, moruong kapa sebaka sefe kapa
sefe, karolo ena e o ahela marokgo a dikamano tsa bohlokwa ao o ka tshelang
ka ona le ho kgutlela morao moo o tswang.

Leeto la hao mojuleng ona.

Ho ya ka tsebo le boiphihlelo ba hao, o a tseba hore ngwana e mong le e mong


o hlahela motseng moo a rutwang puo ke ditho tsa lelapa le ke motse ka
kakaretso. Ho tloha qalong ha ngwana a rutwa ho dumedisa, ho re “salang
hantle”, o ithuta mabitso a batho, ekasitana le la hae, tsebo ya bohlale ka tsa
Selelekela vi

botho e ba karolo ya bophelo ba ngwana. Ngwana o rutwa ho arolelana le ba


bang mme a phete seo ka puo. Ngwana o rutwa ho fana, ho rongwa, ho
buisana le ba bang, tsena tsohle a di etse ka puo le ka diketso.

Karolong ena o tla teana le kgaolo e buang ka boitshwaro le puo ya


tshwantshiso. Lentswe lena Ubuntu/ botho / vhuthu / vunhu le sebediswa le
dikarolo tse kang maele le ditshwantshiso dipuong tsa seAfrika. E nngwe le e
nngwe ya dikarolo tsena e na le molaetsa oo ngwana a ithutang ona ha a ntse
a bapala, mesebetsing ka lapeng, a pheta dipale, a rutwa ka phaposing, le ho
etsa mesebetsi e meng, jwalojwalo.
O tla boela o bone kamoo bana ba neng ba hodiswa ho tloha qalong ya
bongwana ho fihla eba motho e moholo, ka tshebediso ya thuto ya molomo ho
tloha hae, motseng le mefuteng ya dikolo eo ngwana a neng a teana le yona.

Ngugi (1976) o babatsa thuto eo a ileng a e fumana lapeng ha ba baholo ba re


ba ba phetela ditshomo ka phirimana, le dipapadi tse neng di bapalwa bosiu le
motsheare. O tiisa bonnete ba seo ba bangata ba fetileng ho sona ha ba ne ba
alositse mehlape, ba di bitsa ka mabitso a tsona le ho di roka. Lelapa
hammoho le motsana di ne di fetoha phaposi ya borutelo. Puo e na le seabo
sa bohlokwa ka dinako tsohle mme le bana bohle ba banyenyane ba ne ba
tseba dithoko tsa meloko le histori ya bo bona.

Ho holela motseng wa maAfrika ho ne ho tshwana le ho tloha mokgahlelong o


mong wa thuto ho ya ho o mong. Bana ba ne ba ithuta puo le kamoo e
sebediswang ka teng e seng feela ka dipale le dithothokiso, empa le dipina di
ne di sebediswa e le mokgwa o hohelang wa ho ruta.

Dipapadi tseo e neng e le tsa mofuta o itseng wa bana hammoho le dipapadi


tsa bohle, di ne di na le lenanethuto la tsona. Nakong eo banana le
bashemane ba bapalang seka batho ba baholo, ba ne ba sebedisa mekgwa ya
boitshwaro eo ba e rutilweng bonnyaneng ba bona. Monyetla ona e ne e le
karolo e nngwe ya bophelo e neng e bontsha seo bana ba ithutileng sona ho
batswadi ka tsa puso, boikarabelo lenyalong le botswading. Dipapadi tsena
tsohle di ne di sebedisa puo.

Nakong ena yohle, bana ba ithuta ditho tsa puo tse sebediswang di lebisitswe
ho bona esitana le ho ba bang, ebang ke ba leloko kapa baditjhaba. Metseng
ya maAfrika batho ba bitswa ka mabitso ka ho fapana. Bana ba bitswa ka
mabitso a bona, ka dinako tse ding a tsamaya le seboko. Nakong e nngwe ba
fuwa mabitso a matjha a dumellanang le boemo ba bona, ha ele batho ba
baholo ba bitswa ka boemo, seboko kapa mabitso le difane kapa lebitso la
morabe. Tsena tsohle di hlalosa bohlale ba botho.
Selelekela vii

Ho bohlokwa ho ela hloko hore maAfrika a ne a sa itshehla thajana. maAfrika a


na le mefuta ya merabe e sebedisang dipuo tse batlang di sa tshwane. Ho feta
moo ba phetse le makgowa, bao le bona ba tlileng ka mekgwa ya tswelopele le
meetlo ya bona e neng e sa tshwane le ya baahi. Le bona ba ne ba sebedisa
puo ka mokgwa o sa tshwaneng le maAfrika. O tla elellwa mehlala ya seo re
se bolelang ha o ntse o bala mojule ona.

Makgowa a ile a tlisa mofuta wa thuto ya bona ho maAfrika, se bolelang hore


bana ba ile ba tlameha ho ithuta dipuo le meetlo e metjha. Boholo ba seo ba
neng ba se rutilwe mahaeng le metsaneng ya bo bona, sa bewa ka lehlakoreng
le leng – leha sebaka sa sona se sa ka sa nkwa ke thuto ya makgowa. Haele
dipale tse neng di phetwa tsa nka tsela esele, dithothokiso le dipina tsona tsa
sala le batswadi malapeng, ha ea ka ya ba karolo ya lenanethuto; kereke,
sekolo le mosebetsi tsa tlisa mabitso a matjha a batho. Haele mabitso a
seAfrika ya eba mabitso a bobedi kapa a fediswa ho hang. Mekgwa ya
tswelopele le meetlo e metjha tsa hatella mekgwa le meetlo ya seAfrika,
qetellong batho ba ba le mekgwa e mmedi ya ho tadima bophelo. Leha nako
ena ya mekgwa le meetlo e metjha e sa ka ya sitisa bophelo ba maAfrika empa
e ile ya lahlisa batho mekgwa le meetlo ya bona. Ho se hokae dithuto tse ding
tsa tlohelwa ho rutwa ka dipuo tsa maAfrika hobane ho ne ho se maAfrika a ka
tsebang ho ithuta ka tsona; haele mabitso ona a tlohelwa hobane e ne e se a
sekresete le hore maAfrika a ne a se a nkwa a se na hisetori e se e le baleleri
ba nang le meetlo le mekgwa ya sekgalekgale. Leha ho le jwalo ho nnile ha
eba le ho se kgotsofale ho tswa mahlakoreng a mang, kaha ho ne ho bonahala
hore mekgwa e metjha ya bophelo e hatella batho mme e ba fetola dithoto le
batho ba sa tsebeng letho. Tsebo yohle ya dipuo eo maAfrika a neng a ithorisa
ka yona ho bonahala e se e nyametse. Empa ba nna ba leka ho tswelapele.

Qalong ya nako ena e ntjha ho bonahala boikitlaetso bo boholo ba ho shebisisa


hape mekgwa le meetlo ya maAfrika. Ka nako e kgutshwane ho se ho
bonahala mmala o motsho e le ona o motle, mabitso a seAfrika a se a boetse a
hokeletswe dibokong tsa bona, mabitso a seAfrika le ona e se e le a sekereste,
bana ba se ba tseba ho etsa dithothokiso jwalo ka baholo ba bona; jwale ba
boetse ba bua dipuo tsa bona ka motlotlo jwalo ka pele, dipina tsa kgale di a
binwa le dipale ke karolo ya lenanethuto la sekolo jwalo ka mehleng ya kgale.
Mola o neng o arotse bophelo dikarolo tse pedi, o hlakotswe; batho ho tswa ka
mahlakore ana a mabedi ba batsho le ba basweu, ba boetse ba ithuta mekgwa
le meetlo ya ba bang, ba bina dipina tsa ba bang le ho adimana ka mabitso.
Bana ba bang ba basweu ba ya dikolong tsa mabollo tsa maAfrika ba be ba
rehwe le mabitso a matjha a seAfrika. Dipuo tsa maAfrika ha esale feela dipuo
tsa boemo ba boraro tseo ho ithutwang tsebediso ya puo le melawana feela,
empa di se di rutwa ba basweu le ba batsho jwalo ka puo e buuwang.
Selelekela viii

Kamano ya mojule ona le Dithuto tse ding

Ha o ntse o sebetsana le mojule ena o tla teana le mehlala e totobetsang taba


e tla o thusa ho utlwisisa thuto ena ka ho phethahala. Ithute ho nyalanya seo o
se fumanang mehlaleng le se hlaloswang. Ka dinako tse ding o tla tlameha ho
sebetsana le dipalethuto kapa mehlala ya boiqapelo. Sebetsa mmoho le rona!
Ka dinako tse ding re tla o kgothaletsa ho sebedisa di-CD, tse tla o thusa
leetong lena la ho sebetsana le mojule ena mme di tla o thusa ho nahana ka
bohlale. Hopola hore mojule ona, e tla be e phethahetse ha feela e ena le
diphehiso tsa hao. Ela hloko hore o etsa mesebetsi ya thuto e mona. Yona ke
dipotso tse kgothaletsang motho ho etsa ho feta se batlwang ke mojule ha re
ntse re sebetsa hammoho. Leka hore o sebetse ka ho araba dipotso tsa teko.
Leha eba o sa utlwisise hantle mohlomong o ka tla ka maikutlo a matjha.

Qetellong ho na le mosebetsi oo o tla lokela hore o o etse e le hore re tle re


tsebe ho sebetsa le wena. Nka mosebetsi ona e le karolo e nngwe ya puisano;
puisano pakeng tsa hao le barupelli ba hao. Ka hodimo ho tsohle re lokela ho
buisana kopanong ena ya rona; re tshwanela ho ba basebetsi-mmoho puong.

Mekgwa ya ho ithuta

Karolo ena e sebetsana le puo e le sesebediwa sa dipuisano. Hangata ha re


buisana re ithuta dintho tse ntjha, re etse mathata re lemoha kapa re sa
lemohe, re manolla mathata ka tsela tse ngata, re hohela kapa re lahlehelwe ke
metswalle jwalojwalo. Ho utlwisisa kamoo dintho di etsahalang ka teng, o hloka
mokgwa wa ho ithuta. Tsela e nepahetseng ya ho qala, ke ho bala ka botlalo
mojule ena. Bala dingolwa tseo ho qotsitsweng ho tsona, bala masedinyana le
dimagazine, mamela seyalemoya mme o shebe TV. Mamela batho ba bang
mme o kope ho hlalosetswa moo o sa utlwisiseng; tswelapele ka ho buisana le
bona e le hore o tle o utlwisise ka botlalo. Etsa diphuputso hore ebe ha ho na
baithuti ba bang sebakeng seo o phelang ho sona, e le hore le tle le tsebe ho
sebetsa mmoho. Qetellong, ikopanye le rona ka mohala kapa e-maile ka
dinako tsohle ha o hloka thuso dithutong tsa hao.

Nyalanyo ya ditholwana tsa mojule ona le maqiti a


ditlhahlobo

Ha o se o badile dikarolwana tsohle, o tla ba le hona ho utlwisisa mantswe a


kang botho, le mabaka a etsang hore dipuo tsa maAfrika di sebediswe e le
dipuo tseo ho ka ithutwang ka tsona le kamoo tshebediso ya Senyesemane le
Seburu di amang diprokerama tsa motheo tsa ho ithuta tsa maAfrika. O tla be
o ena le kutlwisiso ya tshebediso ya puo ha o bua ka wena leha o bua ka ba
Selelekela ix

bang dibakeng tse fapaneng. O tla lemoha kamoo dipuo tsa maAfrika di nang
le botebo hore ho ka qotswa ho tsona ho feta kamoo re nahanang ka teng,
hobane o ka sebedisa dithothokiso le mapetjo ho phahamisa boemo ba batho.
Ho ya ka seo o se tsebang ka dipapatso le mapetjo, o tla elellwa hore batho ba
ka itlhalosa le ho bapatsa sohle ka puo e nngwe le e nngwe, ho sa tsotellehe
hore ho sebediswa puo efe. Leha ho le jwalo, ho ithuta haholwanyane ka
meetlo le dipuo ho bontsha hore ho bobebe ho utlwisisa dintho tse amanang le
meetlo le dipuo sebakeng sefe kapa sefe. Qetellong o tla utlwisisa bohlokwa
ba maele dipuong tse fapaneng tsa maAfrika, hobane o tla be o na le kutlwisiso
e batsi ya tsa tshebediso ya maele le dikapuo. O tla utlwisisa tshebediso ya
puo le dintho tseo e seng puo tse etsang hore baahisane ba tsebe ho
phedisana ka kgotso.

Dibuka tsa ho ithuta, tse nang le dipalethuto, mehlala, mefutafuta ya puisano, le


dibuka tsa tlatsetso, tsohle di reretswe ho thusa wena ho etsa mosebetsi ka
botlalo ho ya qetella ka ditlhahlobo. Meputso ya ho ithuta le mekgwa ya
ditlhahlobo tseo e leng karolo ya mojule di thusa hore ho be le kamano
diketsahalong le mesebetsing ho qetella ka tlhahlobo.
Moelelo wa lentswe “Botho” 1

Yuniti ya I
Moelelo wa lentswe “botho”

Diphetho tsa thuto

Ka morao ho hore o sebetsane le Yuniti ya I o tla ba le hona ho:

• buisana le ho qoqa ka mohopolo ona botho,


• kena diphehisanong ka botho,
• ikamahanya le merero e fapafapaneng ya kaho ya setjhaba naha ka bophara.

Moelelo wa Botho
Moithuti o tlile ho tla ingodisa yunifesithi. O ya ho e mong wa basebeletsi ba
yunifesithi ho kopa thuso.
Moithuti : Tshwarelo, mohlomphehi, ke kopa thuso.
Mosebeletsi : Bothata ba hao ke bofe? (O bua jwalo a tadimile
pampiri e letsohong la moithuti.)
Moithuti : Nna lebitso la ka ke Ronald, Ronald Bakker. Ha ke
rate ho o bitsa mosebeletsi. Ebe wena o mang?
Mosebeletsi : Ke mosebeletsi ya fanang ka lesedi. O se ke wa
tshaba ho mpitsa jwalo.
Moithuti : E, ke a tseba empa ho hotle ho bitsa motho ka
lebitso la hae.
Ofisiri : (a bososela) Ke Botho, Botho Madiba.
Moithuti : Madiba? O amana le Mandela?
Ofisiri : Tjhe, le hannyane feela. Empa ele mabitso ho
tshwana. Ha ke na le botho boo a nang le bona.
Moithuti : Jwale ha ke utlwisisi. Ke nahanne hore Botho ke
lebitso jwalo ka a mang.
Moelelo wa lentswe “Botho” 2

Mosebeletsi : Tjhe, ho rona maAfrika, ha se lebitso feela. Ke


tsela ya bophelo, kamoo re tadimang dintho ka
teng, mekgwa le meetlo ya rona.
Moithuti : Athe ho jwalo? E utlwahala e le taba e makatsang
ruri. Nka thabela ho tseba ka yona haholwanyane
hobane ke tswa moetlong o sa tshwaneng.
Mosebeletsi : Hobaneng o sa ingodisetse thuto ya AFL102? E tla
o fa ka hare ho letsoho.
Moithuti : O nahana jwalo?
Mosebeletsi : Ka ho phethahala!
Moithuti : Ke sa ilo inahana ka taba ena. Ke leboha keletso ya
hao.
Mosebeletsi : Ke a leboha. Jwale ha re ke re shebe bothata ba
hao. ...

1.1 Tshebediso ya lentswe lena botho

O kgethile Mojule ona ele hobane hara tse ding tsa dintho o rata ho tseba
haholwanyane ka seo batho ba se nahanang, hobaneng ba phela ka tsela eo
ba phelang ka yona le hore ebe o ka ikamahanya le bona kapa tjhe. Ebang ho
jwalo o tla lakatsa ho tseba ka Botho.

Ebe Mojule oo o tla o thusa jwang mesebetsing ya hao ya kamehla? Ke dintho


tse pedi tse amehang. Ya pele, jwalo ka moithuti, o tla ameha diphehisanong
ka mefuta ya tsona kaofela, moo le lekang ho manolla lentswe lena Botho. Ya
bobedi, ka tsebo ena jwalo ka sesebediswa se matlafatsang, o tla ba le hona
ho ikamahanya le mahlakore ohle a naha a morerong wa ho aha naha le
botjhaba.

1.2 Tlhaloso ya Botho

Ke a tshepa o ntse o ipotsa hore ebe ho bolelwang ka botho. Ebe bo fumanwa


kae? Ke mang ya nang le bona? Ebe ke ntho eo o ka ithutang yona kapa wa
ba le yona? Ho utlwisisa botho hantle o lokela ho nahana ka bona jwalo ka
ntho e ka bonwang. Ka bokgutshwane, ho sa tsotellehe morabe, mmala kapa
tumelo ya hao:
• botho ke ho ba le kgotso;
• botho ke tshebedisano;
• botho ke tshwarelano;
• botho ke kaho ya setjhaba;
• botho ke tlhomphano;
• botho ke ho ba batho.
Moelelo wa lentswe “Botho” 3

Ka mantswe a Moareka Bishopo Desmond Tutu,

Ka botho ho bolelwa boleng ba motho. O tseba ha bo le teng leha bo le siyo.


Bo bua ka botho ba motho – boitshwaro, moya wa kamohelo, ho itella ba bang;
bo na le mohau le mamello. Bo na le temoho ya hore batho ba tlamahane le ba
batho ba bang. Bo bolela ho se oke seso ka makgapha empa ho amohela ba
bang jwalo ka ha ba le jwalo, mme o lebohe boteng ba bona. Bo hanana le
phehisano e makwebeta, e shebaneng le bowena feela.

Mehleng ya kajeno, lentswe lena botho le se le sebediswa dibakeng tse ngata.


Batho ba bangata ba se ba le sebedisa jwalo ka lebitso la papatso:

Botho Security, Botho Tavern, Botho Dry Cleaners, Botho Escort Agency,
Botho Builders, Botho Holiday Resort, Botho Taxi Rank, Botho Holdings,
Botho Small Business Enterprises,le tse ding.

O tla makala hobaneng batho ba bangata ba rata ho bitsa dikgwebo tsa bona
ka lebitso lena botho. Ebe lentswe lee le na le mmitsa kapa empa e le feela ho
leka ho bontsha hore ba ka lehlakoreng le nepahetseng la dipolotiki?

Leha ho le jwalo ho ntse ho makatsa ho elellwa hore ho ntse ho ena le diketso


tse supang ho se be le botho, jwalo ka:

Meferefere, tlhekefetso ya bana, tlhekefetso ya basadi, bokgopo ba mapolesa,


ho inkela molao matsohong, jwalojwalo.

Ka nqe nngwe ho na le tshepo e tiileng hore ha botho bo le teng, bophelo,


kgotso, thabo, thuto le kutlwisiso ka kakaretso, tsena tsohle di teng. E, ho
lokela hore ho be le sebaka kapa dibaka tseo e leng mohlodi wa botho; dibaka
tse kang:

Dikolo tsa moetlo, makgotla a molao, dikolo, lebollo, mekete ya manyalo,


tshebeletso tsa kereke, metseng, malapeng le metseng ya ditoropo.
Hore na dibaka tsena di baballa le ho hodisa botho jwang, ke taba eo re tla e
shebisana nqa e nngwe empa ho sa lekane ho re feela ke dibaka tseo botho
bo qalang ho tsona.

1.3 Moelelo wa Botho

O tla dumela hore botho ruriruri ke ntho ya bohlokwa, eo re lokelang ho e ela


hloko le ho ba le yona. Mohlala o batsi wa botho ke wa Nelson Rholihlahla
Mandela, eo ka morao ho ho phela dilemo tse 27 ntlwanatshwana, a ileng a
nna a bolela hore ha a hloya batshwari le bahanyapetsi ba hae, o mpa a hloile
Moelelo wa lentswe “Botho” 4

tsamaiso. A ka hlaloswa jwalo ka e mong wa bahlabanedi ba botho. Morena


Moshoeshoe e Moholo yena ke mohlala o mong nalaneng (historing) ya
maAforeka. Ha sehlopha sa banna se neng se hlasetse, sa bolaya, sa ba sa
eja ntataemoholo ya neng a se a hodile, se tliswa ka pela hae, o ile a ba fa
dikgomo ho di rua le ho di hlaba ho ena le hore ba je nama ya motho. Yaba ba
lesa ho ba madimo. Ho etsa diketso tsa botho le ho ba le botho ke dintho tse
pedi tse sa tshwaneng. Ho bolelwa kamehla hore motseng wa maAforeka ha
ho na dikgutsana. Ngwana e mong le e mong motseng ke ngwana wa hao.
Mohlomong o tseba maele a latelang a seAfrika:

Mosadi ke morena. Hona ho bolela hore setjhaba ke sa morena mme mosadi


ke mmasetjhaba seo mmoho le morena wa sona le ka bana. Ebe o se o kile
wa utlwa maele kapa dipolelo tse latelang tse amanang le botho?

• Motho ke motho ka batho.


• Ngwana wa kgotso ha a lebale tsa kgotso.
• O se nne o re ho morwa, morwa towe!
• O-ka-nketsang ha e ahe motse, motse ho ahwa wa morapedi.
• Mowa-kgotla ha a tsekiswe.

Ha se puo ya kamehla eo e kgabang ka maele ana empa le mmino wa kgale,


meetlo le ditlwaelo. Sebakeng seo botho bo renang ho sona, ya tswang
tseleng ha a ahlolwe ke batho ka bomong empa ke setjhaba sohle. Ha
setjhaba se jarisa sesenyi ka monkgwane ha ho motho ya ka emang qeto eo
pele. Motho ya nang le molato o etsetswa morero ke beng ka yena – o
hlabelwa nku kapa podi ho mo hlatswa le ho mo kgutlisetsa setjhabeng.
Moithuti ka mong o tla tshwanela ho utlwisisa diketsahalo tsena tsa letsatsi le
leng le le leng bophelong ba Basotho.
Na o a hlokomela hore botho bo hlaha ka ditsela tse ngata bophelong ba
batho?
Ke taba ya bohlokwa ho lemoha hore botho ha se ntho ya nako e fetileng
feela. Bo ntse bo le teng kajeno mme ebile bo ntse bo sebetsa. Leha ho le
jwalo ho a hlokahala hore re ke re shebisise dintho hantle kaha dintho di fetoha
le dinako. Moetlo o mong o tshwaetsa o mong mme le dipuo di a fetoha ha
mantswe a matjha a ntse a hlaha.
Mosebetsi 1.1
1. Ho ya ka wena ebe o ka re botho e sa le ntho e teng kajeno? Fana ka
mehlala ho tshehetsa maikutlo a hao
2. Hlalosa kamoo botho e ka bang sesusumetsi ho tlisa diphetoho
setjhabeng.
3. Hobaneng ho le bohlokwa ho tseba le ho utlwisisa meetlo ya batho ba
bang?
Moelelo wa lentswe “Botho” 5

4. Ho na le batho bao o ka ba amanyang le botho dikarolong tse ding tsa


lefatshe?
5. Ebe o ka ba le maikutlo a mang hore na hobaneng motho a rehang
ngwana hae kapa kgwebo BOTHO?

Dikarolong tse latelang, o tla lemoha kamoo botho bo ka sebediswang ka teng


dibaka ka ho fapana. Re o kgothaletsa ho itahlela ka setotswana
diphehisanong tsa kamoo ba bang ba utlwisisang botho le kamoo bona ba
iponahatsang kateng sebakeng seo botho e leng ntho e hlokolotsi. Ngola
dintlha tsohle tseo o di fumaneng mme o di arolelane le morupelli kapa
motswalle wa hao.

1.4 Kutlwisiso ya Botho

Ho seo o ithutileng sona dipuisanong tsa rona le wena ho tla fihla mona, o tla
dumela hore botho ke ntho ya bohlokwa ho maAforeka, le hore ha ho
diphapang tse ngata kamoo morabe o mong o utlwisisang botho kapa ho bo
phela papisong le merabe e meng. Ka hona o tla be o sa tswa lekoteng ha o
ka re ruri ke “ntho ya Aforeka”. Ke e nngwe ya mahlale-a-mahlele / filosofi e
lokelang hore e ke e tadimisiswe ka leihlo le ntjhotjho. E thehilwe hodima
mekgwa ya boitshwaro le meetlo ya setjhaba mme ke ka hona ho se nang
maikutlo a qhwebeshanang ditjhabeng tsa maAforeka. Cowley (1991:44) o
fana ka tlhaloso e latelang:

“Botho” bo jwalo ka lentswe lena “person-hood” puong ya Senyesemane; bo


itlhahisa ka mekgwa e fapaneng diketsong tsa motho, le maemong a fapaneng
a bophelo. Ka bokgutshwane boleng ba botho bo itlhahisa ketsong e nngwe le
e nngwe ya motho eo sepheo le morero wa yona eleng kgaho ya setjhaba.
Ketso efe kapa efe eo sepheo sa yona eleng ho bolaya setjhaba, leha ele
boitshwaro bofe kapa bofe bo fosahetseng, bo ke ke ba hlaloswa e le botho.”

Seo e leng sa bohlokwa ka ho fetisisa bothong, ha se feela ho amohelwa ha


diketso tsa motho ke setjhaba, empa ke kamoo motho a phelang diketso tseo
kamehla. Diketso tseo di lokela ho sebetsa jwalo ka maqhama dipakeng tsa
batho ka sepheo sa ho theha kutlwano le tshebedisano. Mona moo re
qotsitseng teng ka hodimo, botho bo hlahiswa e le e nngwe ya dintho tse ka
sebediswang ho aha setjhaba, monahano wa karolelano ya setswalle ho batho
bohle. Botebo ba botho jwalo ka filosofi ya batho e sekametseng monahanong
wa maAforeka bo boetse bo manollwa hape ke Cowley (1991:44):

“Botho ha se feela diketso tsa motho ka mong. Empa ke filosofi e thehilweng


ka mehopolo ya boleng ba batho e lebisitsweng ho motho le ba bang. Ka
mantswe a mang re ka re ke boleng ba maAforeka.”(Phetolelo ke ya rona).
Moelelo wa lentswe “Botho” 6

Ha ho le jwalo, re ka re botho ke ntho e tswang botebong ba pelo ya motho, le


ka ho fetisisa setjhabeng ka bosona. Lefatshe ka bophara, ditjhaba di ka
ikamahanya le tlhaloso ena hobane di amahantswe hammoho ke maqhama
ana a kgothaletsang bophelo bo tshwanang. Mona moo re qotsitseng teng ka
hodimo, Moareka Bishopo Desmond Tutu ho ya ka maikutlo a hae a botho, o
dumellana le molawana wa tshebedisano ya batho. Ho tiisa taba, ena ke
karolo ya bophelo ya batho e lokela hore batho ba e phele pele ba ka e
utlwisisa.

Botho ha bo etsahale ka tshohanyetso. Ke ditholwana tsa dintho tsa bohlokwa


tsa boholoholo tse setseng ele lefa. Ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa e
amang dikarolo tsohle tsa bophelo, haholoholo thuto, dipolotiki le moruo
kamehla.

Botho re ka bo tadima e le boitshwaro ba batho bophelong bo tliswang ho


motho ka mong ke dibaka tsa boholoholo tsa thuto ka morao ho nako e telele.
Dibaka tsena di na le seabo sa bohlokwa ho kenya moya wa botho ho bana
bohle. Ha dibaka tsena di ka nyamela di ka tlisa timelo ya batho. Ho fana ka
mohlala, mehleng ya kgale (ekasitana le kajeno metseng ya mahaeng naheng
ena ya Aforeka Borwa) barwetsana le bahlankana ba ntse ba eya lebollong ho
ithuta ka meetlo le mekgwa ya bophelo. Ba boetse ba rupelwa ka dintle tsohle
tse lebeletsweng ho motho e moholo. Ke tseleng ena moo ba utlwisisang ka
botlalo bohlokwa ba tlhompho, boikokobetso, boitshwaro bo botle, le bohlokwa
ba ho itella ba bang, ho ba lerato, boikarabelo le morolo. Bohlokwa ba tsena
tsohle tse boletsweng bo ne bo kgothaletswa ka melawana ya setjhaba e neng
e sa ngolwa. Ka lehlohonolo, ka lebaka la diphetoho tse etsahalang naheng ya
Aforeka Borwa e nang le merabe e fapaneng, ho na le thahasello e kgolo ya ho
bokella le ho ngola tsena tsohle.
Botho bo fumanwa haholoholo meetlong le ditlwaelong tsa batho tseo bohle ba
ithutang tsona ho tloha bongwaneng ho fihlela boholong. Na o dumellana le
polelo e?

1.5 Tshebediso ya Botho kamehla

Re ka tadima botho ho ya kamoo bo hlaloswang ka teng hore na bo lokela ho


ba jwang, tse ding tsa ditlhaloso tsena di supa ditabatabelo tsa ba phelang
sekgalekgale hona mona Aforeka Borwa le dinaheng tse ding. Ho ya ka
mohopolo wa sekgalekgale (eo e ntseng e le tsela e amohelwang kajeno:

• Ke botho ha motho ya nang le dikgomo, a siela ba se nang tsona hore ba


di sebedise, ba di hlokomele. Batho ba ne ba na le tumelo e tiileng ya
hore dikgomo tseo di tla ata, mme monga tsona e tla ba morui ka ho
Moelelo wa lentswe “Botho” 7

fetisisa. Molawana mona e ne e le ho thusa ba bang e le hore ba tsebe


ho ithusa.

E meng ya mekgwa ya ho iphedisa mehleng ya kajeno e thehilwe hodima


mokgwa ona wa botho. Ke ka bomadimabe hore ebe batho ba bang ba
nka monyetla le ho etsa bobodu ka mekgwa ena, ba bang ba be meharo
e le feela ho ithuisa. Metseng e mengata ya ditoropo ho na le mefuta e
mengata ya mekgwa ya ho thusana e kang: mekgatlo ya mapato,
mekgatlo le dikomiti tsa setjhaba, tseo sepheo sa tsona se seholo e seng
ho etsa phaello empa ho thusana kapa ho bontsha botho.

• Lelapeng la moAforeka e mong le e mong, mosatsejweng kapa moeti ke


motho ya hlomphuwang. Motho enwa o tshwarwa ka tlhokomelo, a fuwe
metsi hore a hlape, dijo hore a je le sebaka sa ho robala. Yena ka morao
ho moo, o se a tla tsebisa kamoo a ileng a tshwarwa hantle lapeng leo.

Ebe Aforeka Borwa ya kajeno mekgwa le ditlwaelo tse di sa tsejwa le ho


etswa? Mehleng ena e tsebahalang ka bosenyi bo phahameng kamehla,
motsamai ha a sa tshepjwa. Ebe botho bo se bo lahletswe matjoing
kapa tjhe?

• Ke botho ho hlokomela seng sa moahisane wa hao. O bee leihlo ntlong


ya moahisane wa hao, ha a le siyo. Dikgomo le dinku ha re a tshwanela
ho di lesa ho senya thepa ya batho ba bang hobane feela monga tsona a
se teng ho di alosa. Metseng ya ditoropo ka ho fetisisa, tlhompho ya
thepa ya motho e mong, e se e le ntho e sa tsejweng. Lebaka? Batho ba
ka ikwalla ka hara marako le diterata tse phahameng, empa malapa a
bona a ntse a thujwa ke disenyi le mashodu. Ebe lebaka keng? Re
lokela hore re le setjhaba re ke re buisane ka mabaka a etsang hore
batho ba lahle botho, haholo diketsong tsena.

• Botho bo kgothaletsa hore kgalemelo ya batjha ke mosebetsi wa


setjhaba. Ke boikarabelo ba batho bohle ba baholo ho kgalemela
boitshwaro bo bobe. Ke ketso ya botho ho amohela hore ngwana motho
e mong ke ngwana hao. Tshebediso ya ngwana ka tsela e fosahetseng e
ne e le ntho e sa tsejweng mehleng ya kgale.

• Batho ba baholo ba ne ba hlokomelwa, mme ba nehwa tlhompho yohle e


ba lokelang. Dintho tse sa lokang di ne di ke ke tsa etswa mahlong a
bona. Mehleng ya kajeno ba se ba hloriswa le ho hlokofatswa ke bana ba
bona.
Moelelo wa lentswe “Botho” 8

• Ke botho ha bao ba nang le hona ba arolelana le bao ba kojwana di


mahetleng. Ba fokolang mmeleng, ba kulang le diqhwala ha ba
tshwanela ho hlokofatswa. Ba lokela ho thuswa. Ho inehela ka botho ba
hao bohle o sa lebella moputso wa mofuta ofe, boo ke botho.

Lefatsheng leo re phelang ho lona ke ha “mmantja-di-a-loma.” Empa leha


ho le jwalo, batho ba bangata setjhabeng ba sa ntse ba ena le mosa, ha
ba bang bona ba etsa bolotsana. Naha ka bophara batho e se e le
mekopakopa e le hore feela ba mpe ba phele.

• Botho bo boetse bo kgothaletsa hore batho bohle, ho sa tsotellehe


mekgwa le meetlo ya bona e sa tshwaneng, ba lokela ho phela hammoho
ka kgotso le ho tshepana.

• Botho ha bo dumellane le meharo, mona, boshodu, bohlabaphiyo, ho se


tshepahale, ho tshwarana ka pelo, botswa, ho loma-o-fodisa, bohata, ho
shebela ba bang fatshe leha e le mofuta ofe kapa ofe wa ho eisa.

Leha ho le jwalo, tsena tsohle tse boletsweng ka hodimo di lokela ho tadingwa


re ntse re hopola dinako tse fetohang tseo re phelang ho tsona. Disebediswa
tse neng di sebediswa jwalo ka matshwao le sesupo sa botho, sebaka sa
tsona se nkilwe ke dintho tse ding kapa di nyametse. Ha ho le jwalo tse ding
tsa dintho tse ka hodimo re se re ka di bona ka setshwantsho feela. Ho fana ka
mohlala, mehleng ya kajeno, ekaba ntho e tshehisang ho sielana ka dikgomo
ho bontsha botho. Ho feta moo, botho ha bo dumellane le dintho tse ngata
tse tliswang ke maemo a ditaba ao re phelang tlasa ona, ka dinako tse ding le
kutlwisiso ya rona. Dintho tsena mohlomong ekaba di bakwa ke maemo a sa
tsitsang a dipolotiki le moruo. Leha ho le jwalo, motho ya nang le neo ya
botho, o lokela hoba matjato le ho fetoha ntle le mathata e le hore a tsebe ho
hlola diteko tsohle.

Motho e mong le e mong ya itshwarellang le ho phela kamehla ka kano ya


boitshwaro ba botho, leha a ke ke a fumana moputso ho tswa setjhabeng,
empa a ka lebella moputso wa bohlokwa kamoso.

1.6 Qetello

O bone kamoo botho bo hlalosang le ho manolla mefuta ya motho ya bophelo


ka teng, ebang ke ka kutlwisiso ya kgale kapa ya kajeno. Kutlwisiso ena e
tsamaisana hammoho le mekgwa le meetlo ya bona e amanang le ya ditjhaba
tse ding. Batho bohle, banna le basadi , ba hlomphang ditokelo tsa motho e
mong le e mong, ba na le botho. Mme sena ke seo molao wa tsamaiso ya
toka o tlamehang ho se kgothaletsa ditjhabeng tsohle.
Moelelo wa lentswe “Botho” 9

Mosebetsi 1.2
1. Na o a dumela hore botho bo sebetsa dibakeng tse itseng?
2. Ke mabaka afe a ka etsang hore botho bo se be teng?
3. Motho ya nang le botho ebe o ka mo nka e le motho ya fokolang kapa ya
matla? Hobaneng o realo?
4. Ka mantswe a hao, hlalosa botho.

Mosebetsi 1.3
1. Ebe ho na le menyetla ya hore botho bo ka sebetsa mehleng ye?
2. O nahana hore botho bo ka thusa jwang ho thibela bosenyi bo teng
setjhabeng sa rona?
3. Ebe botho bo ka thusa jwang ho bopa dikamano tse ntle mahareng a
mefuta ya batho ba Aforeka Borwa?
Mekga ya Thuto 10

Yuniti ya 2
Mekga ya Thuto

Diphetho tsa thuto

Ka morao ho hore o ithute Yuniti ya 2 o tla ba le hona ho:

• hlalosa hobaneng Senyesemane le Seburu jwalo ka dipuo tseo ho rutwang


ka tsona di ileng tsa setisa meralo ya motheo ya dithuto tsa maAfrika Borwa.
• hlalosa ka moo puo e holang ka teng ka nako e itseng,
• manolla bohlokwa ba puo e le karolo ya moetlo,
• hlalosa hobaneng puo e le ya bohlokwa jwalo ka sesebediswa sa ho ruta.

2.1 Selelekela

Yuniting ya 1 o ithutile ka botho. Jwale o a tseba hore botho bo bolela


tlhompho, kgotso, tshebedisanommoho le kaho ya setjhaba. Yuniting ena re tla
shebisana ka dihlopha tse tharo tsa thuto ya Aforeka Borwa. Jwalo ka ha o
tseba, motho a ke ke a arola botho ho dikolo tsa moetlo. Molaetsa wa
bohlokwa oo dikolo tsena di neng di o ruta ngwana e ne e le tlhlompho,
tlhlokomelo ya tikoloho, lerato la nalane ya setjhaba, lerato la moetlo le
thahasello ya tswelopele le paballeho ya tikoloho.
Mekga ya Thuto 11

Mosebetsi 2.1
Araba dipotso tse latelang ho nonya maikutlo a hao ka seo o se tsebang ka
nalane ya thuto ya Aforeka Borwa:
Ka mantswe a hao, bolela seo o se utlwisisang ka tse latelang:

• Thuto ya kgale kapa ya matswallwa.


• Bokoloniale.
• Thuto ya Batho Batsho (Bantu Education).
• Lenanethuto le letjha.

Re a tshepa o tla utlwisisa dihlooho tsena ka phethahalo ka morao ho hore o


bale mosebetsi o latelang:

2.1.1 Thuto ya kgale ya sehlopha sa Poraemari le


Sekondari

Ho ya ka moetlo wa kgale wa maAfrika, e ne e le mosebetsi wa batswadi ho


ruta bana ba bona. Batswadi ba ne ba ena le seabo se seholo sa ho ruta bana
ba bona boitshwaro. E ne e le matitjhere hape e le balaodi ba tlhompho le
melao ya boitshwaro. Tabakgolo e ne e le ho ruta bana ka ditsela tsa
baholoholo ba bona, e le hore le bona ba tle ba fetisetse ditsela melokong e
hlahlamang. E ne e le tokelo ya batswadi bohle ho rata le ho kgothaletsa
kgodiso e ntle ya bana ba bona ka tlasa leihlo le ntjhotjho la Badimo.

Thuto e ne e le ya molomo. Letsatsi le leng le le leng la beke, ka morao ho


hore ho phethwe mesesebetsi ya lelapa, bohle ba ne ba dula ifo ba ore mollo.
Mekga ya Thuto 12

Ebe moo ba baholo, haholo bonkgono le bontatemoholo, ba tlang ho pheta


ditshomo. Ba neng ba mametse le bona ba ne ba bina dipina tsa botjhaba, ba
opa diatla kapa ba hobela ha ho hlokeha. Ho ne ho rutwa ka puo ya
letswele, e neng e etsa bobebe hore baithuti ba utlwisise se rutwang. Ka
puo ya letswele bana ba ne ba ithuta ditsela tsa ho phedisana le ba bang.
Hape ba ne ba ithuta le ho etsa phapang pakeng tsa dintho tse
nepahetseng le tse fosahetseng, le ho utlwisisa ka moo bophelo bo leng
ka teng.

Ba neng ba sala le bana le bona ba ne ba ba binela dipina tsa ho koeetsa, ba


pheta ditshomo le dilotho, le tsona ka puo ya lapeng. Mekgwa ena ya ho ruta
ka ho pheta – e ne e fupere dikapolelo, maele, le tse ding. Puo ya letswele ke
ya bohlokwa thutong ya maAfrika kaha ke yona e sebediswang ho rupella bana
ho tloha qalong ya bophelo.
Thuto e neng e tsamaiswa ke batswadi e ne e sa teba haholo mme e le e
tlwaelehileng. Hape thuto e ne e etsahala moo bana ba kopanang le ba bang.
Bana ba ne ba kopana ka mefutafuta ya dipapadi jwalo ka diketwana – papadi
ya diketo (dikgomo) eleng majwana a balwang ka bohlano e neng e bapalwa ke
banana. Ha mokhu (keto e kgolo) o ne o akgelwa hodimo, diketo tse ka
sekotjaneng di ne di ntshetswa kantle ka bonngwe pele mokhu o wela faatshe.
Diketo tsena di ne di na le mabitso ao e neng e le karolo ya puo ya bana.

Thuto e ne e akga le mosebetsi wa matsoho, hobane bana ba ne ba lebeletswe


ho iqapela diporojeke mme e be batswadi ba a ba tataisa le ho ba eletsa.
Mohlala, bashemane ba ne ba alosa dinku le dipodi, ha morao ba dise
dikgomo. Nakong ena ba ithuta mantswe a sebediswang ke badisana ka
dipuo tsa bona. Ba ne ba iqapela le dithothokiso tsa bona ho buisana le
diphoofolo tsabo bona. Banana ba ne ba kga metsi mme ba sale le bana. Le
bona ba ne ba ithuta mabitso a disebediswa tsa ka tlung. Mesebetsi ya
botjhaba le moetlo eo ba neng ba sebetsa ho yona ha e le teng, ba ne ba ithuta
dintho tsa bohlokwa setjhabeng le tshebediso e ntle ya diphoofolo le dimela.
Sepheo se seholo sa thuto e ne e le ho ruta bokgothadi le ho tseba ho
sebetsa le ba bang. Bana ba baholo ba ne ba ithuta ho ba le boikarabelo, ha
ba bannyenyane bona ba ithuta boikemelo, ho tshepa le ho bontsha teboho
ho baholwane; mohlala, ha motho a o fa dijo o lokela ho di amohela ka
matsoho a mabedi, ka mantswe ana “Ke ya leboha.”

Ngwetsi e rutwa ho se bokotse (tshireletso e phoso) ngwana wa yona wa


matsibolo, kaha a ka tswa kotsi ha a se a bapala le ba bang. Bana ba lokela ho
ithuta ho tshepana.
Ha banana ba se ba fihlile nakong eo ba hlahang diolamolora, ba fumana
tataiso ho bomme ka ho pheha, boitlhokomelo ba bomme, le lerato la bosadi.
Basadi bohle ba setjhaba ba newa boikarabelo bona, “mothokgo”. Sena se
Mekga ya Thuto 13

pakwa ke mantswe ana “Mmamotse o bonwa mantlwaneng” Mosadi wa sebele


o bonwa mantlwaneng. Papadi ena e ba ruta ka tsa lelapa le mesebetsi ya
kamoso. Bashemane bona ba qeta nako e ngata ba alositse dikgomo mme ba
le ka hara letsoho le matla la ba baholo – baholwane, bomotswala, borangwane
le ba bang ba baholo motseng. Ha monna e moholo ya fetang ka tsela a ka
bona dikgomo di se na modisana kapa di fula moo di sa lokelang, o se a
fumana lebaka la ho ba shapa. Ketso ena e ke ke ya bolelwa ha ba fihla hae.
Ho ithuta tlhompho ho ba baholo, ho jara mathata ke tse ding tsa sesupo sa
bonna – maikemisetso a kgothaletswang ho moshemane e mong le e mong ho
tloha a sa le dilemo tse tlaase. “Monna ke nku ha a lle” monna o tshwana le
nku ha a lle leha a le mathateng. Thuto yohle setjhabeng sepheo sa yona ka
bophelo, ho tloha motho e sa le lesea ho fihla bongwaneng, mme botswadi
kapa boholo ha se ka dilemo feela, empa ho amohelwa le ho sebetsa
mesebetsing yohle ya setjhaba.

Boitshwaro le semelo tsa bana di ne di nkwa e le dintho tsa bohlokwa. Bana ba


ne ba lebeletswe ho tshepahala, ho bontsha boikarabelo, le ho bua nnete ka
mehla. Ba ne ba rutwa ho hlompha batho ba baholo. Ke ka hona botho ka
Sesotho, ubuntu ka seNguni le seVhuthu ka seVenda, di neng di rutwa bana ba
sa le bannyenyane ka puo ya lapeng.
Lebollo le ne le etsetswa banana le bashemane. E ne e le tsela e telele, e
qalang hang hoba banana ba hlahe diolamolora mme bashemane ba mele
ditedu. Le ne le nka nako e ka bang dilemo tse tharo ho fihla ba eya
mophatong moo ba neng ba qeta dikgwedi tse pedi ho isa ho tse tsheletseng
ba rupellwa ka thata. Ho banana nako ena e thata ya thupelo mophatong ba e
qeta ba dula ntlong ya mophato kantle ho motse. Lebollo e ne e le boikarabelo
ba batswadi bohle, mme ba bolotswang ba arolwa ho ya ka dilemo tsa bona.
Leha bahlankana ba ne ba disa dikgomo, empa jwale nako e kgolo ba ne ba ba
kgotla ho mamela ditaba tsa setjhaba; kapa ba rwalla patsi ya mokete, ba
tshware dikgomo tse senyang masimong, ba hlaole lehola masimong a
morena. Ba neng ba tswa mophatong ba ne ba bitsetswa kgotla ho tla shapjwa
ebang ba ne ba sa bontsha tlhompho ho ba baholo kapa ba akga matsoho ha
ntate kapa rangwane a ne a leka ho ba shapa. Ba ne ba sasarwa ka sephadi
sa marapo se neng se etswa ke bona. “E otlollwa e sa le metsi” ke maele a
neng a sebediswa kamehla – “Thupa e otlollwa e sa le metsi”, a tshwana le a
Senyesemane “Spare the rod and spoil the child.”

Ha nako e se e fihlile, morena le lekgotla ba dumellana ka ho theha mophato


moo banana le bashemane ba yang teng tlasa tataiso ya mesuwe e hlwahlwa.
Bana e ne e le banna kapa basadi ba hlomphuwang, ba nang le tsebo e batsi
ya mekgwa le meetlo ya setjhaba, mme ba bile ba tsebahala ka boitshwaro le
mehlala e metle setjhabeng. Ba ne ba eba le bathusi, e mong wa bona ho
basuwe ebe motho ya tsebang ho phatsa. E ne ele yena ya tshepetsweng ho
Mekga ya Thuto 14

phatsa ha nako ya ho bolotsa e fihla ho ya ka ditjhaba ho fapana. Monna enwa


o ne a bitswa Thipane. Ngaka ya setjhaba seo e ne e le yona e tiisang lenaka
la mophato le sebaka sa moo mophato o tla ba ho sona. O ne a jara
boikarabelo ba mophato ho fihlela mophato o etjha. E ne e le yena ya
hlokomelang bophelo ba makolwane le dikamano tsa bona le Badimo le ho
thibela baloi.

Makolwane a ne a bewa hammoho, e seng ka tswalo ya bona, bana ba morena


le setjhaba ka kakaretso, bana ba barui le mafutsana. Ho ne ho se kgethollo.
Ba ne ba kwaela difahleho ka lehlaka mme mmeleng ba itlotsa ka letsoku.
Mme ka hona ho ne ho se bobebe ho ka kgetha e mong hara ba bang. Ba ne
ba tshwana ka ditsela tsohle, mme le dintho tsohle, tse ntle le tse mpe ba di
jarisana. Thabo le kganya ya e mong ke ya bona kaofela.
Sepheo ke ho aha dikwankwetla tsa batho ba moya o mong. Monna wa
Mmankgonthe ke ya kgothaletsang tswelopele ya setjhaba sa habo; ke
mophatong moo bohle ba ithutang eseng feela tse monate tsa setswalle empa
le boikarabelo ho ba bang eleng bona bo thehang motse kapa setjhaba.
Ngwana a ka thabela tokoloho. Empa ho monna kapa mosadi wa sebele ha ho
tokoloho ya nnete ntle le boikarabelo ho ba bang.
Mophato ke tsela ya bohlokwa eo ka yona mokgopi kapa sehlopha sa batho se
amohelang le ho hapella ba batjha sehlopheng. Sekolo sena se bontsha
kamoo bohlale ba batho bo amohelang dilemo ka ho se tshwane.
Bophelo mophatong bo ne bo le thata. Empa mehleng ena “dintho di bitswa ka
mabitso” Ha ho rutwa dintho di se di bitswa ka mabitso, ha ho sa na tlhompho.
Makolwane le bale ba ne ba rupellwa ka thata ka “mekgwa ya bontata rona.”.
Ena ke nako eo ka yona meloko e meholo e neng e fetisetsa se unnweng ho
meloko e tlang. Mokgwa wa thupelo e ne e le wa pale, ho hatellwa tse sa
lokelang ho etswa, tlhompho ya tse mpe, le ditholwana ho ba sa ileng – ba sa
etse seo setjhaba se lebeletseng ba batjha ho se etsa. Phetapheto le yona e
ne e sebediswa – dipina le mehobelo e ne e le disebediswa tsa bohlokwa tsa
ho ruta – maikutlo le menahano e metjha di ne di rutwa ka mokgwa ona.

Boitshwaro bo botle malebana le dikamano tsa banana le bashanyana e ne e le


ntho ya bohlokwa eo e neng e rutwa mophatong. Ka nako ena moshemane o
ne a sa dumellwa ho atamela le hannyane ho motho wa mosadi. Ha mosadi a
tliseditse bashemane dijo, o ne a di siya sebakeng se kgethilweng bashemane
ba tla di lata teng. Ba ne ba tseba hore sekgukguni se bonwa ke sebataladi.
Ha a ne a ka tlola molao feela, le haeba ke ka phoso, kahlolo e ne e le e matla,
ka nako tse ding o ahlolwa ke bona bomphato ba hae ka ho mo shapa. Ya
molato o ne a se na hona ho ka ipiletsa.

Ka lehlakoreng la bophelo ba setjhaba, mophato o ne o arola batjha bophelong


ba bongwana ho ba kenya bophelong ba baholo. O ne o ba tiisa moyeng le
Mekga ya Thuto 15

maikutlong a hore e be ditho tse kopaneng tsa dilemo tse lekanang. Mophato o
tiisa tlhompho ya mmuso ka ho kgothaletsa tlhompho ya ba baholo, ho
tshepahala ka ho ila dintho tse mpe le dikamano tse fosahetseng mahlong a
setjhaba. Ka lehlakoreng le leng ba bolellwa ka ditokelo tsa batswadi – ho bua
le Badimo, bao e leng karolo ya bohlokwa bophelong ba bona. Ha monna a sa
bolla, o ne a dula e le moshanyana – leqai – ha mosadi ya sa bollang yena e le
lethisa. Kgalekgale motho wa boemo bona o ne a sa dumellwa ho nyala kapa
hona ho ya kgotla. Banna ba sa bollang ba ne ba nenwa ke basadi hore ha ba
a fella, le basadi ba sa bollang ba ne ba shebelwa faatshe ke banna le basadi
ba bolotseng.

Tlwaelo ya ho soma ba sa bollang eo e neng e tsebisahala hara maIseraele e


ne e le kgolo haholo le hara Basotho. Ka mehla ba bua ka hore ba lebeletse ho
fihla ha letsatsi leo ka lona ba tlang ho ntshwa kgatellong ya maqai – bao ho ya
ka bona e leng batho ba sa tswanelwang ke bophelo kaha ke dinakedi.
E sale hosasa ka letsatsi la ho qetela la mophato, ntlo eo ba neng ba dula ho
yona- mophato – eya tjheswa. E mong o hlaba mokgosi, ebe moo bohle ba
boloditsweng ba tswa ka mophatong ba ntse ba tsotse, ba phasaphase jwaloka
ditweba ba sa hetle kamorao. Ba matha jwalo ba lebile motseng. Haele
diphahlo le thepa yohle ya bona e tjhella hona kamoo ka mophatong. Ha ba
atamela motseng ba kgahlametswa ke sehlopha sa banna, se fihlang se ba
potapota hore ho se be mang ya ba bonang. Banna bana ba ba isa kgotla moo
teng ba kenang ka tlung e etseditsweng bona. Ke moo beng ka bona, haholo
bomalome ba ba tlisetsang diaparo tse ntjha. Kamorao ho moo ba tlisetswa
bohobe ba dipolokwe bo apehilweng ke bomme. Ebe moo ho etswang
ditlhophiso tsa mokete wa dithoko. Ho hlajwa poho dikgomong tsa morena
kapa monga mophato. Basadi ho tswa ka dikgoro tsohle tsa motse ba tlisa
jwala kgotla ba ntse ba duduetsa ho bontsha thabo le nyakallo. Ke moo
makolwane-bashemane bana ba tswa bolotswa, ba tswelang ka ntle, ba apere
diaparo tse ntjha, kaha jwale e se e le batho ba batjha. Batswadi, metswalle,
haholo dikgarebe, ba tla ka bongata ho tla bona makolwane a matjha lekgetlo
la pele, mme bohle ba nyakaletse. Empa ka dinako tse ding ho ba bang eba
motsotso wa mahlonoko hohane e ye ebe hona ba elellwang le ho bona hore
seng sa bona se shweletse mophatong, kaha ditaba tsa mophatong e le
pinyane, ha di bolellwe basadi le maqai. Di bitswa ka hore ke koma – pina ya
mophatong.

Makolwane e be moo a binelang batho ba tlileng moketeng mangae ao ba


ithutileng ona mophatong. Qetellong ya letsatsi makolwane a kgutlela kgotla
moo banna bohle ba eteletswe pele ke morena ba teanang le bona. Kopano
ena e bitswa ka hore ke Pitso. Sepheo sa pitso ena, ke moo morena a ba
amohelang phatlalatsa e le moloko o motjha sehlopheng sa hae sa banna ba
motse oo. Hape e be morena o ba fa eo e tla ba moetapele wa bona ho tloha
Mekga ya Thuto 16

ka nako eo. Moetapele enwa e ne e ye ebe e mong wa mahlahana a morena.


Ho tloha mona jwale e se e le banna ka botlalo. Ha e le banana e ye ebe
basadi ka botlalo. Ba rupeletswe le ho binelwa ka botlalo ho lokisetswa
mathata ohle a bophelo, le hore ba ka nyala kapa ba nyalwa e le hore ebe
batswadi. Le meketeng e tlang ya makolwane le bona ba dumeletswe jwale ho
ba karolo ya yona.

Ka kakaretso thuto e ikgethileng kapa thuto e fumanehang hohle e ne e rutwa


ka puo ya letswele. Mohlala, dipapadi tse kang dilotho le morabaraba di ne di
etswa ka Sesotho. Mabitso a dibaka kapa dikarolo tsa bophelo le ona e ne e le
Sesotho. Thupelo ka puo ya letswele (ya ka lapeng) e ne e le yona e
sebediswang kgodisong ya ngwana ho tloha e sa le lesea.

Mosebetsi 2.2

1. Na ditjhaba tsa kgalekgale di ne di ena le thuto? Ebe thuto ya bona e ne e


ena le molemo?
2. Hlwaya melemo ya thuto diketsong tsa kgale tsa maAforeka tseo ho
buuweng ka tsona ka hodimo.
3. Ho ya ka wena, ebe o bona diketso tsee tsa kgale di ne di ena le melemo
efe thutong?
4. O mosuwehlooho wa sekolo se phahameng sa banana feela. Ngwanana e
mong sekolong sena o lakatsa ho ya lebollong le tla qala ka kgwedi ya
Mmesa. Ebe taba e o ka sebetsana le yona jwang?
5. Puo e na le mosebetsi ofe ha ho rehwa dintho, ho nahanwa ka moetlo,
ditumelo le ditsela tsa mesebetsi?
Mekga ya Thuto 17

2.1.2 Bokoloniale

Tadimisisa setshwantsho sena mme o arabe dipotso tse latelang:

Mosebetsi 2.3

1. Ke se feng se fihlang maikutlong a hao ha o tadima setshwantsho see?

2. Ho ya ka tjhadimo ya hao, ebe o bona thuto ya bokoloniale (ka Senyesemane


le Seburu) le ntjhafatso ya metse di tlisitse pherekano maphelong a batho le
meetlo ya bona? Tiisa seo o se bolelang.

HO FANA KA MAIKUTLO LE KUTLWISISO

Setshwantsho se ka hodimo se hlalosa le ho bontsha ka botlalo bokoloniale


Aforeka le dikarolong tse ding tsa lefaatshe. Ho tloha dilemong tsa sekete le
makgolo a tsheletseng ho fetela pele, dibaka tse ngata tsa Aforeka, Asia le
Amerika di ile tsa ba tlasa kgatello e matla ya mebuso ya bokoloniale (jwalo ka
Borithani, Fora, Portugal le Netherlands) ho bolela tse mmalwa feela. Baithuti
ba bang ba re bokoloniale e bile sesosa sa mathata ka dilemo tse ngata, ba re
e bile “ho tliswa ha maikutlo a ba basweu, ka mokgwa wa puo, bodumedi,
Mekga ya Thuto 18

meetlo le maikutlo. Leha ho le jwalo baruti ba tumelo ya Sekeresete ebile bona


ba thusitseng ka ho ngolwa ha dipuo tsa Aforeka Borwa. Ho ile ha qatjwa
mekgwa ya ho ngola puo.

Mebuso ya bokoloniale eo ho buuwang ka yona ka hodimo, e ile ya sebedisa


dipuo tsa yona ele puo eo ho rutwang ka yona dinaheng tseo ba ikgapetseng
tsona. Sena se ile sa setisa tswelopele ya dipuo tsa baahi dinaheng tseo tse
hapilweng. Dinaha tse latelang ke tse ding tsa Aforeka tse ileng tsa hatjwa.

Naha ya Afrika Mmuso wa Bokoloniale Puo e tlisitsweng


Angola Portugal Sepotoketsi
Benin Fora Sefora
Zaire Belgium Sefolemishe
Aforeka Borwa Borithani/Netherlands Senyesemane / Seburu

2.1.2.1 Tlhaloso e kgutshwanyane ya Thuto ya Bokoloniale

Tlhaloso e kgahlang kapa e nyefolang ke e ngotsweng ke David Bullard


lesedinyaneng la Sunday Times (14 Phupjane 2000) kholomong e bitswang
“Out to Lunch” o re:

“Tabakgolo ka Mmuso wa Manyesemane e ne e le ho arolelana makumane a


tswelopele le bohle ba neng ba se ka ba eba le lehlohonolo la ho hapa sebaka
sa pele phupeng ena ya bophelo ka ho ba Manyesemane. Ho hlaselwa mme o
etswa setho sa mmuso wa Manyesemane e ne e tshwana le ho fumana
ditlhapiso feela.”

Maikutlo a Bullard a dumellana le mehopolo ya boradikolone ba bang.


Barupelli ba boradikolone ba ne ba le tlasa taelo ya hore ba rute baahi ka
ditsela tsa naha e ba hapileng. Baralathuto le bona ba ne ba tswa naheng tsa
boradikolone. Ka bobona ba ile ba etsa qeto ya hore maAforeka thuto ya bona
ha ena se molemo. Ka hona, ba rala thuto hore e “rute” maAforeka a bue jwalo
ka boradikolone, ba apare jwalo ka bona, mekgwa ya ho ja, bodumedi, ho bala
dibuka le boitshwaro ka kakaretso e be ba boradikolone. Puo ya ho ruta le
yona e be ya naha e ba hapileng, mme le tsona dipuo tsa maAforeka di rutwe
ka puo eo. Baithuti ba maAforeka ba ne ba kgothaletswa ho tseba puo ya naha
eo ba leng ka tlasa yona, mme ba be ba tsebe le puo e nngwe hape ya ba
basweu. Empa ho ne ho se kgatello ho baithuti ho ithuta dipuo tsa maAforeka.

Thuto ya bokoloniale e ile ya tlohela mefuta yohle ya thuto ya boholoholo,


hobane tsohle tsa yona di ne di nkwa e le “bohetene”. Batsamaisi ba dikolone
le bona ba ne ba ena le tumelo e tiileng ya hore maAforeka a ne a sena tumelo.
Ba ile ba lahlisa batho mekgwa ya borapedi ba seholoholo molemong wa
Mekga ya Thuto 19

Sekeresete. Tumelo ya Sekeresete ya kgothaletswa dikolong tsohle tsa


thupelo, mme ke ka tsela eo dikolo tsena di qeteletseng di se di le tlasa
tsamaiso ya dikereke ka ho fapana. Batswadi ba ne ba ruta thuto ya
boholoholo le bodumedi ha ka lehlakoreng le leng boradikolone ba ne ba
hatella bokeresete le mekgwa ya boitshwaro ya Bophirimela.

Ho ya ka dingolwa tse ding tsa bangodi ba maAforeka ho totobetse hore puso


ya bokoloniale ebile o mong wa mehlodi ya polao ya batho ba Aforeka. Ho
bontsha kgahlano le ho se ikamahanye le puso ya bokolone, mongodi e mong
wa dithothokiso tsa seXhosa Mqhayi (1993:73) o re:

Tjhe! Haele Borithane Tumelo, ya tla le botlolo le Bebele;


Ya tla le moruti a tsamaya le lesole.

Boradikolone ba ile ba sonngwa ka hore ba maleme a dintlha di pedi, ke ka hoo


Mqhayi a buang ka “botlolo le Bebele”. Ke dintlha tsena tse pedi tseo ho ya ka
maAforeka a mangata a kang Mqhayi, tse ileng tsa etsa hore maAforeka a be
lekgonono thutong le tumelong ya baditjhaba. Mqhayi o hlalosa hore batho ba
ile ba thahasella feela seo ba se tsebang le ho se utlwisisa. Kaha thuto le
tumelo ya boradikolone maAforeka a ne a sa e tsebe, mme seo e neng e le sa
bona se ne se bitswa ka hore ke sehetene le ho hloka tumelo ke baetapele ba
sekeresete, badumedi ba seholoholo ba ne ba hulanya maoto ho tsena tse
ntjha mme ba kgolwa hore thuto ya bokoloniale e tla hloleha.
Mehleng ena bongata ba bakeresete ba sokolohileng mona Aforeka ba lahlile
mekgwa le ditlwaelo tsa tumelo ya seAforeka eo baholo ba bona ba neng ba e
tseba le ho e utlwisisa, mme ba latela ditlaelo tse ntjha tsa baditjhaba. Ho sa
tsebisahale hantle hore ebe ba inehetse tumelong ena ka botlalo jwalo ka ha
baholo ba bona ba ne ba inehetse ho ya bona.

Bana ba bapadiswa dipapadi tseo ba sa di tlwaelang mme ba rutwa ka puo ya


baditjhaba. Bao ba sokolohetseng bokereseteng ba lebeletswe ho fetola
mabitso a bona a seAforeka, ao ba neng ba tseba moelelo wa ona, ebe ba
rehwa mabitso a ba basweu a se nang moelelo ho bona. Ba ne ba rutwa ho
labalabela ho ba motho e mosweu ho ena le hore ebe maAforeka ya atlehileng.
Ho ne ho boetse ho na le teko ya ho arola ba rutehileng le ba sokolohileng
ditjhabeng tsa bo bona; mohlala, ha o ne o rutehile o ne o lebeletswe ho tswa
motseng wa heno ho ya phela le Bakeresete le barutehi ba bang ele hore le tle
le buisane ka Senyesemane le bona.
Ha o tadima kamoo ditlhophiso tsa lenyalo di etswang ka teng kajeno, ho ya ka
tumelo ya baditjhaba, e se nang kamano le tumelo ya seholoholo, o makatswa
ke ho hloka thahasello ho ba nyallanang. Ebe see ke nnete, kapa ke ho se
utlwisise mekgwa ya baditjhaba. Ho feta moo, maAforeka a mangata a
phelang metseng ya ditoropo, ba ntse ba ntshetsa pele ditlwaelo tsa bona
Mekga ya Thuto 20

sekgukgung, empa phatlalatsa ba re ditlwaelo tseo di fetilwe ke nako. Ha ho


makatse ho utlwa maAforeka a sejwalejwale a nyefola ditshebeletso tsa
Badimo ha ba ena le ba bang, athe ba ntse ba nyamela ho ya mahaeng a bo
bona ho phetha yona mesebetsi eo ba e nyefolang. Thuto ya bokoloniale le
mekgwa ya bophelo ya sejwalejwale, di kgathile tema e kgolo ho kgothaletsa
pherekano bathong ba bangata, mme sena sa qetella ka tshenyeho ya batho,
haholoholo batjha.
Bontlhapedi bo re bo bonang ho ba bang ba maAforeka a dulang ditoropong,
bo tlisa pherekano ho bana ba bona. Bana bao batswadi ba bona ba
swabiswang ke karolo ya bophelo ya moo ba tswang teng, ba kgahlwa le ho
hohelwa ke dihlopha tsa botlokotsebe tse etsang mesebetsi e kgahlanong le
boitshwaro bo botle, hobane ho tsona ba amohelwa ntle le mathata.
AC Jordan bukeng ya hae e tummeng – Bohale ba Badimo (The Wrath of the
Ancestors) o hlalosa kamoo thuto ya bokoloniale e tlisitseng tshenyo morabeng
wa maMpondomise porovinseng ya Kolone Botjhabela. Sebapadi se seholo
bukeng ena e leng Kgosana Zwelinzima le batlatsi ba hae, moratuwa e leng
mosadi wa hae, ha ba natse le ho se tsotelle ditlwaelo tsa boholoholo ka
hobane ba rutehile. Ba nyenyefatsa batho ba etsang meetlo ya kgale, mme le
bona ha ba mo tshehetse. Ho se utlwane ho teng dipakeng tsa morena le
setjhaba sa hae ho ba le ditholwana tse mpe. Mofumahadi o fapana hlooho, a
qetelle a ikakgetse nokeng yena le mora wa hae. Motswala wa morena moo a
lekang ho ba pholosa le yena noka ya mo nka. Morena ka ho utlwa pelo
bohloko ebile moo a ipolayang. Ketsahalo ena ya eba pheletso ya borena ba
bona, kaha morena, mohlahlami wa hae le motswala wa hae ba ile ba eshwa.
Ka morao ho hore setjhaba se hlolehe ho fumana setopo sa mora morena,
monnamoholo ya bohlale eo lebitso la hae e neng e le Ngxabane a re:

“Le itshenyetsa nako! Ngwana eo o shwele ka ho ya ka moetlo wa


MaMpondomise. Tshimolohong marena a rona a ne a patwa metsing.
Enwa ke morena. Bontatarona moholo ba re hopotsa ka meetlo eo re
seng re e lahlile ka lefu la ngwana enwa. Taba ya hore o kganngwe ke
metsi yena le mmae, sena se bolela hore se dumeletswe ke Badimo.
Badimo ba halefile. Ke mma ngwana enwa ya tlileng mona mme a
hatikela meetlo ya rona. Jwale, Badimo ba kgethile yena ho tlisa
ngwana wa bona ho bona, hona moetlong oo a sa kang a o
hlompha(Phetolelo ke ya rona).

Dithuto tse ngata tse neng di rutwa nakong ya thuto ya bokoloniale di ne di


reretswe ho phahamisa boemo ba dinaha tsa boradikolone ha ka lehlakoreng le
leng di ne di senola “bowatla” ba maAforeka. Mohlala wa tse ding tsa dithuto
tsena e ne e le Boipolao ba Maxhosa ka 1857. Dibuka tsa nalane (histori) tsa
nako eo di bolela hore ketsahalo ena e mpe e ile ya bakwa ke moradi wa ngaka
ya boloi, ya neng a bolelle batho hore o kopane le Badimo ba hae pela noka.
Mekga ya Thuto 21

Badimo bana ba ile ba mo laela ho bolella setjhaba ho senya dintho tsohle tsa
bona haeba ba batla ho hlohonolofatswa. Yaba moo setjhaba sa MaXhosa se
bolayang maruo ohle a bona le ho tjhesa dijalo. Ka morao ho nako e
kgutshwane ba fetoha mekopakopa hobane tse boletsweng ke ngwanana eo di
sa ka tsa phethahala. Bangodi ba nalane ba kajeno bona ba bolela hore
Mmusisi Sir George Grey pusong ya hae o ne a kgathatswa ke MaXhosa a
neng a sa rate ho inehela bokolonialeng. E le hore a tle a tsebe ho ba bea
tlasa kgatello, ho ile ha etswa maqheka ao ka ona batho ba bang ba ileng ba
ikgakanya e le “badimo” mme yaba ba fa ngwanana eo ditaelo jwalo ka ha ho
boletswe ka hodimo. Diraporoto tsena tse pedi ka ketsahalo e le nngwe di
bontsha ka moo thuto e neng e sebediswa ke boradipolotiki ho ntshetsa merero
ya bona pele.

Mosebetsi 2.4

Nahana ka dipotso tsena:

1. Setjhaba sa kajeno se ka sebedisa thuto ya bokolone molemong wa sona


jwang?
2. O kopuwa ho leka ho kopanya meetlo ya kgale le e metjha ya maAforeka,
tlasa maemo a kgatello le kgethollo. Ebe mosebetsi oo o ka o etsa jwang?

D. P. Moloto, e mong wa bangodi ba Setswana ya hlaheletseng ka mahetla,


bukeng ya hae Motimedi o hlalosa ka moo thuto ya bokoloniale e ileng ya tlisa
maqakabetsi setjhabeng sa maAforeka ka hore ba nyenyefatse dipuo tsa bona
molemong wa puo ya Manyesesemane.
Moloto o hlahisa maikutlo, ka moo batswadi le matitjhere ka hobane ba sa
tsebe, ba sa nkeng thuto ka puo ya letswele e le ntho ya bohlokwa dikolong tsa
poraemari. Molahlehi, sebapadi se ka sehloohong bukeng, o teana le mathata
ho tswa ho barutwana le batswadi ba nang le tumelo ya hore thuto ya boemo
bo phahameng e ka fumanwa ha feela ho rutwa le ho ithuta ka Senyesemane.
Batswadi ba bang ba dumela hore dipuo tsa MaAforeka di boemong bo tlaase
mme ha ba ikemisetsa ho dumella hore bana ba bona ba rutwe ka dipuo tsa
MaAforeka.
Moloto o sebedisa phoqo ho senola kgohlano dipakeng tsa titjhere le motswadi.
Titjhere o dumela hore thuto ka puo ya letswele ke motheo wa bohlokwa
thutong ya ngwana ha batswadi bona ba dumela hore Senyesemane ke puo e
sebediswang ho bontsha matla le ho ba le tshwaetso ho ba bang. Batswadi ke
diphofu tsa mokgwa wa thuto o shebelang fatshe puo le meetlo ya setjhaba.
Titjhere Molahlehi, o leka ho ruta setjhaba ka bohlokwa ba dipuo tsa MaAforeka
le meetlo ya tsona empa ha ho bonahale tema.
Mekga ya Thuto 22

Motheo, mosupatsela wa puo ya Senyesemane, ha esale a ruta moradi wa hae


Senyesemane. Ka bomadimabe ha a tsebe qapollo e nepahetseng ya
medumo, mopeleto le tatelano ya mantswe. Dipolelo tse latelang di bontsha
kamoo boiteko ba hae e neng e le ba boemo bo tlaase kateng:

Version 1: De khad sad on the mad


Version 2: The cat sat on the mat
: Katse e dutse hodima mmate.

Polelo e ka hodimo e bontsha ka botlalo hore moithuti o ne a sa utlwisisi


moelelo wa mantswe, ha ho na kamano dipakeng tsa seo moithuti a se buang
le seo a se tsebang ho tloha lapeng, ka hona ke modumo wa mantswe feela o
se nang moelelo.

Version 1: De han tsu bok wi de ka


Version 2: The hunter shoots the goat with a gun
Phetolelo: Setsomi se thunya podi ka sethunya
Version 1: De kats kot a fad rot
Version 2: The cat caught a fat rat
Phetolelo: Katse e tshwere tweba e nonneng.

Mantswe a Version 1 ka hodimo a bontsha pherekano ya kutlwisiso ya


mantswe ho moithuti. Moithuti o ne a leka ho fana ka molaetsa o hlahang
Version 2. Mohlala wa puo e sebedisitsweng ke Motheo ho Version 1 ke
bopaki bo totobetseng ba moithuti ya binang mantswe feela empa a sa utlwisisi
seo mantswe a se bolelang.

Mantswe a latelang a sebedisitsweng seratswaneng seo ho qotsitsweng ho


sona a bontsha kamoo tsebo ya puo eo Motheo a neng a re o a e tseba, e neng
e fokola kateng:

Version 1 Version 2 Phetolelo


Window Windows Difesetere
Thamets damage tshenyo
Thitsha teacher Titjhere
Khod God Modimo

Motheo o na le tumelo e tletseng hore tsebo ya hae ya Senyesemane e


phahamistse boemo ba hae setjhabeng, le haeba a sa sebedise puo ka
nepahalo. O bile a reha moradi wa hae lebitso la Senyesemane leha e ne e se
hobane bahlanka ba molao ba le hloka ha a ne a etsa kopo ya lengolo la
tswalo, empa hobane a ne a ena le lerato la Senyesemane le meetlo ya teng.
Mekga ya Thuto 23

Tsena tsohle di a hlaha bukeng moo a buang le moradi wa hae, kapelepele o


fetohela Senyesemaneng:

Version 1: O batla eng my Bouti?


Version 2: What do you want my Beauty?
Phetolelo: O batla eng Botle?

Lentswe “Bouti” polelong e ka hodimo, ke phetolelo ya Motheo ya lentswe


Beauty. Lentswe le bontshang lerato leo a bitsang moradi wa hae ka lona ke
LOF, phetolelo e nepahetseng e leng Love – Lerato. Motheo o senola ho se
tsebe ha hae setjhabeng, mme o iketsa tseketseke ho batho ba nang le tsebo
ya Senyesemane. Motheo o se a bile a tshwaeditse moradi wa hae ho
nyenyefatsa puo ya lapeng. Ha titjhere a mo romela hae ho ya lata buka ya
hae o re:

It is said that we should come and fetch Sotho books.


Ho itswe re tle hae ho tla lata dibuka tsa Sesotho.

Kgetho ya lentswe disotho sebakeng sa Sesotho e bontsha moya wa


nyenyefatso puong ya Sesotho. Le ntatae o re:

Ke ya hlapanya ka ntate hore moditjhaba enwa ke letahwa.


Mantswe moditjhaba le letahwa a bontsha ka moo Motheo a hlohileng le ho
nena titjhere le sohle seo a se etsang. Ha a rate menahano ya titjhere ya ho
ruta barutwana ka puo ya batho. Botle o re:

{Hape o re ke o bolelle hore tikeshinare ya Senyesemane ha e rutwe


sekolong sena. Ebile o re ke ntho.}
Ho a swabisa hore ebe Motheo o fetoletse lebitso la hae ho Pillar, e leng
phetolelo ya Sesotho ya Motheo – empa lebitso le bitswa le fosahetse jwaloka
Phila.
Mehlala e ka hodimo e bontsha bohlokwa ba thupelo ka puo ya lapeng, haholo
dihlopheng tsa motheo. Ha barutwana ba sebedisa puo ya baditjhaba e le puo
ya thupelo le ho ithuta ba teana le mefuta e mmedi ya mathata: puo e sa
tlwaelehang le sehloohothuto se setjha. Bothata bo boholo bo ka hlaha
ngwaneng haholo dilemong tse tlaase, ha a ithuta ka puo ya baditjhaba, mme
sena re se bona ho Motheo le moradi wa hae ha ba bua Senyesemane.
Mongodi o bontsha hore Motheo ke lehlatsipa la mokgwa wa thuto o
kgothaletsang puo ya baditjhaba ho sebediswa e le puo eo bana ba ithutang ka
yona dikolong tsa poraemari. Mongodi o bontsha bofokodi ba mokgwa wa
thuto eo ho yona morutwana a hlolwang ke puo ya baditjhaba ekasitana le ya
lapeng. Mokgwa ona wa thuto ditholwana tsa teng ke motho ya jwalo ka
Motheo, ya sa tsebeng Senyesemane hammoho le puo ya seAforeka.
Mekga ya Thuto 24

Moloto o tswelapele ho bontsha kamoo puo eka sebediswang ho atleha


dipolotiking ho ena le ho atleha mosebetsing wa yona, e leng ho fetisetsa
molaetsa bathong. Mongodi o sebedisa baphetwa le puisano ho bontsha
kamoo merabe e meng e sebedisang puo e fosahetseng ho nyefola mefuta e
meng, mme sena se baka lehloyo le ho se tshepane ha merabe.
Moloto o boetse o sebedisa lebitso Setshwana ( e leng la batho ba batsho)
sebakeng sa Setswana. O sebedisa puo kamoo batho ba tla e utlwisisa ka
teng. O leka ho hlaola moya wa lehloyo dipakeng tsa merabe le ho tsitlallela
puong ya morabe o itseng. Mongodi o leka hape ho bontsha hore thuto
hangata e tlasa taolo ya ba nang le matla a puso. Mmuso wa Makgowa a
Aforeka Borwa o ne o batla hore bohle ba tsebe puo ya bona – e le hore ba tle
ba tsebe ho ba fa ditaelo.
Sohle se neng se rutwa mehleng ya kgale se ne se sena sebaka mona. Thuto
ya baruti ba lentswe la Modimo le yona e ile ya kgothaletsa Senyesemane
hore e be puo eo ho rutwang ka yona. Bana ba ne ba bapala dipapadi tseo ba
sa di tsebeng mme ba di rutwa ka puo ya baditjhaba. Ba ne ba lebeletswe ho
fetola mabitso a bona a seAforeka mme ba sebedise mabitso a sekgowa
hobane a bona a ne a nkwa e le a sehetene.
Sepheo sa diketso tsohle tse ka hodimo e ne e le ho etsa batho hore ba
labalabele hoba jwalo ka Makgowa ho ena le hore ba be maAforeka a
atlehileng.
Ba ne ba kgothaletswa ho sebedisa ditlolo tsa letlalo e le hore ba be basweu
jwalo ka baokamedi ba bona.
Ho ne ho ena le boikitlaetso bo boholo ba ho arola thuto setjhabeng. {Mohlala –
ha o ne o rutehile o ne o lebeletswe ho tloha motsaneng wa mahaeng o yo dula
kaekae motseng wa toropong le ba bang ba rutehileng e le hore le tle le bue
Senyesemane hammoho.

2.1.3 Thuto ya Bathobatsho

Mokgwa ona wa thuto wa “Bantu Education” e ne e le ntshetsopele ya


bokoloniale, empa ho wona ho ne ho ena le kgothaletso ya puo ya Seburu.
Taba ya tshebediso ya dipuo jwaloka sesebediswa sa ho ruta e ne e le taba e
hlohlontshang ditsebe thutong ena ya Bantu Education. Seburu le
Senyesemane e ne e le tsona dipuo tsa mmuso. Senyesemane e ne e ile ya
eba yona puo e ka sehloohong nakong ya thuto ya bokoloniale. Ke ka hoo
baetapele ba thuto ya Bantu Education ba ileng ba batla ho phahamisa Seburu
hore le sona se be boemong ba Senyesemane. Dikolo di ile tsa qobellwa ho
ruta dithuto tse ding ka Seburu. Mohlala, dithuto tse kang Temo, Histori le
Dipalo. Kaha di ne di rutwa ka Seburu di ne di bitswa Landbou, Geskiedenese
le Matiesies. Matitjhere a mangata a ne a sa rupellwa ka Seburu, kahoo ho
ruta ka Seburu e ne e le tsietsi. E ne e le dikolo tse mmalwa feela dibakeng
tsa bodulo tsa batho ba batsho, tse neng di ena le dilaeborari le dilaboratori.
Mekga ya Thuto 25

Baithuti dikolong tsena ba neng ba ntse ba ena le bothata ka dithuto tsa


Saense, jwale mathata a ne a menahane habedi kaha jwale ba ne ba ithuta
dithuto tseo ka Seburu.
Ho ya ka dikgothaletso tsa Raporoto ya Eiselen ya 1951, batho bohle ba
Aforeka Borwa ba ne ba tla una molemo ka ho newa thuto e thehilweng hodima
meetlo ya bona. Kgothaletso ena e ile ya bolela ho thehwa ha mafapha a thuto
a neng a thehilwe ho ya ka mmala wa batho le lenanethuto le sa tshwaneng la
MaAforeka, Bammala, MaIndia le Makgowa.
Mothehi e moholo wa thuto ya Bantu Education mmusong, Dr HF Verwoerd o
ne a ena le tumelo e kgolo hore mefuta ya batho ho ya ka mmala wa bona ba
lokela ho rutwa ka mokgwa o tla ba etsa hore ba se kopane mosebetsing.
Thuto e ne e tshwanela ho rupela baithuti makaleng a thuto a lokelang merabe
ya bona. Dithuto tse neng di ka rupella batho ba batsho makaleng a kang
boenjinere di ne di sa fumanehe ha bobebe dikolong hobane ho ne ho se
matitjhere a batho ba batsho a rupeletsweng ho tsona.
Bothata ba puo ya eba bothata ba mokgwa wa thuto ka kakaretso kaha bothata
bona bo ile ba ama setjhaba sohle sa Aforeka Borwa pele ho meferefere ya
baithuti ya selemo sa 1976.

Moya wa ho ba kgahlanong le Seburu jwalo ka puo ya ho ruta wa baithuti ba


batsho wa hahlamela batho ba batsho bohle hoba kgahlanong le Maburu ka
kakaretso. Boradipolotiki ba sebedisa bothata bona ba puo dibakeng tsa
Thupelo ho iphumanela matshwao. Ba fana ka setshwantsho sa baithuti ba
batsho e le batho ba hlokang boitshwaro. Tshekamelo ya MaAforeka Borwa le
Mekga ya Thuto 26

lefatshe ka kakaretso ya angwa ke tabakgolo ena ya puo. Taba ya hore thuto e


ne e arotswe ho ya ka merabe, e ne e etsa hore baithuti ba sa angweng ke
taba ena ba se ke ba utlwisisa se etsahalang. Kahoo ho ne ho le bobebe ho
bea molato ho bomphato ba bona ba batsho. Baithuti ba batsho le bona ba
hlokofatswa ke sena kaha ba ne ba nahana hore bao ba ba beang molato ba
etsa seo hobane e le baikaketsi ba tseba hore mathata a hokae.
Ho leka ho kgutlisetsa dintho madulong ho fetola boemo bo neng bo tlisa
mathata thutong ya Aforeka Borwa mmusong wa tswelopele ka karohano,
lefapha la thuto la shebana le taba ya puo. Ka ho hlokomela hore tshebediso
ya puo thutong ke yona e bakang mathata mme e senya dikamano dipakeng
tsa MaAforeka Borwa, mmuso wa ANC wa sebedisa taba ya puo thutong ka
tlhoko e kgolo ka sepheo sa ho aha dikamano tse ntle. Tlhahiso ya ANC ya ho
dumella moithuti ho ithuta ka puo eo a ikgetsetseng yona, ya rarolla mathata a
mangata a shebaneng le baithuti.
Ketsahalo e nngwe ebile ho adingwa ha mabitso a mangata puong ya Seburu
le Senyesemane. Seburu se ile sa phahamiswa hoba puo ya pele ya
semmuso. Batho ba batsho ba bile kgahlanong le ketsahalo ena ka selemo sa
1976. Ka yona nako eo, ho ile ha hlaha mokgatlo wa Boitseko wa batho ba
batsho o neng o eteletswe pele ke Steve Biko le ba bang. Lepetjo la bona e ne
e le “Black is beautiful” “Botsho bo botle”. Batho ba batsho ba ne ba
kgothaletswa ho se sebedise ditlolo tse etsang letlalo le be lesweu, ba
kgothaletswa ho ba motlotlo ka seo ba leng sona le ka dipuo tsa bona. Ke
nakong ena moo batho ba ileng ba boela mabitsong a bona a SeAforeka. Bana
le bona ba rehellwa ka baetapele ba boitseko ba kang Kenyatta kapa Samora.
Mabitso a seAforeka le a batswadi ba bona a sebediswa.

2.1.4 Lenanethuto la Setjhaba (National Curriculum


Statement)

Ka selemo sa 1994 mmuso o motjha wa puso ya setjhaba ka setjhaba o ile wa


thehwa. Taba ya tshebediso ya puo ya thupello ya eba ka sehloohong.
Nakong tsa puso ya bokoloniale le Thuto ya Batho Batsho Senyesemane le
Seburu e ne e le tsona dipuo tsa ho ruta. Mmuso o motjha o eteletsweng pele
ke MaAforeka lekgetlo la pele, wa ba le maikutlo a hore dipuo tsa batho ba
batsho di lokela ho nehwa tlhompho. Kamorao ho dipuisano mmuso wa
Aforeka Borwa wa amohela molaotheo wa dipuo tse 11 tsa semmuso. Dipuo
tsena kaofela di ile tsa behwa boemong bo lekanang.
Ka nako eo ho ngolwang ditaba tsena, setjhaba se ne se qeta dilemo tse e14
se le tokolohong. Re keteka boiphihlelo bona e le karolo ya bohlokwa ya seo re
tlang ho se etsa re le batho ho hlopha botjhaba ba rona le ho lokisa
setshwantsho sa rona, re sa dumelle ho hlaloswa ke ba bang. Mme re lokela
ho etsa sena sohle ka tlhompho ya kopano leha re sa tshwane, re tsitlallela
Mekga ya Thuto 27

poelano ya setjhaba le kopano. Ha ho nako e ntle ho feta ena. Jwaloka ha


Thabo Mbeki, Mopresidente wa mehleng wa Aforeka Borwa a ile a bolela
puong ya hae: Ena ke nako!
Jwalo ka karolo ya bohlokwa ya sena, e nngwe le e nngwe ya dipuo tsa rona
kapa dihlopha ho ya ka meetlo ya tsona, di lokela ho etsa boiteko bo boholo ho
utlwisisa puo, meetlo le mekgwa ya sona empa le dipuo le meetlo ya ba bang e
le hore re be ntho e le nngwe naheng ena ya rona e ntjha.

Mopresidente o hlalosa boemo bona ba ditaba ka mantswe ana:

“Hantlentle batho ba bangata naheng ena ya rona ba hlahisitse ngongoreho ka


boemo ba dipuo tsa MaAforeka setjhabeng sa rona. Hona ho malebana le
dintlha tsa bohlokwa tse kang tsehebediso ya puo ya lapeng e le puo ya ho ruta
dikolong, thuto ya dipuo tsa MaAforeka dikolong le diyunifesithi, phatlalatso ya
dibuka le masedinyana ka dipuo tsa MaAforeka, le ntshetsopele ya dipuo tsena
e le hore di sebediswe e le dipuo tsa thupelo makaleng a phahameng le
ditsheng tsa mmuso ha ho buisanwa.
Jwaloka karolo ya boitlhaloso ba rona, ho molemo ho etsa malebaleba ohle a
ho jala tsebo ya dingolwa tsa rona le thepa yohle e ngotsweng ka dipuo tsa
MaAforeka kaha tsena tsohle di qadile ho hatiswa naheng ya bo rona maqalong
a sentjhuri ya 19. Hara dintho tse ding, sena se ka re senolela thuto ya
bohlokwa ya kamoo mokgwa wa botho, setso le hoba motlotlo ho ba neng ba
hateletswe, o ileng wa ba thusa ho itshireletsa ho bokoloniale le kgatello ya
tswelopele – ka karohano ho tla fihla jwale. Ke taba ya bohlokwa ho rona hore
re bule ditsebe le dikelello tsa rona ho seo mahlatsipa a kgatello, beng ba
mokgwa ona wa botho, ba re bolellang sona ka dipuo tsa bona.

Tokomane ya Mmuso ya Thuto le Thupelo (Tlhakubele 1995) e re:

Sepheo se seholo sa lenanethuto ke ho fa bana menyetla ya hore ba hole ka


phethahalo e le baahi ka botlalo ba nang le boikarabelo le mafolofolo ho ka aha
setjhaba sa puso ya setjhaba se sa kgetholleng ho ya ka mmala, se lekanang.
Kgodiso ya ngwana ka hohlehohle ho lokela ho lebisa bothong bo feletseng e le
hore ngwana a tle a be le disebediswa tsa bohlokwa tsa bophelo.
Ena ke nako eo batho ba bangata ba ileng ba e nka e le tswalo e ntjha ya
setjhaba, nakong eo batho ba batsho ka bongata ba ileng ba kena leetong la
boiphumano. Lebitso lena “tswalobotjha” la eba malemeng a batho kamehla.
Batswadi ba bangata ba qala ho reha masea a bona mabitso a seAforeka. Ka
ha jwale puso e bileng telele ya kgethollo e ne e fihlile pheletsong, mmuso o
motjha wa Aforeka Borwa wa fetola molaotsamaiso wa dipuo ho kenya dipuo
tsa baahi. Kwamwangamalu (2006:1) o hlalosa taba ena jwana:
Mekga ya Thuto 28

Ka phediso ya kgethollo ka 1994, mmuso o motjha o ile wa ananela leano la


tshebediso ya dipuo tse ngata. Ketso ena e ile ya beha maemong a
phahameng, eseng feela Senyemane le Seburu empa dipuo tsohle tsa
MaAforeka tse robong, e leng: Sexhosa, Sezulu, Sendebele, Seswati,
Setswana, Sesotho, Sepedi, Sevenda le Setsonga.
Sepheo se seholo sa molao wa tsamaiso wa dipuo o motjha e ne e le ho
phahamisa maemo a dipuo tse robong tsa MaAforeka ka ho di sebedisa e le
dipuo tsa ho ruta mekgahlelong yohle, haholoholo thutong. Molao-tsamaiso wa
Puo Thutong, o hlahisa maikutlo a latelang:

• Batswadi ba etsa kgetho ya puo molemong wa ba banyenyane …


• Baithuti ba tlameha ho kgetha puo eo ba tla rutwa ka yona ha ba
amohelwa sekolong…
• Moo puo e itseng e leng siyo, baithuti ba ka kopa lefapha la thuto la
mmuso wa porofense ho etsa tlhophiso ya hore ba rutwe ka puo eo ba e
kgethileng.
• Makgotla a tsamaiso a dikolo a lokela ho totobatsa hore sekolo se tla
kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse ngata ntle le tshebediso ya puo eo
ho rutwang le ho ithuta ka yona, kapa ka ho eketsa dithuto tse ding e le
dithuto, kapa ka tshebediso e ikgethileng ya diporokgerama tsa tlhwekiso
ya dipuo, kapa ka mekgwa e meng e amohetsweng ke hlooho ya lefapha
la thuto la porofense, jwalojwalo.

Ba bag ba baahi ba Aforeka Borwa ba ile ba dumellana le tshebediso ena e


ntjha ya dipuo tse 11, ba hlokometse hore motho o utlwisisa dintho ha bobebe
ka puo ya pele. Mmqwashu (2008:2) moo a qotsitseng Prah (2002):

Tlhokeho ya ho kgutlisetsa madulong dipuo tsa MaAforeka ke ntho e bobebe.


MaAforeka a ithuta hantle ka dipuo tsa bona, dipuo tseo ba di antseng ho
batswadi ba bona ho tloha malapeng. Ke ka dipuo tsena ba ka qalang le ho
qapa. Ho qapa le ho qala ke ntho e bohlokwa eseng feela kgolong ya moruo
empa le matlafalong ya mmuso wa setjhaba ka setjhaba ho tsa mekgwa le
meetlo. Ke dipuo tse kgothaletsang setjhaba ho inahanela. Ke dipuo tsena
tseo e leng sesiu sa meetlo le nalane ya MaAforeka ho tloha mengwaheng ya
kgale. Ke ka dipuo tsena tsebo ya bohlokwa e ka bang molemo tswelopeleng
ya MaAforeka e ka fumanehang.

Kwamwngamalu (2006) yena o re:

Ekasitana leha mmuso o bontsha boitelo ho dipuo tse ngata, le kgothaletso ya


ditokelo tsa dipuo mekgahlelong yohle ya bophelo, empa lehlakore la thuto lona
ha le bontshe hore Aforeka Borwa ke naha ya dipuo tse ngata. Ke ka lebaka
leo re ipotsang hore ebe boikitlaetso ba mmuso ba hore ho sebediswe dipuo
Mekga ya Thuto 29

tsa baahi thutong ebe ke nnete kapa ke moritaoke feela. Ebe o ka kgolwa ha
ho thwe dilemo tse leshome di fetile haesale molao-tsamaiso wa puo o
kenngwa ho Molao wa Motheho wa naha, empa ha ho bonahale eka ho na le
tema e kgathilweng ho kenya molao wa tsamaiso ona tshebetsong haholo
ntlheng ya thuto ka puo ya letswele. Se bonahalang ke mokgwa wa kgale moo
ho neng ho sebediswa Senyesemane le Seburu e le dipuo tsa ho ruta dikolong
tsa Senyesemane le Seburu. Dipuo tsa MaAforeka tsona di sebediswa e le
dipuo tsa ho ruta ho tloha sehlopheng sa pele ho fihla ho sa bone haholoholo
dikolong tsa ba batsho.
Diphehisano ka hore ho tsoseletsa puo ya letswele e le puo ya thupelo hae le
sekolong di boetse di qadile hape. Dikolo tsa boholoholo di boetse di qadilwe.
Ho na le maikutlo a reng dipapadi tse kang diketwana, le kgati di kgutliswe.
Dipuo tsa MaAforeka jwale di se di rutwa ho tse ding tsa dikolo tsa Aforeka
Borwa. Tsebo ya mahlale ya baahi le yona e na le tshwaetso dikarolong tsa ho
ithuta tse kang molao le saense.

2.2 QETELLO

Mokgwa wa thuto wa naha ya Aforeka Borwa ha esale o fetofetoha ka nako e


telele. Thuto ena e lekile ho latellisa tema eo puo e e entseng ho baahi ba
Aforeka Borwa. Thuto ya kgale e neng e sebedisa puo ya lapeng e le puo ya
thupelo e entse motheho o motle o kgothaletsang boiqapelo. Ka ho fetisisa,
thuto ena e entse bobebe ho kopanya puo le moetlo bana ba sa le bannyane
ka tshebediso ya dipale, dilotho, maele le tse ding.
Thuto ya bokoloniale e ile ya sitisa le ho ntsha tseleng mokgwa wa thuto ya
MaAforeka. Sepheo sa thuto e ne e le ho hapa le ho sokollela MaAforeka
bokereseteng. Thuto e ne e itshetlehile haholo ka mekgwa le meetlo ya
Makgowa mme e nena ditlwaelo le meetlo ya baahi. Puo ya thupelo e ne e le
Senyesemane mme baithuti ba lebeletswe ho thabela le ho amohela moetlo wa
baditjhaba. Kgothaletso e ne e le ho dingolwa tsa Senyesemane. Ka
lehlohonolo MaAforeka ha a ka a lahla puo le moetlo wa bona, mme ba bang
ba ile ba tswelapele ho ngola dingolwa ka dipuo tsa bona.
Mokgwa wa Thuto ya Batho Batsho ebile teko e nngwe ya mmuso wa ba
basweu ya ho hatella batho ba batso. Sepheo sa thuto ena e ne e le ho etsa
batho ba batsho basebeletsi le makgoba a ba basweu. Ho kenngwa ha Seburu
jwalo ka puo ya thupelo ka 1976 o ile wa qobella mmuso ho hula qeto eo ya
ona mme wa kgutlela tshebedisong ya Senyesemane e le puo ya ho ruta le ho
ithuta.
Ka selemo sa 1994 Aforeka Borwa e ile ya fumana tokoloho mme mmuso wa
pele wa setjhaba ka setjahaba o ile wa behwa. Puso ena e ntjha ya tlisa
lepatlelo la thuto le letjha naheng ena. Ho kenya tshebetsong dipuo tse 11 ya
eba ntho ya pele ya Aforeka Borwa ekasitana le lefatshe lohle. Dipuo tsa batho
ba bangata tseo esale di le ka thoko ho seotlo, jwale tsa ba setsing.
Mekga ya Thuto 30

Mosebetsi 2.5

1. Qoolla dintlha tse tlisitseng tshebediso ya dipuo tse 11 tsa Aforeka Borwa.
2. Ke sefe seo mmuso wa setjhaba ka setjhaba wa Aforeka Borwa o se entseng
ho kgothaletsa dipuo tsa MaAforeka?
3. Etela lebenkele la thekiso ya dibuka motseng wa heno, a ko shebe hore ke
dibuka tse kae tse dishelefong tse ngotsweng ka dipuo tsa MaAforeka, mme di
kae tse ngotsweng ka Senyesemane le Seburu. Hobaneng ho le jwalo?
4. Puo ya hao ya letswele e amme thuto ya hao jwang?
5. Puo ya hao ya lapeng ebile le seabo sefe hore o fumane mosebetsi?
Dikamano pakeng tsa motho le motho 31

Yuniti ya 3
Dikamano pakeng tsa motho le motho)

Sephetho sa ho ithuta

Ha o se o qetile Yuniti ya 3 o tla tseba ho:

• Hlalosa se bolelwang ka dikamano hara batho


• Ho kgetha le ho hlalosa (toloka) temoso e bolewang ka molomo le e sa
bolelweng ka molomo.
• Ho fumana mekgwa e molemo ya tshebedisano dipakeng tsa botjhaba bo
fapaneng, mohlomong le ho tlohela mekgwa e mebe eo re ithutileng
yona.
• Ho supa ka moo botho bo ipakahatsang ka teng maemong a fapaneng
ditjhabeng tsa Aforeka.

3.1 Selelekela

Dikamano hara batho ke ka moo batho ba sebetsang mmoho ka teng, ka moo


ba bolokang dikamano tse ntle ka teng le ka moo ba ithutang le ho utlwisisa
botjhaba ba batho ba bang. Dikamano tsena di bolela ka rona re le batho ba
Aforeka Borwa hore re itsebe mme re tsebe le batho ba bang hape. Dintho tse
ngata tseo re di etsang ha re na le batho ba bang di itshetlehile hodima
botjhaba ba rona. Pele re tswela pele ha re ke re nahaneng hore hana
botjhaba ke eng. Ho latelang ke tlhaloso e nngwe ya botjhaba. (e nkilwe ho
Fitzgerald 2002:226):

Lentswe lena botjhaba le kenyelletsa puo, moaparo, boitshwaro le makgabane


a setjhaba. Makgabane a bontsha ditumelo mabapi le tse nepahetseng le tse
fosahetseng le mokgwa o motle wa ho itshwara.
Dikamano pakeng tsa motho le motho 32

Yuniting ena re a tshepa o tla thuseha hore o ele tlhoko hore ke sefe se etsang
hore o fapane kapa o tshwane le ba bang ka botjhaba. Re ikemiseditse ho o
hlaha leseding leo o tla beha boitshwaro ba hao ho bona ho qoba
diqhwebeshano tse sa hlokeheng le ho se utlwisisane ha le kopana le batho ba
hlahang dibakeng tse ding le botjhabeng bo fapaneng le ba hao.

Yuniting ena re sekaseka taba ya dikamano hara batho le hore tshebediso ya


puo le ho bua ka matsoho kapa ditho tse ding tsa mmele ho ka thusa kapa ha
sitisa ho atleha ha dikamano tseo. Maikemisetso a rona ke ho o thusa ho
ithuela tsebo ya motheho ya dipuisano hara batho. Re lakatsa ho etsa hona ka
mokgwa wa pale e ka etsahalang feela Aforeka Borwa ya kajeno.

Haeba o hopola seo o ithutileng sona Yuniting ya 1 ka Aforeka Borwa ya kgale


moo batho ba neng ba sa kgathalle ho tseba ka batho ba bang, ke ena pale e
bontshang hore Aforeka Borwa e ntjha e tsejwang e le “setjhaba sa mookodi”
moo batho ba neng ba sa kgathalle “ba bang”, empa ba inahanela bobona
feela; jwale ba iphumana ba qobelleha ho ithuta ka botjhaba ba batho ba bang.

3.2
Hoba a qetele dithuto tsa hae ho e nngwe ya diyunifesithi tsa Aforeka Borwa,
Thabo Moloi a etsa qeto jwalo ka batjha ba bangata ba Aforeka Borwa ho ya
Amerika ho ya ithuta mosebetsi le ho tseba lefatshe. Ha a ntse a le Amerika a
etsa setswalle le kgarebe ya Aforeka Borwa e bitswang Maritjie van der Merwe.
Ka mora nako e seng kae ba fetoha baratani.

Ka letsatsi le leng Thabo a letsetsa mmae ho mo tsebisa hore o tla tla hae
bekeng tse pedi tse tlang kaha konteraka ya hae e se e fedile. A mmolella hore
o tla le kgarebe ya hae, e seng e feletswe ke konteraka le yona.

Mofumahadi Moloi, Mmathabo, o ne a thabile haholo ke ho utlwa ditaba tsena


tsa hore o tla bona mora hae hape ka mora dilemo tse pedi a le siyo. O ne a se
a mo hlolohetswe haholo. Empa o ne a tshwenngwa ke ho utlwa hore mora o
tla le kgarebe ya hae ho tla e tsebisa lelapa. “Ke ipotsa hore ebe ke motho ya
jwang?” a bua a le mong. “Ke tshepa hore o kopane le ngwanana e motsho wa
Aforeka Borwa. Banana bana ba Amerika ha ba kgathalle letho etswe ba bua
le haholo ho feta ka moo ke ratang.”

Hara motse, ditaba tsa ho kgutla ha Thabo tsa kekela jwalo ka hlaha.
Metswalle, mehahabo le baahisani ba tla kgobokana ha Moloi ho tla ba
amohela ka mofuthu. Qetellong letsatsi leo esale le lebeletswe la fihla, mme
thapama ka Labohlano tekesi ya hutara e le keiting ho tsebisa ho fihla ha
Thabo le kgarebe ya hae. Batho ba tswa ka tlung ka lehlaphahlapha ho tla ba
Dikamano pakeng tsa motho le motho 33

kgahlanyetsa, ba bina pina ya kamohelo mme ba duduetsa ka thabo.


Mmathabo ya neng a thabile haholo a phallela keiting, a fihla a aka mora hae
ka thabo, dikeledi di keleketla marameng a hae.

Monghadi Moloi a atamela mme a dumedisa mora ka letsoho. “Ka tla ka thaba,
mora, ho o bona. Ke a leboha, Lekgolokwe, hore o kgutlile o ntse o phela. Re
a leboha hore Badimo ba o tshireleditse hara ditjhaba, mafatsheng a hole.

A kgaletse ho tseba, Mmathabo a botsa, “O kae motswalle wa hao?” Ka


pososelo e kgolo Thabo a atametsa Maritjie pela hae mme a re, “Mme, tseba
ngwetsi ya hao ya kamoso.” “Ao! Lekgowa!” ho realo Mmathabo ka ho makala.

Maritjie, mosetsana ya mahlahahlaha ya tletseng thabo, o ne a thabetse ho


kopana le ba bohadi ba hae ba kamoso. O ne a bile a reketse MmaThabo
ntjanyana e le mpho. Ka moo a neng a thabile ka teng a ba a aka mme wa
Thabo a re, “Ke hlompho e kgolo ho nna ho kopana le wena, Grace. Mora hao
o mpoleletse tse ngata ka wena. Ke o tletse mpho. Ke tshepa hore o rata
dintja. Ke qetile ka hore ke e rehelle ka wena. Lebitso la yona ke Grace.” A
realo a neha Mmathabo ntja.

Ha kgutsa ha re tu! nako e telele mme nakong eo ya ka Thabo a ka re, ‘lefatshe


ngamoha, ke kene.’ Monghadi Moloi a senne a re, “Kgele, Mmathabo o kile wa
bona mohlolo o tje?” A ba a tloha moo. Ho hlollwa le ho se kgolwe ha
bonahala fahlehong sa Mmathabo. Empa a leboha Maritjie a sa etse lerata ka
mpho eo ya hae mme ka pelepele a e neha motjhana wa hae hore a e tshware.
Ba bang ba lelapa le metswalle ba qaboha ha Maritjie yena a sena a swabile.

Ha ba kena ka tlung, ba phomosetswa empa Maritjie yena ka boikokobetso a re


ha a lapa. Ha ba ntse ba eja, Mmathabo a ba bolella ka lefu la e mong wa
leloko motsaneng o haufi le moo. Ka hoo ba lokela ho kgutlisetsa morao
moketjana wa kamohelo ya bona oo ba neng ba o hlophiseditswe.

Ka le hlahlamang lelapa lohle la tsoha e sa le ka meso ho itokisetsa ho ya


phupung. Maritjie a botsa Thabo hore na le yena a ka ya hobane bohle ba ya
phupung, etswe o ne a ke ke a siuwa a le mong moo lapeng. Ha e tla ba
monyetla hore a tsebane le ditho tse ding tsa leloko.

Ha ba atamela habo mofu, Maritjie a makatswa ke ho bona letshwele le neng le


tlisitse tlhompho ya ho qetela. Ha ba fihla ba emisa koloi ya bona hodima
mohlwa wa moahisani. Ho se hokae Mong. Grobler a tswa ha hae a halefile
haholo, a kgarumela mokganni wa koloi a mmolella hore a tlose koloi ha hae
kaha ba se na tumello ya ho emisa moo. A shebile fatshe ka boikokobetso,
Thabo a leka ho hlalosetsa monna eo hore a ke a ba thuse ka moya wa botho.
Dikamano pakeng tsa motho le motho 34

“Re mohau, Monghadi, a ko re thuse ka moya wa boahisani. Hopola hore ka


sehahabo rona motho ke motho ka batho ba bang.” Empa Mong. Grobler a
satalatsa molala a tshosa ka ho bitsa mapolesa kaha ba hlasetse ha hae. A
kgarumela Thabo a re, “O se ke wa nthuta ka botjhaba ba hao, ke ha ka mona!”
Ka nako yona eo mohatsae a tla a qekisa monna a re, “Moratuwa hle, a ko ba
lese ha kajeno feela.” Monna a bososela, a kgutlela morao a ntse a supa
Thabo ka monwana a re, “Hopola ho ntsebisa e sa le pele nakong e tlang, ho
seng jwalo!” Thabo a bopa matsoho ho bontsha tlhompho a re, “Ke a leboha,
Monghadi.”

Ha ba kena jareteng Maritjie a bona basadi ba bangata. Ba bang ba apere


moaparo o tshwanang, mme ba phehela dipitseng tse kgolo. A ikutlwa a sa
phuthuloha ha a bona letlalo la kgomo le leketla fenseng. Bongata ba bomme
ba baholo bo ne bo behile ditjale mahetleng a bona mme le dihloohong ba
rwetse.

Tsena tsohle di ne di le ntjha ho Maritjie. A ikutlwa a ferekane mme eka o


lahlehile. A hwehla Thabo ka monwana. O ne a batla tlahlosetso ya tsohle tse
etsahalang mona. Ka ho ferekana Thabo a hlakola mofufutso phatleng a re,
“Hei!” a realo a eya nqeng ya mohatsae wa kamoso ka lesisitheho. Metswalle
ya hae ya ikwala melomo ho pata ditsheho tsa bona tse somang.

Pale ena mohlomong e o bontshitse hannyane mathata a hlahiswang ke


maemo a fapaneng Aforeka Borwa ke ho se utlwisisane ho bakwang ke
botjhaba bo sa tshwaneng le ho hloka tsebo ha batho ba tswang botjhabeng bo
sa tshwaneng.

Jwale ako etse mosebetsi ona ho bontsha hore o fapane jwang le batho ba
bang.

Mosebetsi 3.1

1. Nahana ka ketsahalo eo o kileng wa ba ho yona le batho ba botjhaba bo


bong. Ketsahalo eo e ile ya o ama jwang? Ngola maikutlo a hao
bukaneng ya hao ya ho ithuta.

Ho tseba ha lona ho fapane, mme re ke ke ra fana ka maikutlo mona. Ho


bohlokwa ho hopola hore ha ho botjhaba kapa diketso tsa botjhaba tse
ntle ho feta tsa ba bang.

Haeba ha o so kopane le botjhaba ba batho ba bang re tshepa hore o tla


una molemo ho seo o tla ithuta sona yuniting ena.
Dikamano pakeng tsa motho le motho 35

3.2 Puisano ya molomo le eo e seng ya molomo

Melaetsa e fapanyetsanwang ha batho ba kopane e ka fetiswa ka molomo kapa


ka mekgwa e meng e seng ya molomo. Re tla hlahloba dikamano dipakeng tsa
batho re itshetlehile hodima ditemosi tsa mefuta e mmedi: ditemosi tsa molomo
le tse seng tsa molomo tikolohong eo re phelang ho yona. Re tla boela re
shebe hore ditemosi tsena di ka hlaloswa hantle kapa hampe jwang.

3.3.1 Puisano ya Molomo

Batho ba buisana ka mekgwa e mengata e fapaneng. Mehleng ya kgale,


baholoholo ba rona ba ne ba sebedisa puisano ya molomo ho fetisa botjhaba
ba bona ho tloha molokong o mong ho ya ho o mong. Moo ho sebediswang
puisano ya molomo, puo ke yona e sebediswang ho fetisa molaetsa. Kaha puo
e entswe ka mantswe hona ho bolela hore ho sebediswa mantswe a buuwang
kapa a ngotsweng. Ha o bala pale e ka hodimo hape o tla hlokomela hore
baphetwa ha ba amohele se buuwang ka ho tshwana, ho bolelang hore ba fosa
ho hlalosa se buuwang. Ha o hopola see se bakwa ke eng?

Mantswe a na le moelelo o itseng ho batho ba a sebedisang, empa ka nako tse


ding moo ho kopaneng matjhaba a fapaneng, ho sebedisa mantswe a
tshwanang ho ka baka mathata. Nka mohlala wa lentswe lena la Sepedi ‘ho
lapa’ le bolelang ho kgathala, lona lentswe lena ka Sesotho le bolela ‘ho batla
dijo’ Ho feta moo lentswe la Sepedi “sefate” () ka Sesotho moelelo o fapane
hole hobane ka Sesotho sefate ke semela.

Leha paleng ya rona mehlala e jwalo e le siyo, a ko kgutlele ho yona mme o tla
hlokomela hore baphetwa ba babedi ka nko tse ding ba bitswa ka mabtso a sa
tshwaneng esita le ka mabitso a tshwanang. O ka fana ka lebaka la see? Na
see se a etsahala botjhabeng ba heno? A ke re bale mefuta e meng eo batho
ba bitsanang ka yona ka seAforeka, mme re bone hore na re ke ke ra thuseha
ho araba potso ya pele – ke ho re haeba re sa tsebe ho e araba.

O tla fumana hore baphetwa ba babedi ho na le hore ba bitswe ka mabitso a


fapaneng. Mohla Thabo a na fihla hae ntatae o na mmitsa ka “Lekgolokwe.”
Ka seAforeka batho ba fane e tshwanang ba nkwa e le seng. Ha ho natswe
hore ba tswa naheng efe. Motho e mong le e mong ya sebedisang fane ya
Moloi o bitswa “Lekgolokwe”.Bomoloi kaofela ke makgolokwe. Ke tlhompho le
tlotla e kgolo ha motho o ka bitswa ka seboko. Ha ho thibelo tshebedisong ya
seboko ho ya ka dilemo tsa boholo.
Dikamano pakeng tsa motho le motho 36

A o ne o tseba hore …
Diboko ditjhabeng tsohle tsa Aforeka di na le seabo sa bohlokwa maphelong a
malapa a fapaneng le maemong a fapaneng? Mohlala:

• Diboko di sebediswa ho kgotsofatsa Badimo ba bona …


• Di sebediswa hape ho rorisa (roka), ho leboha le ho kopa molemo o
itseng.
• Di sebedisetswa hape ho dumedisa, mohlala ha baeti ba ipeha ha ba fihla
motseng kapa ha ba tlisitse bohadi.
• Di thusa ho koeetsa ngwana hore a robale …
• Di Sebediswa ha ho ilo bolokwa setho sa lelapa …
• Di sebediswa meketeng ya manyalo le ya dikgau tsa thuto…

Mekgwa ya ho bitsa batho e bohlokwa ka seAforeka. Ka moetlo, mosadi a ke


ke a bitsa monna wa hae ka lebitso. Jwalo ka hlooho ya lelapa, monna o
hlomphuwa ke bohle ba lelapa. Mohatsae o mmitsa ka seboko kapa ka lebitso
la ngwana hae wa matsibolo. Ha fane ya hae e le Moloi a ka re “Lekgolokwe”
kapa “Ntata Matsemela haeba ngwana bona wa matsibolo e le Matsemela.
Monna le yena o bontsha tlhompho ho mohatsae ka ho mmitsa ka seboko sa
habo. Haeba Mof. Moloi a tswalwa haMofokeng, monna hae, metswalle le
baahisane ba tla mmitsa Mmamofokeng.

Ka Senyesemane mosadi o lahla fane ya habo ha a nyalwa, empa ka sezulu ha


e nyamele hobane bohle, esita le metswalle ya hae ba tla mmitsa Mmathabo.
Hona ke tsela e nngwe ya ho hlompha batswadi ba hae ka ho nehelana ka
moradi wa bona lapeng la Moloi ho ba moradi le mosadi wa bona. Leha ho le
jwalo, ha batho ba sa tsebe fane ya tswalo ya mosadi ba sebedisa fane ya
monna hae mme ba mmitse Mmamoloi (Mof. Moloi) kapa Mmamofokeng (Mof.
Mkhize) haeba a nyetswe ha Mkhize.

Nna ka bonna, morupelli wa lona ke tseba sena hantle. Ka 1993 ha ke ne ke le


morupelli Unisa, ke ne ke kopane le mongodi wa Lekgowa e ne eka ba thaka
mme. Ke ne ke tshohe ho utlwa bohle ba mmitsa ka lebitso la hae Elsie ba sa
re Mof. Cox. Ke ne ke sa utlwisisi ruri. Mof. Cox o ne a shebeha a sa tsotelle
ho bitsollwa hona. Hei! E ne nkuke dikgwedi pele le nna ke kenella mokgopi
wa ho mmitsa Elsie. Ke ne ke ikutlwa phoso ho mmitsa ka lebitso la hae. Sena
se ne se etswa ke ka moo ke hodisitsweng kateng. Ka seAforeka motho e
mong le e mong e moholo ho wena o lokela ho mo bitsa: mme, ntate, nkgono,
ntatemoholo, moholwane kapa aubuti, kgaitsedi kapa ausi. Bana ba bitswa
moshanyana kapa ngwananyana. Ho fapana le Botjhabela ba Bophirima, ha re
na mantswe a tshwanang le a Senyesemane a kang “step sister, step brother,
step mother, step father.” Ho rona ke kgaitsedi, mme, moholwane kapa ntate –
ke phetho.
Dikamano pakeng tsa motho le motho 37

Ho batho ba kang boMmamoloi ke mohato o boima ho batho ba baholo ho


amohela manyalo dipakeng tsa ditjhaba tse fapaneng. Ho na le mabaka a
mangata hobaneng ho le jwalo. Ha ba sa hola, melao ya naha e ne e ba
hanela ho nyalana le merabe e meng. Le ho Makgowa ho ne ho le jwalo, ke ka
hona ho dubakang dikelello tsa batho ba baholo ho tobana le maemo a seng a
hlalositswe paleng e ka hodimo.

Seo ke ithutileng sona ka Elie se ne se nkgopotse polelo ya Manyesemane e


reng, “Ha o le Roma, etsa seo maRoma a se etsang.” Sena se boetse se
ntemositse hore ka nako tse ding re iphumana re inehela kapa re qobelleha ho
etsa dintho tse pedi maemong a itseng e le ho phethisa botjhaba ba batho ba
bang. Jwale, o hopola hore mokgwa oo morupelli a dumetseng ho tlohela seo
a hodisitsweng ka sona o lokile kapa ke ho shebela botjhaba ba hae tlaase?
Ke molemo kapa bobe bofe moo?

Empa mehleng ena ya sejwalejwale, ho bitsa motswadi kapa motho e moholo


ka fane ya hae feela, o sa ikgathatse ho tseba lebitso la hae, eka ho na le bobe
bo ka nnang ba tlisa ho dukeha ha dipuisano kapa ho swaba. Ke hopola ke
mametse Ukhozi Radio ka tsatsi le leng ha sebohodi se tlaleha ka ngwana ya
lahlehileng (ya neng a ka ba dilemo di tharo kapa di nne) mme a ne a fumanwe
ke mapolesa. Ka bomadimabe, mapolesa a ne a so fumane moo batswadi ba
hae ba neng ba le teng hobane o ne a sa tsebe mabitso a bona. O ne a sa
tsebe lebitso le fane ya ntatae: O ne a re ntatae ke “Ntate”, mmae ke “Mme.”
Ha a botswa hore na metswalle ya mmae e ne e reng ha e mmitsa, a re “Ba
mmitsa Mmasithole.” Sena se ile sa fahlolla bamamedi, haholo ba phelang
mahaeng!

Ha re kgutlela paleng ya rona, re hlokomela hore Maritjie o ne a bitsa matsalae


wa ka moso ka lebitso. O ne a re “Grace”. O ne a sa etswe ke ho tella, kaha
sena se amoheleha ho ya ka botjhaba ba hae. Empa ho maAforeka sena se a
nyatsuwa. Ka seAforeka ha ho dumellehe hore ngwetsi ya ka moso e ka bitsa
bomatsalae ka mabitso. Mokgwa wa ho hlompha ke ho re a re “Ntate” kapa
“Mme”. Ke ka hona re boneng e le phoso hore Maritjie a bitse Mof. Moloi ka
lebitso la hae “Grace”. Jwalo feela le ho monyadi. Ke ho hloka tlhompho ho
sheba motho e moholo ka mahlong ha o bua le yena. Mokgwa ona wa
tlhompho bana ba o rutwa ba sa hola, ke mokgwa wa bophelo oo bana ba o
boneng ho bommabona le baholwane ba bona.

Ka seAforeka sa kgale boitshwaro bo nang le tlhompho bo ne bo nketswe


hodimo hoo bana ba neng ba rutwa ba sa le bannyane ho qoba mantswe a
hlokang tlhompho a neng a nkwa e le ho tella. Ho tloha bongwaneng motho o
ne a tseba boitshwaro bo botle hore ha e se e le motho e moholo a tsebe ho
qoba mantswe a itseng, haholoholo a amanang le bong (motabo), botjhaba
Dikamano pakeng tsa motho le motho 38

kapa boitshwaro bo itseng setjhabeng. Ho feta moo, hara MaAforeka,


tshebediso ya mantswe a amanang le ketso tsa motabo e ya nenwa mme e
kgalemelwa ka thata puong ya ka mehla. Ho nkwa e le ho se hlomphe mme ho
sebediswa mantswe a hlomphang kapa a hlomphisang. Ke ka hona ho
sebediswang “moseme”, “diphate” bakeng sa motabo “kgohlopo” bakeng sa
“condom.”

3.3.2 Tlhompho

Ka seAforeka ho hlompha ho mefuta e mmedi. Ke ho hlompha ho


tlwaelehileng le hwa ho ila, kapa ho qoba. Ho hlompha hona hwa bobedi ho
ikgethile ho Bakone le Basotho. “Ho hlompha” ke puo e sebediswang “ho
qoba” kapa “ho ila;” ho sebedisa mantswe a itseng ke basadi puong ya bona ya
ka mehla. Basadi ba qoba / ila mantswe kapa ditlhaku tsa mantswe tse
hlahang mabitsong a baholo ba banna ba monna wa hae. Ho tloha ha a fihla
bohadi ba hae mosadi o tla qoba ho bitsa mantswe a atametseng kapa a
tswhwanang le a mabitso ao. Mmae matsale ke yena ya hlokomelang hore
ngwetsi (makoti) e phethe sena jwang.

A o a tseba hore …

1. Lentswe lee la Sekone “hlonipha” (hlompha) ha le sebediswe feela ho


hlompha empa le ho “qoba” kapa ho “ila” botjhabeng bo hlopha tse
itseng?
2. Lentswe la sezulu la ngwetsi ke “umulokazana” kapa “umakoti” ha la
mokgwenyana e le “umkhwenyana”?
3. Meetlong ya MaAforeka a mang ntate matsale le ngwetsi ha ba dumellwa
ho dumedisana ka matsoho?
4. Ntata mosadi o bitswa “mohwe”, mma mosadi yena ke “mohwehadi”?

A re ke re shebeng mohlala wa “ho ila” (phema, qoba) o tswang paleng e


bitswang “uMjuzo”, ke pale e kgutshwane ya bophelo ba Moloi ka mmae ya
neng a bitswa “uMjuzo”. Paleng ena Moloi o bontsha ka moo mmae a neng a
leka ka hohle ho ikamahanya le ho ila (hlompha, qoba, phema) (Moloi 1994:53)

O ne a tseba ho hlompha. Ke ka hona re nang le “ingcangca” ha re bua ka ntja


hobane re hlompha moholoholo wa rona Theninja. Lebitso le kopantseng
thena+inja = (faola+ntja). Re na le Mgandelo (Moqebelo-Saturday) hobane re
hlompha moholoholo wa rona Mgqibelo. Mjuzo o ne a sa fose. Leha a ne a
bina difela kerekeng o ne a sa lebale ho bontsha tlhompho ena. Moo ho
thweng “Tlong dithaba le kwahele”, Mjuzo o ne a re “Tlong dithaba le sireletse”.
O ne a ke ke a nka monyetla ka hore kerekeng a ka nna a sebedisa lebitso la
Mgqibelo.
Dikamano pakeng tsa motho le motho 39

Seratswaneng se ka hodimo re a bona hore taba ya ho hlompha (ho ila, ho


phema, ho qoba) e hlokolotsi botjhabeng (setsong) mme e betla motho ka
mong. Esita le bangodi ba bonahala ba “hlompha ha ba fihla tabeng ena.
Hona ho bohlokwa kaha ho thusa ho boloka le ho fetisetsa melokong ya jwale
le e tlang botjhaba ba rona. Botjhaba / moetlo ona o bontshwa ke ka moo
Mjuzo jwalo ka ngwetsi lapeng la Moloi a bolokang molao ona ka teng esita
leha a bina kerekeng, sebakeng seo ho seng motho ya mo disitseng.

Re ntse re isitse maikutlo a rona ho se ka hodimo re ellellwa hape hore ha se


basadi feela ba hlomphang mabitso puong ya bona. Morena Mangosuthu
Buthelezi, ho tea mohlala, o sebedisa lentswe lena “abampisholo” bakeng sa
“abamnyama” (ba batsho) ho bontsha tlhompho ho ntataemoholo Mnyamana.

Mosebetsi 3.2

1. A ko shebisise botjhaba (moetlo, setso) ba hao kapa sehaeno le


dikamano dipakeng tsa batswadi le banyalani. Na ho na le mantswe ao
ba a sebedisang ha ba bitsana? A ko hlalose mantswe ao.

2. O hopola hore bohlokwa ba ho “hlompha” ho ntate matsale le ngwetsi e


ka ba bofe dikamanong tsa bona?

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Re na le bonnete ba hore dikarabo tsa hao di o bontshitse hore batho ba


meetlo e fapaneng ka nako tse ding ba buisana kapa ba etsa dintho ka tsela
tse fapaneng hobane ba sa utlwisise kapa ba sa elellwe hore meetlo ya batho
ha e tshwane.
Re na le bonnete ba hore jwale o a utlwisisa hobaneng Mof. Moloi a ile a
kgotsa, “Ao, Lekgowa!” ha a bona kgarebe ya Thabo. O ne a se a ile a nahana,
“Ke a tshepa o kopane le ngwanana e motsho wa Aforeka Borwa. Banana
bana ba MaAmerika ha ba kgathalle ebile ba bua haholo ho feta.” O ne a
shebeha a kgathatsehile ho ba le ngwetsi ya motho e motsho wa Amerika. O
ne a se a ntse a bonahala a iketseditse qeto ka mofuta oo wa ngwanana. Ho
ya ka yena banana ba mofuta ona kaofela ba ipuela feela ba sa kgathalle mme
ba na le kelello tsa bona. Ha a bona ngwanana wa Lekgowa a bua mantswe
ano a sa kgolwe. Maikutlo ana a ne a sa rerelwa bobe kapa nyediso, empa
kelellong ya hae o ne a nahana ka boikarabello ba hae jwalo ka matsale ho ruta
ngwetsi ya hae ya ka moso ho ikamahanya le tsa mona le ho itshwara ka
mokgwa o amohelehang ho MaAforeka.
Dikamano pakeng tsa motho le motho 40

A re ke re kgutleleng paleng ya rona mme re ye karolonyaneng moo Maritjie a


fang matsalae, Mof. Moloi mpho ya ntjanyana. Hlokomela kamoo Mof. Moloi le
baahisani ba ileng ba e nka ka teng. O nahana hore ke hobaneng a ile a
qakwa ke mpho ee? O reng ka baahisani ba ileng ba qabolwa ke mpho?
Maritjie e ka ngwanana ya nang le tlhokomelo le ho nahanela, ya neng a batla
ho bontsha teboho ho matsalae wa ka moso ka ho mo hodisetsa mohlankana
ya mo ratang. Ho bontsha teboho a mo rekela ntjanyana e ntle, eo a neng a
tshepile hore mme wa Thabo o tla e thabela kapa ho e ananela. Ka
bomadimabe, athe o fositse moetlo. Ka seAforeka, ntja e ke ke ya rehellwa ka
motho. Ntja ke motswalle e moholo wa motho, empa ka seAforeka e ke ke ya
behwa boemong bo lekanang le ba motho. Ha motho a rehwa ho shejwa
dintho tse ngata. Mabitso a mangata a Mazulu a na le moelelo. Bana ba
rehwa mabitso ho ya ka mabaka kapa diketsahalo tse etsahetseng ha ngwana
eo a hlaha kapa letsatsi leo a hlahileng ka lona, mohlala: Ngwanana ya
hlahileng ka Paseka a ka bitswa Mmapaseka. Motho a ka rehwa ka se
hlahetseng lelapa mohla a hlahang; mme a ka reha ngwana ho kwala melomo
ya batho ba mo sehollang kapa ho leboha, kapa a rehellwe ka motho wa lelapa
ya sa na hlokahale. Ha motho a reheletswe ka motho e moholo, nkgono kapa
ntatemoholo, ke tlameho ho hlompha lebitso leo ka setso, ka ha motho ya
reheletsweng a nkuwa jwalo ka “ntate” kapa “nkgono” wa lelapa ka botjhaba.
Ke boikarabelo bo boholo haholo ho rehella motho kapa motho ya
hlokahetseng. Ho hopolwa hore motho eo ya reheletsweng ke lenyoloi le
hlokomelang ngwana eo ya reheletsweng; mathateng ke yena moholoholo eo
ya bang le yena maimeng le diphephetsong.

Ha mme a batla ho kwala melomo ya batho ba mo sehollang a ka reha ngwana


hae Tholang kapa Tswakae. Mona ke haeba ba bohadi ba mo kgotlakgotla ka
hore ke nyopa ha a ba tswalle ngwana. Ha ngwana a se a hlahile o iphetetsa
ka ho mo reha mabitso ana ho ba kwala melomo kapa ho ba botsa hore
ngwana o tswa hokae jwale athe ho ne ho thwe ke nyopa.

Ha ho so ka ho utlwahala hore ntja e se e kile ya rehellwa ka e mong wa lelapa.


Hona ho bontsha ka moo ba lelapa ba hlomphuwang ka teng. Ke Badimo mme
ba lokelwa ke tlhompho, ke ka hoo baahisani ba ileng ba makala le Mof. Moloi
a ileng a nyaroswa ke ho fuwa ntja. Hobaneng motho a ka amahanngwa le
ntja? Na motho eo o boemong bo lekanang le ba phoofolo? Ebe o meharo
jwalo ka ntja? Ebe o bonahala a na le matshwao a bontja? Ditholwana tsa
dipotso tsena ha di amohelehe ho hang ka seAforeka.
Dikamano pakeng tsa motho le motho 41

3.4 Mokgwa oo e seng wa molomo wa ho bua

Ha motho a sa bue ka molomo o sebedisa ditho tse ding tsa mmele, matsoho,
esita le sefahleho jwalo ka ha motho a bonya kapa a sosobanya difahleho.
Kaha mantswe a sa sebediswe diketso di bohlokwa, jwalo ka ha ho thwe:

Ho thola ho utlwahala ho feta ho bua.

A o dumellana le polelo ee? O ka fana ka mehlala, haeba o dumellana le


yona? Hopola polelo e tummeng:

Diketso di bua ho feta dipolelo.

A o ne o tseba hore …
Maitshwaro a latelang a sa sebediseng mantswe a shejwa a le tala mme a
amoheleha ditjhabeng tse ding?

1. ho tshwela;
2. ho qhwaya motho e mong;
3. ho supa motho e mong ka monwana;
4. ho sheba motho e mong ka mahlong;
5. ho neheletsa, haholoholo dijo, ka leqele;
6. ho thetsa motho e mong hloohong?

Mosebetsi 3.3

1. Ke mekgwa efe e sa sebediseng puo ya molomo eo o hopolang hore e


tala ditjhabeng tse ding? Hobaneng o hopola jwalo?

2. Re tshepa hore o se o hlokometse hore re batla ho o fa tlhahisoleseding e


ntjha, ke ka hona ka nako tse ding re qalang ka potso na: “A o ne o
tseba…?” Re na le bonnete ba hore o ka rata ho tseba hore o ka e botsa
jwang potso ena ka dipuo tse ding tsa MaAforeka:

Ka Sezulu: Uthi bewazi nje?


Ka Sepedi: Na o be o tseba?
Ka Tsonga: Xana wa swi tiva?
Ka Setebele: Bewazi nje?

3. Na o ne o tseba hore ho bonya ke sesebediswa se matla ho bontsha


thabo, botswalle, mofuthu, lerato, jwalojwalo? O ka nahana ka mokgwa o
Dikamano pakeng tsa motho le motho 42

mong wa ho sebedisa sefahleho kapa mmele ho bontsha se fapaneng le


lebonyo? Di ngole.
Jwale re tla qoqa / buisana ka tse ding diketso tse ka tlisang ho se
utluisisane ho sa hlokeheng kapa dikgohlano.

3.4.1 ho shebana ka mahlo

Boramosebetsi ba basweu ba sa fumana ho le boima ho utlwisisa hore ke


hobaneng basebetsi ba bang ba bona ba sa ba shebe mahlong ha ba qoqa le
bona. Ba hlalosa ketso ena e le ho pata ho hong ho itseng. Hoo ba sa ho
tsebeng ke hore ka SeAforeka ke ho hloka tlhompho ho sheba motho ya o
okametseng ka mahlong. Mokgwa ona wa ho hlompha bana ba ho rutwa ba sa
hola hoba ba ho bona ho batswadi ba bona le ho baholwane ba bona.

3.4.2 Ho ema le ho dula

Mokgwa o mong wa ho hlompha ke ho dula fatshe. Ka SeAforeka bana kapa


batho ba maemong a tlase ha ba eme hara ntlo ha batho ba baholo ba le teng.
Hona ke ho bontsha ho hloka boikokobetso. MaAforeka a ntseng a bolokile
sehahabo bona a dula fatshe ha ba qoqa. Sekgalekgaleng basetsana ba ne ba
lebeletswe ho kgumama, banna bona ba ne ba kotsama (qotama). Ka
SeAforeka banana ba rutwa ba le bannyane ho dula hantle. Basetsana ha ba
dule jwalo ka bashanyana. Ha ba dula setulong ba fapanya maoto e le hore ba
se ke ba hlahisa bokahare ba dirope tsa bona.

Basadi ha ba tshwanela ho fapanya maoto ha ba dutse. Empa ditjhabeng tse


ding batho ha ba dule fatshe pele ba ka bolellwa hore ba dule, mme basadi ba
ka dula ba fapantse maoto. Ho feta moo, sekolong, ho lebeletswe hore bana
ba eme ha ba araba dipotso. Tlwaelo ena e ka baka ho se utlwisisane le
phapang ya meetlo.

3.4.3 Mekgwa ya ho sebedisa matsoho

Ho amohela dijo kapa ho hong ka leqele ke ho bontsha ho hloka tlhompho. O


ka sebedisa matsoho a mabedi kapa letsoho le letona (lehoja) ho tsheetsa
leqele (le letshehadi). Ka SeAforeka se seng bana ba rutwa ho phaphatha pele
ba amohela dintho ho batho ba baholo. Ka nako e nngwe ba inamisa dihlooho
ha ba qeta ho amohela dintho. Ha ho amohelehe hore bana ba bue le batho ba
baholo kapa ba maemong a hodimo ba kentse matsoho dipokothong.
Dikamano pakeng tsa motho le motho 43

3.4.4 Tshebediso ya lentswe le kgetho ya mantswe

Tshebediso ya lentswe le kgetho ya mantswe e ka bontsha hore na ngwana


kapa motho ya tlaase ka maemo o a hlompha kapa tjhe. Mohlala, ngwana o
bontsha ho hloka tlhompho ha a ka re ho motho e moholo, “O leshano,” bakeng
sa hore “O mathetsi’ kapa “o mafosi”. Ho rohakana ho bontsha ho hloka
tlhompho.

3.4.5 Ho supa ka monwana

Bana ba ntseng ba hola ba a tseba hore ke tello ho supa motho e moholo ka


monwana. Batho ba bang ba kgetha ho sebedisa feisi ya letsoho le letona.
Paleng ya rona re bala ka moo Maritjie a ileng a qhwaya mohlankana wa hae
ka teng. Ka Sesotho mokgwa ona ha o amohelehe. O nahana hore ke
hobaneng batho ba Bophirima ba e dumella? Feisi ya letsoho le letona e
molemo ho ka supa ka yona, batho ba bang ba kgetha ho sebedisa hlooho ho
supa ho ena le ho sebedisa monwana.

3.4.6 Ho akaretsa / kakaretso

Kakaretso kapa ho akaretsa ho etsahala ha motho a sebedisa mantswe ho


supa kapa ho sisinya hore batho bohle ba morabe o itseng kapa setjhaba se
itseng ba na le boitshwaro bo tshwanang kapa ba nahana ka ho tshwana.
Kakaretso e tshwanela ho qojwa hobane ha ho batho ba babedi ba ka
itshwarang ka ho tshwana hantle. Batho ba ke ke ba tshwana lekgale leha e le
ba morabe o le mong kapa ba botjhaba bo le bong. Aforeka Borwa batho ba
ne ba tlangwa ka rapo le le leng ho ya ka borabe ba bona. Bathobatsho ho ne
ho hopolwa hore ke mashodu, Maburu a na le kgethollo, Manyesemane e le
baikaketsi, MaIndia e le balotsana. Batho ba tshwanang ka tjhebahalo kapa
morabe ba ne ba tlangwa ka rapo le le leng, mohlala, MaXhosa a nkuwa e le
mashodu, e bile ho na le puo e reng: Into yomntu ngeyam (ntho ya motho e
mong ke ya ka), ha Mazulu ona ho thwe a manganga ke ka hona ba hirelwang
mosebetsi wa bolebedi.

Mosebetsi 3.4

Jwale bala pale ya rona hape mme o bone haeba o ka fumana mofuta o mong
wa kakaretso. O o fumane?
Dikamano pakeng tsa motho le motho 44

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Paleng ya rona re utlwa Mof. Moloi a bolela hore o tshepa hore mora wa hae o
kopane le ngwanana wa MoAforeka Borwa e motsho ka hoba MaAmerika ba
sa kgathalle ebile “ba sa kgathalle ba bua le haholo.” O hopola hore puo ee e
na le toka? O ka fana ka mehlala eo o e tsebang?

3.5 Mekgwa ya boitshwaro

Ha re sheba paleng, re tla hlokomela hore Maritjie le Thabo ha ba ya botswa le


ho botswa hore ba lapile kapa tjhe. Ke tlwaelo ka SeAforeka ho phomosetsa
baeti. Ha moeti a ka leboha (hana) dijo, motho ya etetsweng o e nka hampe.
Ya etetsweng a ka nahana hore moeti ha a batle dijo tsa hae. Ho phomosetsa
ho tloha ho baholoholo ba rona. Ka Sesotho ha moeti a fihla o amohelwa ka
diatla tse pedi, mme ha a se a tsamaya o fuwa mofao. Hobaneng ho fana hoo?
Ntlha ya pele ke ho bontsha tlhompho ho Badimo ba lelapa. Ho dumelwa hore
ha ho thabilwe lapeng, ho nowa ebile ho tshehuwa lapeng, Badimo ba tla tla ho
keteka le bona. Empa ha ho kgutsitse, Badimo ba tla furalla lelapa leo; ka
lebaka leo lelapa le tla fetwa ke mahlohonolo ao ba neng ba ka a fumantshwa.
Lebaka la bobedi ho tshaba setjhaba. Hlooho ya lelapa e sa amoheleng baeti e
lahlehelwa ke tlhompho setjhabeng. Setjhaba se tla tlatsa menyenyetsi ya hore
o tsamaya le masiu a keteka le dithokolosi le batho ba shweleng. Mokgwa ona
wa botjhaba e sa le o fetisetswa molokong o mong ho tswa ho o mong, mme e
sa le o hateletswe bohlaleng ba MaAforeka (Msimang 1975).

Hona ho etswa hape le diphupung / mapatong le meketeng e meng. Paleng,


Maritjie o bona basadi ba pheha ka dipitsa tse kgolo le letlalo la kgomo le
fanyehilwe leboteng. Ke tlwaelo ho hlaba kgomo ha ho na le ya hlokahetseng
lelapeng. Ka mora lepato batho ba a phomosetswa. Batho ba bang ba motse
ba thusa ho apeha, batho ba bang ba tlisa dikuku le meroho. Mme phupu e
fetoha taba ya setjhaba.

3.5.1 Ditumediso ditekesing le bakeng tse ding

Thabo le Maritjie ba ne ba eta ka tekesi ya motseng. O na tla hlokomela hore


motho e mong ya neng a palama tekesi o ne a dumedisa. Ke SeAforeka ho
dumedisa motho e mong le e mong eo o kopanang yena. Ke botho ho
dumedisa; motho ya sa etseng jwalo a iphahamisitse ebile a le hole le batho
bang. Ka SeAforeka motho o ka mo dumedisa hangata feela ka letsatsi. Ha o
palama bese, tekesi kapa terene, ke ho bontsha tlhompho le botho ho
dumedisa motho ya dutseng pela hao. Ha re re o kopana le motho tseleng o
Dikamano pakeng tsa motho le motho 45

batla ho botsa tsela: o tshwanela ho dumedisa motho eo pele o ka botsa tsela.


Hona ho pakwa ke maele a Sesotho a reng: Tumediso ha e fele.

3.5.2 Ha Ntate a bua ka Badimo

Paleng, o tla hlokomela hore ntata Thabo o boletse hore o leboha Badimo ba
Moloi ka ho hlokomela Thabo hantle. Ka tlwaelo, Badimo ba ne ba ananelwa
esita le kajeno batho ba sa etsa jwalo. Ho hlompha Badimo ha ho bolele hore
ba a kgumamelwa. Baholoholo ba rona ba ne ba dumela hore ha motho a
shwa moya wa hae ona ha o shwe, empa o ya Badimong. Mosebetsi wa
Badimo ke ho sireletsa ba phelang. Ba tshireletsa ba phelang malwetseng,
direng le boloing.

Ba ne ba bile ba tshireletsa bana mme ba tlisa mahlohonolo le nala. Moputso


wa bona: ke ho ba ananela, ho ba fa nama le jwala. Ba tshwanetse ba
tsebiswe ka tsohle tse etsahalang lapeng. Ho se etse jwalo ho dumelwa hore
ho tla tlisa ditholwana tse bosula.

Mohlala, ho bohlokwa ho tsebisa Badimo ha ngwana a hlahile, ha a fihla


mokgahlelong o itseng wa bophelo, ha a qala bophelo bo botjha, ha ho na le
mekete le mafu, jwalojwalo. Ho tshwanela ebe batswadi ba Thabo ba ne ba
tsebise Badimo ha Thabo a ya mose. Ke ka hona Mong Moloi a ba lebohang
ha ba ile ba mo hlokomela le ho mo tshireletsa.

Ho ne ho hlokeha hore Mong. Moloi a etse moketjana ho leboha Badimo ka ho


hlokomela setloholo sa bona; ho ne ho tla tshwaneleha hore a etse jwalo ka ho
ba ritella jwala ho ba tsebisa hore jwale o se a kgutlile le motswalle e motjha ya
ka nnang a kena lapeng la Moloi.

3.5.3 Tse tlamang mafung

Thabo o ile a bolellwa ke ntatae hore ho hlahile lefu lelapeng, mme moketjana
wa kamohelo o lokela ho kgutlisetswa morao. Mapato a na le seabo sa
bohlokwa maphelong a MaAforeka. Lelapa le ne le tshwanela ho ya phupung
kaha e le tlameho ho etsa jwalo. Batho ho tloha haufi le hole ba tlisa
matshediso kaha e le botho ho etela ba lahlehetsweng ka nako ena. Ke tsela
ya ho tshedisa le ho kgothatsa ba lelapa ho feta nakong ena e boima. Lepato
ke la batho bohle. Leloko, metswalle, basebetsimmoho le baahisani ba phetla
pelo tsa bona, ba thusa ka hohlehohle kamoo ba ka bang le hona. Baahisani le
metswalle ba bulela batho ba tlileng moo matlo a bona. Thabo o ne a sa bone
e le phoso ho emisa koloi ya hae mohlweng wa moahisani. Ho ya ka yena,
moahisani o ne a se na ho ba le bothata ha a emisitse koloi ya hae moo
Dikamano pakeng tsa motho le motho 46

hobane, ka tsebo ya hae ya thuto ya SeAforeka, ke botho ho bulela batho ba


mathateng pelo ya hao.

Hangata, dikamano tse ntle di ba teng dipakeng tsa baahisani ba pela lelapa le
hlahetsweng ke bohloko. Motho o tshwanetse ho bonwa a tsotella bohloko ba
batho ba bang. Baahisani ba tla qeta matsatsi ba na le ba lahlehetsweng, ba
hlokomela ditlhoko tsa bona, mohlala, ho pheha, ho amohela ba hlahetsweng
ke lefu, le ho fana ka marobalo ho ba tswang hole.

Ho etsa botho, motho o bontsha tsotello ka ho bulela batho ba bang pelo ya


hae. Mohlala:

• Batho ba tlileng lefung ha ho hlokahale hore ba kope tumello ya


moahisani ho emisa makoloi a bona ka pela keiti ya hae haeba ba tlile
lefung le haufi le moo.
• Ba tlileng lefung ba ka dula ba ba ba jella jareteng ya hao. Hona ha ho
bontshe ho se hlomphe kapa tello: ho nkuwa hore le wena o karolo ya
setjhaba ka hoo ha hao ke ha bona le bona ka nako tse kang tsena.
• Ka moo lelapa le nang le dikamano ka teng le setjhaba ho tla bonahala
ka lenane la batho ba tla tla phupung. Ha batho ba le bangata lepatong
ho tla supa hore mofu e ne e le “motho wa batho.” Sehlopha se
sennyane se bolela hore lelapa ha le tsotelle batho ba bang; sena se
supa hore lelapa leo le iphelela ka bolona ho fapana le bophelo ba
SeAforeka. Bohlale (filosofi) ba botho bo bontshwa ka se bolelwang ha
ho hlahiswa matshediso, hoo ka nako e nngwe ho rohakwang lefu ka
bolona ka ho nka moratuwa wa lelapa, mohlala:

o Robalang ka leqeba;
o Ha ho a hlaha se sa hlaheng;
o Lefu le manyala baneng ba batho;
o Lebitla ha le tlale.

(Ho bebofatsa ho ka thwe feela: “Ho fedile, amohelang se etsahetseng, lefu ha


le na ditlhong.)

Maritjie o ne a tennwe ke ho bona letlalo la kgomo le neng le fanyehilwe


leboteng. Ka tlwaelo mohoha o hlabelwa batho ba tla tla felehetsa mofu.
Lebaka la ho hlaba kgomo ke ho fepa batho le ho tswa bophelong ba
SeAforeka. Ka SeAforeka moeti a ke ke a tloha ha hao a sa ka a
phomosetswa. Ke botho. Ha ho hlokahale ho botsa moeti hore na o lapile
kapa tjhe. O mo phomosetsa feela. Moeti le yena o tshwanela ho bontsha
teboho ho sa kgathallehe hore seo a se fuwang se sennyane ha kae. Sena se
Dikamano pakeng tsa motho le motho 47

tshehetswa ke maele a tswang puong tse fapafapaneng: Dikamano hara /


dipakeng tsa batho 41 ka Sezulu:

Isisu somhambi asingakunani sinyangenso yonyoni {Mpa ya motsamai ha e kae, e


lekana le kila ya nonyana)

Ka Sepedi:
Moeng e tla geso re je ka wena.
Ka Sesotho:
Dijo di jewa ka baeti. + Sejo senyane ha se fete molomo

Moteno/moaparo le ona o na le karolo ya bohlokwa. Le ona ona ke mokgwa


wa ho “hlompha” ho kwahela mahetla ha motho a ile phupung. Katiba le yona
e tshwanela ho rwalwa, basadi ba rwala dituku.

Mosebetsi 3.5

Nahana ka palethuto le ditlhakisetso tse hlahang yuniting ena. O ka re se


bakang ho se utlwiwisane dipakeng tsa batho ba meetlo e fapaneng ke sefe?
O ka fana ka ditlhahiso dife ho thibela see?

3.6 Mantswe a mang le dikapolelwana tseo di a fumanang di


na le thuso

Senyesema Sezulu Sepedi Tshivenda Sesotho


ne
Please, may Ngiyacela/ngicel Hle: nka bolela Ndi humbela u Ke kopa ho bua le
I speak to a: Ngicela le wena. amba na inwi or Ndi wena, hle.
you ukukhuluma khou humbela u
nawe amba na vhone
Please sit Ngicela uhlale Hle: dula fase. Ndi humbela uri ni A ko kobe
down phansi dzule fhasi. Or Ndi dithakgisa / ke kopa
khou humbela uri o dule faatshe /
vha dzule fhasi. tshwara lekgalana
ke leo
Can I help Ngingakusiza? Nka go thusa? Ndi nga ni/vha A nka o thusa?
you thusa?
I’m sorry. Ngiyaxolisa. Ke maswabi. Ke Pfarelo. Ndi Ke soabile. Ke
Please Ngicela kgopela humbela uri ni/vha kopa tshwarelo.
forgive me. Ungixolele tshwarelo. mpfarele.
Thank you Ngiyabonga Ke a leboga. Ndo livhuwa Ke a leboha.
Proverb:
Ukwanda
kwaliwa
Dikamano pakeng tsa motho le motho 48

umthakathi
Sorry/ Uxolo Tshwarelo Pfarelo Phephi / Tshwarelo
Pardon
Excuse me Ngicela uxolo Ntshwarele Ndi farelwe A ko ntshwarele
Respect Hlonipha Hlompho Thonifha Tlhompho
To respect Ukuhlonipha Go hlompha U thonifha Ho hlompha
To have Ukuba Go ba le U vha na thompho Ho ba le tlhompho
respect nenhloniph hlompho

3.7 SEPHETHO

Yuniting ena re bone bohlokwa ba ho amohela kapa ho ananela phapano e


seng ho tseba botjhaba kapa setso sa hao feela empa le botjhaba / setso sa
batho ba bang. Re bone hape bohlokwa ba ho toloka ditemosi kapa dintho tse
bontshang ha ho buuwa ka molomo kapa ka tsela tse ding ho qoba ho se
utlwisisane le diqhobeshano tse sa hlokahaleng. Re tshepa hore re atlehile ho
o thusa ho fihlela tekatekano bophelong, ka ho o thusa ho ithuela tsebo ya
mantlha ya dikamano dipakeng tsa batho le ho buisana; le ho fetola tsela eo o
neng o sheba lefatshe leo o phelang ho lona le batho ba bang. Empa hopola
hore phetoho e qala ka wena jwalo ka motho ya ikemetseng: O iketsetsa qeto
ka boithatelo ba hao ka mehato e mennyane empa e le ya bohlokwa
bophelong. Ho bohlokwa ho sebedisa tsebo ya hao! Qetellong, re tshepa hore
palethuto eo e o rutile ho ba sedi ka meetlo mme e o lokolotse hore o tsebe ho
phela hantle lefatsheng le rarahaneng le nang le meetlo e mangata le dipuo tse
ngata.
Dipolelo tsa tshusumetso 49

Yuniti ya 4
(Dipolelo tsa tshusumetso

Diphetho tsa Thuto

Ka morao hore o sebetsane le Yuniti ya 4, o tla tseba ho:

• hlalosa sebopeho le tshebetso ya mabitso a dithothokiso, dithothokiso tsa


seboko le dithothokiso ka botsona.
• hlalosa bohlokwa ba mapetjo.
• buisana ka kgahlamelo ya papatso diphatlalatsong.

4.1 Selelekela
Setshewantsho sa mokgopi wa batho o supileng lepetjo / papatso

TATA MACHANCE TATA MAMILLION

Mohlomong o se o kile wa bona setshwantsho sena le mantswe ana kakae. Se


shebisise hantle mme o arabe dipotso tse latelang:

1. Sepheo sa papatso e ka hodimo ke sefe?


2. Nnetefatsa le ho tiisa maikutlo a hao a se ka hodimo.
3. Hlalosa dikahare tsa mantswe a ka hodimo a papatso.
4. Hobaneng ho sebedisitswe puo ee e kgutshwanyane?
5. Hobaneng ho kgethilwe mabitso a mofuta oo?
6. Maikutlo a batho ba amehang papatsong ee a jwang?

Dikarabong tsa hao mohlomong o hlahisitse tse ding tsa dintlha tsena:
Motho ka mong, malapa, metsana, dihlopha tse kang tsa bolo, mabenkele,
dikhamphani, mekgatlo ya dipolotiki, tsohle di leka ho hohela batho ho ba le
Dipolelo tsa tshusumetso 50

bona kapa ho reka thepa ya bona. Nka mohlala wa “lotto” ka hodimo. Puo e
hohelang e sebediswa ka ditsela tse ngata ho kgothaletsa batho ho reka thepa
ya mofuta o itseng kapa ho tshehetsa mosebetsi o itseng. Ho na le mefuta e
mengata ya puo e hohelang. Sheba tafole ya mabitso e latelang mme o
tlatseletse moo ho nang le dikgeo:

Hohelang Mohlala Dikarolwana


Dithothokiso Bafana-Bafana
Dipapatso Letsatsi la Setjhaba la Sehlopha sa batho ba
Tokoloho thabileng
Mapetjo Motho e motsho ya finneng
setebele
Dithero tsa Sefapano sa Mokeresete
bodumedi

Ho tswa mabokosong a ka hodimo, o tshwanetse hore o hlokometse kamano e


teng dipakeng tsa mapetjo le dipapatso ka lehlakoreng le leng, le dintho tseo di
di emetseng le hore di hlaloswa jwang ka lehlakoreng le leng. Dikarolwana
tsena ha di tsitsinyehe ho fihlela batho ba etsa mapetjo le dipapatso. Dipina
kapa mekorotlo ke puo e hohelang e tshehetsang lebaka kapa thepa. Tsena
tsohle, dithothokiso dipapatso, mapetjo le dithero tsa tumelo, di na le moelelo
wa ho hohela.

Dikapuo tsena di amana le dibui, melaetsa, dipuo le tshwaetso ya molaetsa.


Dipolelo tsa tshusumetso 51

Mosebetsi 4.1
1. Ebe o ka reng ka setshwantsho se ka hodimo? Amanya le dintlha tse ka
tlaase:

• Sebui: Sebopeho sa hae le boemo.


• Molaetsa: Maikutlo a phahameng le ho ba le kgahlamelo – sebopeho
sa papiso kapa lepetjo, puo, mmala le molaetsa.

2. Etsa lenane la dithothokiso tseo o di tsebang puong ya hao kapa puong e


nngwe, bolela batho ba di sebedisang, hobaneng ba di sebedisa, le hore
na di sebedisetswa bomang?
3. Ke hokae moo o kileng wa utlwa lepetjo le sebediswa? Ho ne ho
etsahalang? E le bomang ba etsang lepetjo leo?
4. Kgetha papiso eo o kileng wa e bona kapa wa e utlwa, mme o arabe
dipotso tse latelang:

• Ke neng kapa kae moo o ileng wa e bona kapa wa e utlwa?


Hobaneng e ne e etswa kapa e manehilwe moo?
• E ne e bua ka eng?
• Papiso eo e ne e lebisitswe ho bo mang?
• Ho ne ho sebedisitswe puo efe?

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Ke taba ya bohlokwa ho rona ho tseba hore dipapatso le mapetjo kapa


dithothokiso ke dintho tseo batho ba phelang ka tsona. Bophelong ba rona,
dithothokiso di etswa hohle. Batho ba di etsa ha ba dumedisa ba bang, ha ba
fihla sebakeng se seng, ha ba sadisana hantle, ha ba fana ka mahlohonolo,
kapa ba pata ba hlokahetseng. Dipapiso le mapetjo a tlatsa ditsela, mabala a
dipapadi, mabenkele a maholo, le mahae, mme re di utlwa hape le
seyalemoyeng le ho di bona kamehla Thiving. Ka mantswe a mang, ha a mang
a re kgothatsa, a mang a re kgothaletsa ho reka thepa kapa ho tshehetsa
mesebetsi. Tsena tsohle di bontsha kamoo dipuo tse hohelang di ka re
tsitsinyang ka teng hore re sheba tse re potapotileng, re nke mehato ho fetola
moo re yang teng.
Dipolelo tsa tshusumetso 52

4.2 Thothokiso

• Monna eo ke mang? Ngola mabitso a hae ka botlalo.


• Seboko sa hae ke mang?

Mahlohonolo a letsatsi la tlhaho, monghadi Mandela!


Ke ona molaetsa wa letsatsi la tlhaho la Nelson Mandela, e tswang ho wena,
ha a ne a eba le dilemo tse 88 mohla la 18 Phupu 2006.

Leqephe 9 8 7 6 5 4 3 2 1

Re ya o leboha ka tshehetso ya hao!

Mohlomphehi Mong. Mandela: Ke o rata ha kaakang? Qala, bazabaza Madiba,


E re ke bala ditsela. Ke o rata ho fihla botebong, bophareng le boteleleng bo
vuvuzela ya ka e ka bo fihlelang, wozawoza, viva, mahlo a ka ha a phetse ho o
bona. Ho fihla qetellong ya halakasha, halofo ya nkwe. Ke o rata ho fihla
boemong ba letsatsi ka leng. Tlhoko e kgutsitseng ya atsha le kganya ya
khantlele. Ke o rata ka itlhopa, jwalo ka basadi ha ba tseka ditokelo; ke o rata o
hlwekile, nkalakatha, ha o fetohela thothokisong wena, ke o rata jwalo ka
phashasha e sebediswa.

Lebitso: Sophie Mayer


Sebaka: Tozi
Mohlomphehi Mong. Mandela: Ditakaletso tse ntle tsa nako e tlang, Madiba!!!
O pale ya kgotso ya matjhabatjhaba … ke o rata haholo!!
Dipolelo tsa tshusumetso 53

Lebitso: Hazel
Sebaka: England
Mohlomphehi Mong. Mandela: VIVA VIVA MOHOLO WA SETJHABA SA
AFOREKA, LETSATSI LA TLHAHO LE MONATE MADIBA, (WENA YA ILENG
A PHAHAMISA LEFATSHE LA BATHO BA BATSHO) RE O LAKALETSA
TSOHLE TSE NTLE BOPHELONG BA HAO. KETEKA LETSATSI LA HAO!!!

Lebitso: Thulani Sijaji


Sebaka: Belfast, Northern Ireland, UK
Mohlomphehi Mong. Mandela: Ditakaletso tsa ka tse monate ho wena, e se ka
o ka nna wa tswelapele ho re kgothatsa le lefatshe lohle ka bohlale ba hao
melokong le meloko! Aforeka Borwa e hlohonolofaditswe ka boteng ba hao!

Lebitso: Sally Arnold


Sebaka: Luxembourg / Aforeka Borwa

Re nahana hore molaetsa wa pele ke wa bohlokwa mme o hohela maikutlo


hore motho a ithute ona le ho buisana ka ona. Na o nahana hore re ka o
sebedisa?

4.2.1 Diboko tsa Merabe

Ditjhaba tsa MaAforeka di sebedisa mefuta e mengata ya dithothokiso:


dithothokiso tsa mabitso, diboko tsa merabe le dithothokiso tsa ho itlhalosa ka
botlalo. Dithothokiso ha se tsa batho feela, empa le dintho tse amanang le
batho jwalo ka diphoofolo tse hlaha le tsa hae, dibaka moo di phelang jwalo ka
dinoka, dithaba, dikgohlo le tse ding tse kang dihlopha tsa bolo, dikhamphani,
mekgatlo, jwalojwalo.
Malapa a MaAforeka kapa merabe e na le mabitso a hokeletsweng
dithothokiso. Mabitso a na le mantswe le diboko tsa diphoofolo. Merabe e
mengata e amahantswe le diphoofolo tse kang ditau, dinkwe, dikwena,
dikgomo, dipodi, dipudumo, ditlou, jwalojwalo. Tsena ke diphoofolo tseo ba di
hlomphang. Ba bang bona ba sebedisa mabitso a kang, Madiba, Mbedzi,
Munyai, Ndou, Nkuna, Mofokeng, Mokoena, Mokgalaka, Kolobe, Bakali,
Sambo, Mntungwa, Nyambose, Mohlalerwa, Ndabezitha, Mutavhatsindi, Tlou le
Mabuza. Kaofela ha tsona di na le dithothokiso tsa tsona. Tadima diboko tsa
merabe e ka tlase:

• Mutavhatsindi wa gono musina ndevhe a tshi vhona (Tshivenda)


[Mutavhatsindi, molaodi wa dintlha tse mo potileng, ya tla mamella leha a
utlwa bohloko bo hlabang]
Dipolelo tsa tshusumetso 54

• Bakali Mashenzhele, Chilala cha runako va ka lu pa na vana (Shona fox


lemba). Bakali wa Mashenzhele mohlodi wa botle boo ba bo fetisetsang
le baneng ba bona.
• Nkuna Mabuza ubusa ngenduku (Sezulu) Nkuna ke Mabuza ya busang
ka lere la tshepe.
• Nkuna Mavutana u vuta ai twile (Setsonga) Nkuna ke ya sa nyaleng feela
pele a ka latswiswa.
• Mabuza Shabalala Donga le Mavuso (Sezulu) Mabuza ke wa ha
Tshabalala, wa ha Donga le Mavuso.
• Tlou Letebele lekonkwane la hloka kgomo le ja motho (Sepedi). Tlou ke
Letebele la ho lesa kgomo la eja motho.
• Mtungwa mbilase uthi edla abe e yenga muntu nge ndaba (Sezulu).
Mtungwa ke Mbilase ya jang a ntse a rohaka motho.
• Khabo mokgatla, ga e namele e je borekhu. (Setswana) Tshwene ke
mokgatla, e tlohele hlwe sefate e je kgomoro.

Diboko tse latelang ke tsa Basotho:

Mosia (Seboko sa Basia)


Ke thelleleng,
Ke le Mosia, Motubatsi,
Motho wa Mantsha-thebe-di-ome,
Di se nne di omela mokgwabo tlung;
Motho wa boLebajwa la Nkwanyane,
Ka Tshele nka tshella mang?

Bakwena (Seboko sa Bakwena)


Mokoena wa ha Mantsane a Monaheng,
Maila-ho-ngwathelwa,
Majapolokwe-kaofela!
Kwena ha e hlape metsi e thulame,
E hlapa e ya nyolosa, madiboho.

Motaung (Seboko sa Bataung)


Ke thelleng,
Ke le Motaung wa Maloisane,
A kgomo ya lebese!

Mofokeng (Seboko sa Bafokeng)


Mofokeng wa Mmantsukunyane’a
Kata’ Sefiri,
Bakgwejana ba titima mabitleng!
Dipolelo tsa tshusumetso 55

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Diboko tsa merabe di tswa ho mabitso a baetapele morabeng ona oo.


Dinakong tsa kgale batho ba bangata ba ne ba siya dihlopha kapa merabe e
itseng. Batho bana ba ne ba ye ba be le moetapele eo hangata e neng e
qetelle e le yena moetapele wa sehlopha seo. Ha ba arohana le sehlopha se
seholo, ba ne ba ye ba ipitse ka mabitso a baetapele ba bona, mme qetellong
mabitso a fetohe mabitso a merabe ya bona, a nang le dithothokiso. Ka dinako
tse ding sehlopha se ne se ipitsa ka mabitso a diphoofolo tseo ba neng ba di
hlompha. Leha ho le jwalo sehlopha sena se ne se tla nne se amane le
sehlopha seo ba kgephohileng ho sona.

Seboko se ne se reneketswa ha batho ba ya ntweng, ha ba kgutla ba hlotse; ha


motho e leng kgale a nyametse a fihla hae, ha morabe o ne o keteka mme o
kgothaletsa ho a kgokanyan’a phiri, ha ba ne ba kgothatsana, ha ngwana a ne
a hlahile kapa e mong wa leloko a hlokahetse.

Sepheo se seholo sa ho roka leloko kapa ho bolela seboko e ne e le ho ruta


leloko nalane ya bona, moetlo le mekgwa ya bona le ho ba ruta botho.

4.2.2 Mabitso a batho le diboko tsa bona

Batho le bona ba na le mabitso a ikgethileng a tsebisahalang ka puo e


hohelang. Mabitso ana ke a dithothokiso. Leha batho ba bitswa ka
mabitso ana, empa ha motho a rata se entsweng ke e mong kapa a
lakatsa hore eo a sebetse ka thata, ba ba roka ka seboko sa bona, mme
ka ho etsa jwalo ba ba kgothaletsa ho sebetsa hantle. Ya bolediswang o
tla leka ho etsa jwalo ka ha seboko se bolela. Tadima diboko tse ka
tlaase:

• Maitzwitoma ha fani na madzulafhedzi (Ya kgothetseng ya sa tshwaneng


le ya botswa.)
• Matevhutevhu mavhele a sina vhushelo. (Poone e tletseng disiu, ha ho
sa na le moo re ka e tshelang).
• Ramudzuli ano toda ndimo a sa todi Shango la muthu. (ke yena ya
ahang moo ya se nang sebaka sa ho lema, ya sa tsotelleng tshimo ya e
mong.)
• Mangimani xifaki xa mumu. (Ke yena ya mokgutshwane seka poone ya
letsatsi le tjhesang).
Dipolelo tsa tshusumetso 56

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Dithothokiso tsena ke tsa mabitso a batho. Lebitso la nnete la SeAforeka


motsaneng ka mong le na le thothokiso ya teng. Thothokiso ho fapana le
seboko sa morabe, e itshetlehile ka motho ya itseng. Dithothokiso tsena di bua
ka dikamano ka melokong kapa setjhabeng. Di ka hokela hape le nalane ya
leloko, dipolotiki, tumelo, manyofonyofo le dikatleho jwalojwalo.

Dithothokiso tsena di sebediswa ho kgothatsa bana le bohle ba tswalanang le


bona. Ka nako e nngwe di ka kgalemela, tsa supa ka monwana, eletsa,
hlokomedisa le ho bontsha thahasello le tse ding tse ngata.

4.2.3 Dithothokiso tsa dihlodilweng le Metse, ditoropo le


ditoropo tse kgolo

Metse, dithaba, dikgohlo le dinaha le tsona di na le dithothokiso. Dihlodilweng


tsena di fumana mabitso a tsona ho ya ka botle ba naha: noka, ho ya ka hore e
qadile kae, metsi a yona a phalla jwang, kapa dintlha tse ding. Ha batho ba
etsa dithothokiso tsena, ho na le kamano le batho ba sebaka seo. Hona e ba
tsela ya ho rorisa batho eseng dihlodilweng.

Lebitso la Motse/ toropo / Motsemoholo:

Nzhelele : Nzhelele milangaumani!


(Nzhelele lehae la difate tsa mitanauma)
Tshitandani : Tshitandani tsha ha Nyatsitsa ngwana u bebe pholisa.
{Tshitandani, moo o behang ngwana teng mme o bebe
lepolesa.}
Tshwane : Tshwane ya Mamelodi.
[Tshwane ya Mamelodi]
Johannesburg : Kwa nyama aipheli
{Ha nama ha e fele}
Polokwane : Polokwane a Maraba
[Polokwane lehae la Maraba]

Dithothokiso tsa metse/ditoropo hammoho le dinaha, di amana le batho ba


dulang moo kapa ba kileng ba phela moo. Ka tsela e nngwe hona ho bontsha
hore dibaka tsa mefuta yohle ke tsa batho. Hape ho supa hore ha ho dibaka
tse se nang beng ba tsona. O tla hlokomela hore ho na le dibaka tse nang le
mabitso a mabedi, la bobedi e leng la Sekgowa, empa thothokiso yona ke ya
SeAforeka. Sena se hlalosa hore ha Makgowa a fihla sebakeng seo a ile a se
Dipolelo tsa tshusumetso 57

tsotelle lebitso la pele la sebaka seo mme ba se reha lebitso la bona. Tse ding
tsa dibaka di na le mabitso kapa dithothokiso tsa dintho tse amanang le batho
ba phelang moo, ho bontshang hore sebaka seo se tlamahana le bona eseng
batho ba bang.

Mosebetsi 4.2

1. Ke diphapang dife tseo o di boneng mahareng a dithothokiso tsa batho le tsa


merabe?
2. Ke dikarolwana dife tse re bontshang hore seboko se ka hodimo ho thothokiso
ya lebitso la motho?
3. Ke dikamano dife tseo o di elellwang dithothokisong tsa dibaka? Hlalosa le ho
tiisa karabo ya hao ka mehlala e nepahetseng.

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Sepheo se seholo sa tshebediso ya dithothokiso ke ho bopa kopano mahareng


a baahi, ho kgothatsa e mong le e mong, ho tshireletsa sebaka le ho lemosa
baditjhaba ho dula ba butse mahlo. Ke taba ya bohlokwa ho tadima sebopeho
sa puo e sebediswang dithothokisong tsena: boholo ba tsona di bontsha hore
dibaka ke tsa bomang, ke hore kutu ya lereho la thuo e leng lebitso la monga
sebaka le seruuwa, e leng sebaka.

4.2.4 Dithothokiso tsa diphoofolo

Diphoofolo tsa hae le tse hlaha, di na le mabitso a nang le dithothokiso:

• Lion: Malazwivhisi Tau (Ya jang dijo tse sa phehwang)


• Baboon: Wa ha nyamutsangadavhi wa lombe! Tswene (Ya theohelang
fatshe, ya hlwellang makaleng ho tloha ho le leng ho ya ho le leng.)
• Hare: Randevhe (Mr Hare) kapa Sankambe: Ramahlale – Mmutlanyana
(Mothetsi).

Mosebetsi 4.3

Dithothokiso tsa diphoofolo di o bolellang ka batho ba di rorisang?

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Diphoofolo di amahanngwa le batho ka ditsela tse ngata, ebang ke tsa hae


kapa tse hlaha. Batho bana le dithothokiso tsa diphoofolo kaofela, ebang ba di
Dipolelo tsa tshusumetso 58

ruile e le diphoofolo tsa hae kapa diphoofolo tseo di ja batho. Mofuta ka mong
wa dihlopha kapa merabe ba tadima diphoofolo ka ditsela tse sa tshwaneng,
leha ho ena le moo ho tshwanang. Diphoofolo tsena di rehwa mabitso le
dithothokiso tse thehilweng hodima diketso tsa tsona. Hangata ha batho ba
bua ka dintlha tse kang, matla, botswa, sekgahla, bolotsana, boikokobetso le
tse ding, ba sebedisa ditshwantshiso tseo ba di boneng diphoofolong. Ka
mokgwa o tshwanang, ba thothokisa diphoofolo jwalo feela ka batho – jwalo ka
ha re bona tshebedisong ya dipapiso le ditshwantshiso.

4.2.5 Dithothokiso / Mapetjo a dipapadi

THE SKY IS THE LIMIT / AMAKHOSI / AMABHAKABHAKA /


LEHODIMO KE PHELETSO / MARENA / MABAKABAKA

Dihlopha tsa bolo di na le mabitso, empa di boetse di na le mapetjo a binang


dithothokiso tsa tsona. Dithothokiso tsa dihlopha tsa bolo di nka tsela e
tshwanang le ya mabitso a merabe. Mabitso a teng a latela dintlha tse
fumanwang dihlopheng mohlomong tse tshwanang le diphoofolo kapa batho
bao di amanngwang le bona, ka mokgwa oo di hlolang kapa di hlolwang ka
teng, tsela eo di bapalang ka yona kapa sebaka seo di tswang ho sona.
Mabitso le dithothokiso tse latelang ke tsa dihlopha tsa bolo ya maoto le rakebi:

LEBITSO THOTHOKISO
Orlando Pirates Tse Ntsho ka kgang tsa Makhephola!
Kaiser Chiefs Amakhosi amahle {Marena a matle}
Moroka Swallows Se ke wa latela nna, latela dinonyana!
Black Leopards Li do da duvha {Letsatsi la ho amohela le a tla}
Golden Arrows Abafana besithende {Bashemane ba serethe}
Bloemfontein Celtics Masokolara! Phunya Selesele Bana ba o shebile
Dipolelo tsa tshusumetso 59

Mamelodi Sundowns The sky is the limit! {Lehodimo ke Pheletso!


Manchester United Red devils (Tse kopaneng tse kgubedu)
Arsenal The Gunners (Boradithunya)
Chelsea The Blues (Tse Putswa)
Liverpool The Reds (Tse Kgubedu)
South Africa (soccer BafanaBafana
team)
Senegal The Lions of Taranga (Ditau tsa Taranga)
Egypt The Pharaohs! (Bofaro)
Lesotho Likoena (Bahlodi)

Mosebetsi 4.4

1. Kamano ke efe pakeng tsa lepetjo kapa thothokiso ya sehlopha sa bolo le


dikarolo tseo di amanang le tsona. Kgetha tse tharo mme o di hlalose.

2. Dithothokisong tse ding, dihlopha di tshwantshwa le kotsi empa batho bao ba


amanngwang le tsona ba bontsha kgotso le tlholo ho tsona. Ebe hoo ho
etsahetse jwang?

3. Sehlopha sa setjhaba sa Aforeka Borwa se thothokiswa e le Bafana Bafana


{Bashemane Bashemane} mme sa Senegal le Lesotho e le Ditau tsa Taranga
le Likoena (Bahlodi) ka ho latelana. Ebe tshwantshiso le bashanyana kapa
ditau ho ama papadi tsa bona? Hlalosa le ho tiisa karabo ka mehlala e
lokelang.

4. Bongata ba dihlopha le dibapadi di na le mabitso a Senyesemane. Hoo ho


hlalosang naheng e kang ya Aforeka Borwa?

5. Ho thwe moetlo o pepa puo mme puo e pepa moetlo. Ebe o ka re see se ya
etsahala ho dithothokiso tsa mabitso.

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Dithothokisong tsa dipapadi re bona hantle kamoo diketsahalo di amanngwang


le baetsuwa ba phelang le ba sa pheleng, ba kotsi le ba nang le matla, ba nang
le hona le tse atlehileng. Haeba papadi e ammahanngwa le ho hloka katleho,
mantswe a sebediswang a tla thusa ho fetolela seo katlehong. Haeba e
amahanngwa le tse fosahetseng, mantswe a kgethilweng a tla e fetolela ho tse
nepahetseng.
Dipolelo tsa tshusumetso 60

Tshebedisong ya puo, ke taba ya bohlokwa ho hlokomela hore mantswe ka


boona ha a na moelelo, empa ke batho ba a nehang moelelo. Batho ba etsa
qeto ka mefuta ya moelelo wa lentswe le leng le le leng.

4.2.6 Dithothokiso tsa Bolo ya Maoto le dipapadi tse ding

Lefatsheng la boithabiso, haholoholo bolo ya maoto le dipapadi tse ding,


dibapadi di kgothaletswa ho bapala ka boitelo ka dipina ke ba shebeletseng.
Boholo ba dibapadi di na le mabitso a boswasi a hoeletswang ho ba
kgothaletsa ho bapa ka matla lebaleng la bolo ya maoto. Mehoo e tlala lebala
ha bathoholetsi ka diketekete ba hoeletsa mabitso a dikgabane tsa bona, ba ba
kgothaletsa ho bapala hantle. Mabitso ana a hlalosa kamoo dibapadi di
bapalang ka teng, mme dibapadi di a fuwa ke bathoholetsi. Mehlala e latelang
ke mabitso a dibapadi tsa bolo ya maoto le dithothokiso tsa bona:

LEBITSO LEBITSO LA THOTHOKISO


1. Kaizer Motaung Chincha Guluva!
2. Jomo Sono Troublemaker!
3. Lucas Moripe Masterpiece kapa Molimo wa Bolo!
4. Johnny Mokoena Magwegwe!
5. Durant 05!
6. Abednigo Ngcobo Ushaka angashayeki {Tjhaka ya sa
hlolweng} Valdez is coming

Mosebetsi 4.5

1. Kgetha boradipapadi ba bane mme o hlalose mabitso a dithothokiso a bona.

2. Kamano ke efe dipakeng tsa sebapadi le dikarolo tse hlaloswang lebitsong


la thothokiso la hae? Kgetha tse tharo mme o di hlalose.

3. Mabitso a batho a SeAforeka a na le dithothokiso puong tseo, empa mabitso


a boswasi kapa a thothokiso a boradipapadi ke Senyesemane kapa Seburu
le a dipuo tsa SeAforeka. Hlalosa phapang.

4. Mabitso a dithothokiso a dibapadi ho ya ka dipapadi ho fapana, a


fetiseditswe ho bana ba bona kapa meloko ya bona, ka nako e nngwe le ho
dibapadi tse ding. Ebe o ka hlalosa hobaneng? Ebe ba fuwang mabitso a
dithothokiso a dibapadi tsa kgale ba bapala jwalo ka beng ba ona? Kgetha
ba babedi bao o ba tsebang mme o hlalose.
Dipolelo tsa tshusumetso 61

5. Qolla kgalala ya dipapadi motseng wa heno. Buisana le yena. Yena o


ikutlwa jwang ha o mmitsa ka lebitso le mo thothokisang?

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Ntle le mabitso a bona a tlhaho, dibapadi tse ngata di ipha mabitso a boswaswi
kapa ba a fuwa ke batshehetsi ba bona. Mabitso ana a boswasi eba mabitso a
dithothokiso a bona, ao ba a sebedisang ha ba bapala ba bontsha tsebo ya
bona lebaleng, empa mabitso ana a boswaswi a ba Manama mme e be a
bohlokwa jwalo ka mabitso a bona a tlhaho. O se o ile wa bona kamoo mabitso
a thothokiso a hlalosang tsebo ya dibapadi ha di le ka lebaleng. Batshehetsi ba
ba thoholetsa ka mabitso a bona a dithothokiso ho bontsha kamoo mabitso ana
a hlalosang seo ba se etsang, mme qetellong dibapadi di bapale ka boitelo.
Mantswe ana a hlahang thothokisong a hlalosa bophahamo kapa boleng ba
mmapalo wa sebapadi. Mme sena hape se bontsha hore mantswe ka boona
ha a na moelelo, ke batho ba a nehang moelelo. Mme sena se hlalosa
bohlokwa ba ho tseba hore moelelo wa lentswe o laolwa ke tikoloho ya moo
lentswe le sebediswang teng.

4.3 MAPETJO

O se o kile wa utlwa ka lentswe lena “lepetjo”? Ebe o nahana hore le bolelang?


Na ho na le mapetjo ao o a tsebang? Re bolelle ona. O amanya mapetjo le
eng? Re ile ra bua ka lentswe lepetjo pejana. Ho ya ka seo re se boletseng, re
ya bona hore ha le arohana haholo le thothokiso ya lebitso. Mapetjo a tletse
tshepiso: A hotetsa hlaha ya maikutlo.

Mosebetsi 4.6

1. Na ho na le sehlopha sa batho seo o se tsebang se nang le lepetjo?


2. Lepetjo le sebedisetswa eng?
3. Fana ka lebitso la sebui le bamamedi?

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Batho ba phela ka dintho tse ngata empa ha ba di nkele hloohong. Mapetjo re


a sebedisa ka dinako tsohle bophelong ba rona. A mang a hlaha dibilebotong,
re a utlwa diyalemoyeng le dithiving, mahaeng le metseng ya rona. Re ka bina
mapetjo ha re teana le metswalle mme re thoholetsa dipapadi. Re a sebedisa
ha re thothokisa, kapa re phoqa ba bang leha dihlopha tsa rona di hlola kapa di
hlolwa.
Dipolelo tsa tshusumetso 62

Mapetjo a dipolotiki:

Sheba setshwantsho se ka hodimo. O nahana hore ho ne ho etsahalang?


Tshehetsa karabo ya hao. Bala dipolakate mme o fane ka maikutlo.
Sepheo sa mapetjo a dipolotiki ke ho hohela bakgethi. Dibui di sebedisa
dithswantshiso tsa dipolotiki, theneketso le ditlatse tse kgothatsang. Ha ho ena
le dikgetho, mekgatlo ya dipolotiki e qapa mapetjo a matjha. Ela tlhoko dikarolo
tse tharo tse latelang tse amanngwang le mapetjo:

• Sebui
• Lepetjo le pina / ho bina
• Moamohedi kapa bamamedi

Mapetjo a binwa ke boradipolotiki le batshehetsi ba bona ho manolla nalane le


moetlo wa mokgatlo. Mapetjo a thusa batho ho bona setshwantsho se seholo
sa maikemisetso a mokgatlo. Mohlala, dinakong tsa puso ya Kgethollo ka
mmala, mokgatlo wa Manashenale o ne o ena le lepetjo lena: Swart gevaar –
Botsho ke kotsi, le neng le ba kgothaletsa ho kgetha baetapele ba neng ba
ikemiseditse ho kgetholla batho ba batsho le ho ba siya ka ntle mmusong. Ka
mantswe a mang, lepetjo le ne le hlalosa tse ngata tseo ba neng ba di bona ho
feta tseo ba di utlwang. Batho ba batsho le bona ha ba arabela ba ne ba
hoeletsa Amandla – Matla le dikarabo tse reng: Nga wethu – ke a rona, di
felehetswa ke setebele se phahamiseditsweng hodimo. Mokgatlo wa UDF
(United Democratic Front) o ne o bina Siyaya ePitoli – Re ya ya Pitoria. Ba
Dipolelo tsa tshusumetso 63

neng ba entse mokoloko ba ne ba tsamaya ba bina ba phahamisitse ditebele.


Mokgatlo wa PAC o ne o ena le lepetjo lena – Afrika for Africans – Aforeka ke
ya maAforeka – mme batjha bona ba re: One settler, one bullet – moditjhaba a
le mong, kulo e le nngwe; ka nako e nngwe le mokgatlo wa Afrikaanse
Weerstand Beweging AWB – le ona o na le lepetjo lena: Moditjhaba a le mong,
tekesi e le nngwe.

Ha mmuso wa setjhaba ka setjhaba o qala, mekgatlo e ile ya leka ho ikgapela


divoutu, ANC ya howa ke nako! Empa le Amandla e latetswe ke ngawethu ya
nna ya binwa ke batshehetsi. Mokgatlo wa The New Nationalist Party ona wa
tla ka “Get South Africa Working – Etsa Aforeka Borwa e sebetse,
Democratic Alliance ya howa fighting back – itwaneleng! Mokgatlo wa UDM
o neng o thehwe ke Bantu Holomisa le Leon Wessels, ba neng ba etswa ho
ANC le National Party ka ho latelana, ba qapa Do what is best for South
Africa – Etsetsa Aforeka Borwa se setle. Ka lehlakoreng le leng mokgatlo
wa Afrikaanse Eenheid Beweging, ona wa howa Eenheid is krag - kopano ke
matla. Nakong eo re neng re ngola ditaba tsena, bonkgetheng ba babedi ba
mokgatlo wa US Democratic, e leng Hillary Clinton le Barrack Obama, bona ba
ne ba bina pina e tshwanang leha e sa tshwane, kaha ba ne ba howa
solutions for the American Econonomy and change we can believe in.
Mahlale molemong wa moruo wa Amerika le diphetoho tseo re dumelang
ho tsona. Maobanyana Zimbabwe, Zanu-PF e ne e howa “our land, our
sovereign – lefatshe la rona, boikemelo ba rona, ha MDC yona e ne e howa:
Morgan has more – Morgan o na le tse ngata.

Mosebetsi 4.7

1. Mapetjo a sebediswa ho fana ka morolo, ho kgothatsa kapa ho tsoseletsa


batho. A ka boela a ba kotsi le ho lahla batho. Qolla mapetjo a ka
dumellanang le taba ena, mme o bontshe hore a ka etsa seo jwang.

2. Qolla mapetjo a mabedi a hlalosang tlholo le katleho, bontsha nalane ya ona.

3. Mapetjo hangata a amana le batho ba itseng ka hare ho mekgatlo ya dipolotiki.


Hobaneng mekgatlo ya dipolotiki e itshwareleditse ntlheng ena?

4. Qolla mapetjo a mabedi kapa a mararo a bontshang kgang dipakeng tsa


mekgatlo e mmedi kapa e meraro e phehisanang. Hlalosa mofuta wa kgang.

5. A ko hlalose ka botlalo kamano dipakeng tsa setebele le mapetjo a mang ao re


faneng ka ona ka hodimo.

6. Mapetjo a Clinton le Obama a re ama jwang Aforeka Borwa?


Dipolelo tsa tshusumetso 64

7. Wena maikutlo a hao ke afe ka mapetjo a ZanuPF ke MDC?

8. Mapetjo a mang a bontsha lehloyo mme a supa ho itshireletsa – kgetha mapetjo a


mararo ho tswa mekgatlong e meraro ya dipolotiki. Hlalosa hobaneng sena se
etsahala.

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Dibakeng tsa dipapadi dibui tsa dipolotiki le tumelo, hangata di kgothaletsa


bamamedi ho etsa ditlatse. Ka dinako tse ding bamamedi ba opa diatla ha
sebui se bua: haele sebui sa pele, ha sebui se rorisa mokgatlo kapa mosebetsi
wa bona kapa a hlasela bahanyetsi. Diphehisanong tsa dipuo, ditlatse di ka
bontsha dintlha tsa bohlokwa tseo sebui se di hlahisang. Dibui kapa baetapele
le bona ba ka etsa mapetjo ha ba qala ho hlaha ka pela bamamedi kapa ba
etse mapetjo ka nako ya kgefutso ya dipuo tsa bona kapa qetellong.

Hangata batho ba howa mapetjo ba tshwere dipolakate hore bohle ba bone.


Ba ka tshehetsa kapa ba ba kgahlanong le moetapele, mmuso kapa mokgatlo
wa kgwebo. Seo ba se etsang ke ho bontsha maikutlo a bona ho e mong le e
mong ya ka bang le thahasello: bao ditaba di lebesitsweng ho bona ba lokela
ho hlokomela mme ba nke mehato.

Dikerekeng, baruti hangata ba howa “Amen-Allelujah” kgafetsa, ha ba


phahama, mahareng a thero ha ba nahana hore ba buile ntho ya bohlokwa,
kapa qetellong ya thero. Phutheho le yona e tla arabela ka “Amen” – Allelujah”,
ba bang ba phahamisa matsoho a bona ha ba bang bona ba phahama mme ba
phahamise matsoho a bona. Phutheho le yona e ka howa Amen kapa Allelujah
ha ba utlwa hore moruti o boletse ntho e nang le kelello, kapa moruti le
phutheho ba ka howa ka dinako tse fapaneng ka Amen kapa Allelujah.
Phutheho e ka boela ya howa ha moruti a bitsa lebitso la Jehovah kapa la Jesu,
kapa a hlasela moleko. Hape ditho tsa mokgatlo kapa ba bokaneng le bona ba
na le mapetjo a bona ao ba hoeletsang dikopanong tsa dipolotiki kapa
ditshebeletsong tsa kereke.

Setjhabeng sa maMuslim, ha sebui se howa “Allah Akbar”, barapedi kapa


bamamedi ba howa le bona, ba pheta ona mohoo oo.
Mehlala e meng ya tseo re ka ithutang ka tsona di a latela. Nahana ka tsona:

O se o ile wa utlwa ka pina ena Mshini wami? O e amantsha leng? Pina ena
e ne e le pina ya ntwa ya ANC ha e ne e sale mokgatlo o lwanelang tokoloho
kgahlanong le mmuso wa kgethollo ka mmala. Pina ena e laela lesole le
Dipolelo tsa tshusumetso 65

ntweng ho fa lesole le leng motjhini wa sethunya, e le hore a tsebe ho thunya a


tle a kgutlele naheng ya habo.

Pina ena e ne e binwa ka morao ho tokoloho, ha bao e neng e le metswalle-


ntweng ba ikgopotsa matsatsi a kgale. Nakong eo Jacob Zuma a neng a hlaha
ka pela makgotla a dinyewe ka morao ho hore a tloswe setulong sa Motlatsa-
Mopresidente wa naha, pina ena e bile sello sa bohle ba neng ba tshehetsa
Jacob Zuma makgotleng a dinyewe.

Ba bang, ba kang Letona la tsa Tshireletso Mosiuoa Lekota, ba ne ba re pina


eo e se e fetilwe ke nako hobane ANC ha esa lwana ntwa morung. Lekota o ne
a dumela hore pina eo e lokelwa ho lahlwa, empa maikutlo a hae a ile a etsa
hore pina e ratwe ka ho fetisisa dikgethong tsa 2008 tse neng di le Polokwane,
ho kgethwa badulasetulo ba batjha.

Mosebetsi 4.8

1. Hobaneng M’shini wami wa Zuma o ile wa atleha?


2. Na ho na le pina kapa lepetjo le tshwanang le M’shini wami leo o le
tsebang? Haeba ho jwalo hlalosa dipolotiki tse ka morao ho lepetjo/ pina eo.
3. Bua ka mantswe a sebedisitsweng pineng eo.

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Dipina tseo re utlwileng baholo ba rona ba di bina ha re ntse re hola, ke dipina


tseo le bona ba di utlwileng dilemong tsa kgale ha ba ntse ba hola. Tse ding
tsa dipina tsena e ne e le tsa ntwa, di binwa ke masole ha a itokisetsa ntwa, ba
tla hlasela kapa ba kgutlela hae ba hlotse. Boholo ba dipina tseo re di binang
mehleng ena ha di bile ha di ntjha. Tsela ya ho di bina e ka nna ya se tshwane
empa haele moelelo ona o wa tshwana (le ha o hlophisitswe ho dumellana le
nako le sebaka). Hona le karolo ya tlhophiso ho ya ka sebaka le nako dipineng
tse ngata, hona ho bolela hore boholo ba pina bo ntse bo tshwana le ba pina
qalehong ya yona.

Pina ena M’shini wami e amahanngwa le Jacob Zuma, empa ha se pina ya hae
– o ile a e utlwa kaekae e le molwanedi wa tokoloho. Ho ka bolelwa jwalo le ka
ya qadileng pina ena – le yena o ile a kopanya mantswe ao a a utlwileng
pineng e nngwe. Balwanedi ba tokoloho ba ne ba bina dipina tlasa maemo a
sa tshwaneng, empa pina ena e ntse e tshwaneleha ho binwa qosong ya Zuma
mme e tla nne e binwe le nakong e tlang.
Dipolelo tsa tshusumetso 66

“Hit me! Hit me! Rape me! Rape me!


“Nkotle! Nkotle! Mpete! Mpete!

Nkotle! Nkotle! Mpete! Mpete! (The Star 13 Tlhakubele 2008)


Sehlooho sa ditaba se ka hodimo e ne e le karolo ya raporoto ya tlhekefetso
dikolong tsa Aforeka Borwa e ngotsweng ke Khomishene ya Ditokelo tsa Botho
(SAHRC). Raporoto e ile ya fumana hore bana ba dilemo tse tlohang ho supa
ba ne ba ameha papading e bitswang “Nkotle! Nkotle! Mpete! Mpete!” Ba ne
ba bina mantswe ana ha ba ntse ba bapala papadi e etsisang ha ba otlana leha
ba betana. Judith Cohen o tswelapele ho bontsha “Mpete” bana ba neng ba
etsisa ha ba tshwara “diphofu” tsa bona mme ba di beta.

Polelo ena “Nkotle! Nkotle! Mpete! Mpete! ke puo e hohelang leha e le e


fosahetseng E kgothaletsa bana ho etsisa ho otla le ho beta ba bang, empa ka
lehlakoreng le leng e kgothaletsa tlhekefetso ya bana. Leha e le papadi, empa
e senya bana. Batshwantshi papading ena ke bana, mme ho bona ke papadi e
nang le pina le mantswe a etsang morethetho – modumo wa mantswe ka ho
latelana – mantswe a nang le molodi mme ba ithuta ona habobebe empa a
kotsi. Bana ba bapala ka morolo.

Khomishene e bontsha hore ho bana ke pina, mme tlhekefetso ke ntho e


tlwaelehileng; empa nnete ke hore e thibela ditokelo tsa bona tsa thuto.

“Papadi ena e totobatsa boemo le bophahamo boo tlhekefetso ya batjha e leng


ho bona le kamoo tlhekefetso ka ho rwabala e nammeng ka teng Aforeka
Borwa”, ho realo raporoto.
Dipolelo tsa tshusumetso 67

Porokgerama ya Matlafatso ya Diphofu tsa Thohoyandou, e ile ya kopana le


seo ba ileng ba bolellwa hore ke “Matshwao a mafu a Thwabalano” kapa STM,
moo baithuti ba robalang le matitjhere e le hore ba ba fe matshwao.
Ba ile ba hlalosa taba ena e le boemo ba thobalano ya qobello eo eleng peto,
ho yona matitjhere ke baetsi ba ketso ena ha baithuti bona ba bona sena e le
ntho e tlwaelehileng e se nang kotsi.
Diketso tsa thobalano mahareng a matitjhere le baithuti ho fumanehile hore di
entse tshenyo e kgolo ka phaposing ya borutelo, hoo ba bang ba baithuti ba
bolelang hore ha ba sa na tlhompho ho matitjhere a bona hobane ba dumela
hore ba ba hlekefeditse.

Ho bana, “Nkotle! Nkotle! Mpete! Mpete!” ke papadi, empa ho batswadi ke


tlhekefetso. Bua ka polelo ena ketsahalong e latelang, sheba ka mahlakoreng
a mabedi a setshwantsho, tshehetsa karabo ya hao ka mehlala e lokelang.

Mosebetsi 4.9

1. Hlalosa ka bokgutshwane hobaneng pina e ka hodimo e le papadi ho bana,


leha batswadi ba e bona e le tlhekefetso.

2. Hlalosa kamano dipakeng tsa se bitswang “STM” le Matitjhere le baithuti.

3. STM e ka tshwantshwa le STD. STM e bolela tshebediso ya baithuti ke


matitjhere, molemong wa baithuti. STD ke diphetho tse kotsi. Hlalosa kamano
ya tsena tse pedi hodima se boletsweng.

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Bana ba ithuta ho sebedisa puo ka ho bapala. Ba ithuta tsa boholo ka tsela e


jwalo: ba bapala hoba batho ba baholo. Ha ho fihlwa tshebedisong ya puo re
ka tshoswa ke ha ba bapala ba sebedisa ditlhapa. Mohlala papading tsa bona
ha ba etsisa batho ba baholo, bana ba etsa sohle seo ba boneng batho ba
baholo ba se etsa ntle le letswalo hobane ho bona ke papadi.

Pale e ka hodimo ke seo re lekang ho se hlalosa. Ha ba bapala ba bina


“Nkotle! Nkotle! Mpete! Mpete!” ba qetella ka ho bapala se atametseng ho ho
otla le ho beta; ba etsisa seo ba se boneng. Ho bana ke papadi, empa ba bua
ka dintho tse hlokolotsi tse lokelang ho thibelwa.

Leha bana ba bapala papadi ka dintho tse tshosang, batho ba baholo ba na le


ho tsheha ka boswasi ka tsona. Paleng e ka hodimo, batho ba baholo ba
sebedisa kgutsufatso e bolelang lefu le kotsi (STD – Mafu a neheletsano ka
thobalano) mme a fetoletswe ho STM e leng matshwao a mafu a neheletsano
Dipolelo tsa tshusumetso 68

ka thobalano.” Ho kopanya lefu le kotsi le tlhekefetso le bobodu ka mokgwa


ona, ba tshehisa ka ntho e kotsi. Ba sebedisitse puo ka mokgwa o qabolang ho
bolela ntho e kotsi. Ena ke taba ya kopano le neheletsano e etsahalang
dipakeng tsa dintho tse pedi.

4.4 DIPAPATSO

Pele re buile ka diphatlalatso e le puo e hohelang. Dipapatso di sebediswa ho


hohela jwalo ka mapetjo.

Mosebetsi 4.10

1. Ke hokae moo o boneng dipapatso kgafetsa?


2. Hlalosa hobaneng di manehilwe moo?
3. Baetsi ba dipapatso tsee ke bomang?
4. Dipapatso tsee di lebisitswe ho bomang? Hobaneng?
5. Molaetsa wa dipapatso tsee ke ofe? Ebe o fetisitswe jwang?
6. Qolla sesebediswa se hohelang se sebedisitsweng mona, hlalosa hobaneng ho
sebedisitswe sona.

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Lentswe lena “advertisement” (papatso) le tswa ho leetsi la Selatini


‘advertere’ le bolelang “ho fetohela ho.” Hona ho bolela hore dipapatso
di etsa hore batho ba fetohele ho sehlahiswa, ka mantswe a mang di
etswa hore di hohele batho ho sehlahiswa kapa thepa.

Dipapatso di hlaha dibilibotong ka thoko ho ditsela tse kgolo, le dibaka tsa


boithabiso, le ho diphatlalatso tsa dingolwa (jwalo ka dimakasine,
masedinyana) le dieleketroni (jwalo ka seyalemoya le TV). Di ya hoeletswa, di
binwe le ho buuwa.
Dipolelo tsa tshusumetso 69
Dipolelo tsa tshusumetso 70

Dipapatso di sebedisa baetsi / dibapadi, tse kang sebui le bamamedi,


hammoho le molaetsa kapa papatso.

Sebui se pheta molaetsa wa papatso. Mefuta ya batho ba tsebisahalang ba


sebedisitswe mona:

1. David Beckham
2. Lucas Radebe
3. Nelson Mandela
4. Desmond Tutu
5. Oliver Tambo
6. Charlise Theron
7. Marcia Turner
8. Papatso ya Unisa e nang le Gandhi jwalojwalo.

Mosebetsi 4.11

1. Hobaneng dipapatso di sebedisa batho ba tsebahalang jwalo ka bana?

2. Ka dinako tse ding batho ba sa tumang ba sebediswa dipapatsong, ba etsisa


ba tummeng. Tshwaetso eba efe tlhahisong?

3. Hobaneng basadi ba sebediswa ho bapatsa dihlahiswa tse ding ha banna


bona ba sebediswa ho tse ding? Fana ka dipapatso tse pedi mme o hlalose.

4. O nahana hore ho na le dipapatso tsa MaAforeka le dipapatso tsa ba


basweu? Fana ka mehlala e mmedi mme o hlalose maikutlo a hao.
Dipolelo tsa tshusumetso 71

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Dipapatso di etseditswe ho rekisa dihlahiswa. Ka ntle le batho ba


tsebisahalang, babapatsi ba tsepamisa mahlo ho molaetsa wa papatso.
Molaetsa o ba le dintho tse kang puo, sebopeho kapa fomate le
ditshwantshwang tsa sehlahiswa. Jwalo ka ha ho boletswe, dipapatso tse ding
di a buuwa, tse ding di a binwa ha tse ding di hoeletswa. Phapang e nngwe ke
hore diphatlalatsong tsa kgatiso di lokela ho bonwa le ho balwa, ha ho
diphatlalatso tsa diieleketroni di utluwa seyalemoyong kapa di bonwa le ho
utluwa ho TV. Dipapatso tse ding ha di nke nako e telele hobane di sa
amohelehe: ho na le ditletlebo tsa hore di nyedisa dihlopha tse ding tsa batho.
Dikhamphani tsona di shebana le dihlopha tse ding tsa batho, mme ka dinako
tsohle di hopola batho bana ha ba etsa dipapatso. Leha ho le jwalo molaetsa
wa papatso e sa ikamahanyeng le boitshwaro bo botle ba puo kapa moetlo e ka
lokela ho hlakolwa moo e bapatswang teng.

Mosebetsi 4.12

1. Na ho na le dipapatso puong ya heno tseo o di tsebang tse sa amoheleheng


moetlong wa heno hobane ho sebedisitswe diphoofolo kapa dintho tse itseng?
Di qolle mme o hlalose kamano eo e sa amoheleheng.

2. Ke diphoofolo dife tse sebediswang ho etsa dipapatso puong ya heno,


hobaneng? Qolla dipapatso tse pedi mme o hlalose.

3. Dipapatso tse ngata ha di ya ngolwa ka puo ya heno. Na wena kapa batho ba


heno le di amohetse dipapatso tseo leha di ngotswe ka puo esele? Hlalosa ka
botlalo.
Dipolelo tsa tshusumetso 72

4. O nahana hore batho ba dipuo le meetlo e fapaneng ba na le hona ho rekisa


dihlahiswa dipuong le meetlong e meng?

5. O se o kile wa lemoha dihlahiswa tse etseditsweng batho ba batsho kapa ba


basweu feela dipapatsong? Qolla tse pedi mme o hlalose.
Bala pale ya thuto e latelang mme o arabe dipotso tse mosebetsing:
Papatso ya kuku ka Sesotho sa Leboya e bile le nako e kgutshwane
dilemong tse fetileng mme ya tloswa hobane basadi ba ne ba dumela hore e
ya ba hlekefetsa. Papatso ena e ne e baleha tjena:

Bona kuku ya ka e monate. E mabothobotho, e a bothosela.

O ka hlalosa hore phoso e bile kae?

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Dintho tse ngata tse fapaneng di hlaloswa ka mekgwa e fapaneng dipuong tse
sa tshwaneng. Mantswe le ona a sebediswa ka ditsela tse sa tshwaneng le
puong e le nngwe, le puong e le nngwe empa dibakeng tse fapaneng. Mohlala,
lentswe lena bogobe/bohobe ka Sesotho sa Leboya le Setswana a bolela
lesheleshele, empa ka Sesotho le bolela bohobe, athe ka dipuo tsena tse tharo
borotho le bolela bohobe.

Ke taba ya bohlokwa ho motho e mong le e mong ya sebedisang puo ho ithuta


ka moo mantswe a sebediswang ka teng, le hore na a emetseng dipuong tse
ding (ho seng jwalo o ka iphumana o rohaka batho o sa tsebe). Hona ho bolela
hore dikhamphani di lokela ho etsa diphuphutso pele di etsa dipapatso. Ha se
papatso e nngwe le e nngwe eo re e boneng bilibotong, re utlwang
seyalemoyeng kapa re e boneng thiving e tla rekisa; tse ding ha di sebetse ho
hang, batho ba di bona di utlwisa bohloko, kapa di rohakana, kapa ha ba di
tsotelle. Hona le tseo tse sebetsang hantle, tse rekisang, tseo batho ba di
elang hloko, ba di ratang le ho di rorisa.
Tadima ketsahalo e latelang:

Ka nako e nngwe ka selemo sa 2008 ANCYL (Mokgatlo wa Batjha wa ANC) o


ile wa bua kgahlanong le dipapatso tsa tai, ba hlahisa hore di thibelwe.
Hantlentle ba ne ba kgothaletsa thibelo ya thekiso ya tai ka dihora tse itseng,
ho fokotsa botahwa bo neng bo bonahala bo se bo jele setsi. Mmuelli wa bona
Zizi Kodwa o ile a re: “Dipapatso di etsa tema e kgolo ho bopa boitshwaro.
Papatsong e nngwe le e nngwe ya tai, ho fanwa ka maikutlo a hore ka morao
ho tshebetso e matla, mokgwa o mong feela wa ho phomola ke ho nwa biri”
(Sowetan 2008:6) Tlhahiso ena ya ANCYL e ile ya kopana le kganyetso.
Dipolelo tsa tshusumetso 73

ANCYL e ne e le kgale e kopa tshehetso ho marena le baetapele ba dikereke


mme ba kopana le Letona la tsa Bophelo ho kopa tshehetso ho thibela thekiso
ya jwala ka diSontaha.

Mosebetsi 4.14

1. Na o dumellana le tlhahiso ya ANCYL? Qolla mme o shebisise dipapatso


tsa tai diphatlalatsong kaofela. Ngola maikutlo a hao ka tlhahiso ya ANCYL.

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Dipuong tsohle dithothokiso di sebediswa e le mokgwa wa ho rekisa tlhahiso e


tshwanang le biri. Dikhamphani tsa dibiri di hloma dipapatso le mapetjo ao re a
boneng dibilibotong, re a mamela seyalemoyeng le ho a sheba Thiving.
Setshwantsho se bilibotong se a hohela le molaetsa o a bitsa. Dipapatso tsena
hangata di bontsha batho ba phomotseng mme ba nwa biri ka morao ho
tshebetso e matla ya letsatsi.

Jwale ho na le sello se seholo sa hore dipapatso tsena di fana ka molaetsa o


fosahetseng – hobane matsatsing ana batho ba dilemo tsohle ba nwa biri ka ho
fetisisa. Batho ba baholo le batswadi ba qeta matsatsi a bona matlung a
thekiso ya tahi le dithaveneng, bana ha ba ye sekolong ba nwa jwala, mme ba
bangata ba nwang le ho kganna ha ba finyelle moo ba yang.

Ke ntho ya bohlokwa ho sheba puo ya dipapatso tsena le hore na batho bona


ba reng. Ba bang ba kgothaletswa ho reka, ba bang ba bala molaetsa wa
papatso e le molaetsa wa tshenyo. Hape kutlwisiso ena e fapaneng e bontsha
ka moo puo e tshwanang le letsopa: ka matsohong a sebopi e ka sebediswa ho
hohela/ho fetola maikutlo – leha momamedi a ka nna a bala kotsi molaetseng.
Dipolelo tsa tshusumetso 74

Sena ke sehlooho sa ditaba tse ileng tsa latela papatso ya kgothaletso ya


Hillary Clinton ha a ne a emela ho ba nkgetheng setulong sa boporesidente –
Amerika mokgatlong wa Democratic Party, se ileng sa hapjwa ke Clinton.
Papatso ena e bua ka mohala ka hora ya 3 hoseng, ha ngwana e monyane wa
ngwanana ya dilemo di robedi a sa robetse. E botsa hore ke mang ya tla
arabela mohala. Papatsong ena Clinton o bolela hore ke yena ya tla tsoha ho
araba mohala. Ho ya ka baphatlalatsi e boetse e bontsha ka moo Barack
Obama a hlokang boiphihlelo.

Papatso ena ho utlwahala hore e entswe ha Casey Knowles, eo jwale a leng


dilemo di 18, ha a ne a le dilemo di robedi. Kgothaletso ya ho kgetha Clinton
ho utlwahala hore ba rekile papatso ena ho Getty Images. Sethathong papatso
ena e ne e etseditswe khamphani ya mmila wa seporo.
Papatso e ile ya hlaha Porokgeramong e tshehisang ya TV, ABC Good Morning
America Edition ya ka Sontaha e hlahiswa ke Jon Stewart, le ditho tsa lelapa la
Casey ba e bona. Ha morao Casey a bontsha ho tshoha ka papatso ena:

“Seo ke sa se rateng ka papatso ena ke hore e tshosa ka leshano.”


O ile a totobatsa hore o tshehetsa Obama e seng Clinton hobane a re,

“Ke rata molaetsa wa Obama o bontshang tjhebelopele e nang le


bokamoso bo kganyang.”

Ha morao ho utlwahala hore kgothaletso ya ho kgetha Obama, e ile ya iteanya


le yena mme yaba o re:

“Ke ile ka bolela hore re etse papatso e kgahlanong le ena, eo nna le


Obama re leng kgahlanong le Hillary.”

Leha ho le jwalo a boela a eketsa hore qetellong yena o tla nne a voutele ofe
kapa ofe ya hlolang dikgetho tsa Democratic Party (Pretoria News 2008:16).

Mosebetsi 4.15

1. O nahana hore papatso e ile ya etsetsa Clinton eng ha e ne e hlahiswa lekgetlo


la pele? Fana ka mabaka ho tiisa karabo ya hao.

2. Ka morao ho hoba Casey Knowels a hlahelle phatlalatso, ebe ho ile ha


etsahalang kgothaletsong tsa dikgetho ka bobedi? Ke ofe ya ileng a hlola? Ha
hlolwa mang? Hobaneng?
Dipolelo tsa tshusumetso 75

3. Ka papatso ena ka kelellong, o be o ka re batho ba ka manolla melaetsa


e mengata papatsong? Hlalosa ka botlalo.

4. Mosebetsi wa puo ke ofe papatsong?

5. Ebe ho na le ketsahalo e tshwanang le ee puong ya heno? Naheng ya


heno kapa e nngwe? Ebe ho ile ha etsahalang qetellong?

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Re hateletse taba ya dipapatso tse entsweng ka sepheo sa ho rekisa


dihlahiswa kapa ho hulela batho ho tshehisa lebaka le itseng. Re bontshitse ka
phethahalo ntle le ho tsilatsila hore leha tse ding tsa dipapatso tsena di ka etsa
hore batho ba reke, ka dinako tse ding di tsosa moya o kgahlanong ho tswa ho
bao di lebisitsweng ho bona. Papatso e ka hodimo, e ile ya etswa Casey
Knowles a sa le monnyenyane haholo, mme ha ho ka ha ba le thibelo
molaetseng kapa maikemisetsong a yona. Ho ka etsahala hore e rekisitse
dihlahiswa ka dimilione ka nako eo. Leha ho le jwalo, nakong ena papatso ha
eya ka ya rekisa: leha a ne a totobaditse hore o tla vutela ya kgethilweng e le
moemedi wa Democratic Party, ebang ke Obama kapa Clinton, Casey
Knowles, ya neng a se a le dilemo di 18, o ne a se a ikemiseditse ho voutela
monna eo papatso e neng e le kgahlanong le yena.

Sephetho sa pale ena se bontsha hore dipapatso di tsamaya le dinako. Tse


ding di ka atleha mme tsa phela nako e telele, empa tse ding nako ya tsona e
kgutshwane. Nakong e fetileng diqeto di ile tsa etsetswa Casey Knowles,
empa jwale o iketsetsa diqeto bophelong ba hae. Leha puo e sebedisitsweng
papatsong e sa ka ya fetoha, empa motho o ile a fetoha kaha a ile a hola.

Mosebetsi 4.16

Tadima dipapatso tse latelang:


Se ke wa bua le nna, bua le mmuelli wa ka.
Tata machance Tata mamillion

1. Ke dipapatso kapa mapetjo aa? Hlalosa.


2. O shebile mantswe a teng, a phahamisa maikutlo afe ho eo ho buuwang le
yena kapa ya mametseng? Hlalosa karabo ya hao.
3. Na o se o kile wa teana le dipapatso tse phehisanang?
4. Fana ka mabitso a dikhamphani tse entseng dipapatso tseo, mme o hlalose
phehisano e dipakeng tsa tsona, shebisisa puo e sebedisitsweng mapetjong a
tsona.
Dipolelo tsa tshusumetso 76

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Yuniting ena re hlalositse kamoo batho ba boneng, utlwang le ho bala dintho ka


tsela tse sa tshwaneng. Ka tsela yona eo, batho ba ka hlalosa mehlala eka
hodimo e le dipapatso ha ba bang ba ka e nka e le mapetjo. Ba bang ba ka ba
le mabaka hobaneng ba nka mehlala e ka hodimo e le dipapatso ebile e le
mapetjo. Ela tlhoko seatla se finneng setebele se ka emela matla a matsho, a
howang Amandla le dithoholetso tsa Ngawethu! Mohlala ona o ka ba le
dimanollo tse ngata: ekaba tshoso ka sera sa hao se o tshosang ka tlholo
nakong e tlang; kapa ekaba kgothatso ho wena, jwalo ka motshehetsi, ho
tshwarella ho fihla katlehong. Ho totobetse hore re lokela ho tseba hore batho
ba dipapatso ba na le seo e leng sephiri sa bona, seo e seng sa rona. Ba rata
hore re tshehetse lebaka la bona. Ka lehlakoreng le leng lepetjo kapa papatso
di ka sebeletsa botle. Lentswe la bohlokwa ha re tla papatsong ke: Jwang kapa
jwang, tadimisisa pele o e sebedisa.
Boitshwaro le Tshwantshiso 77

Yuniti ya 5
Boitshwaro le Tshwantshiso

Diphetho tsa Thuto

Etlare hoba o qete ho ithuta Yuniti ya 5 o tla tseba ho:

• fana ka kutlwisiso ya lentswe boitshwaro


• hlalosa kamoo boitshwaro e leng motheho wa setjhaba
• manolla kamoo botho le boitshwaro di amanang mme di ka nkwa e le
badisa ba letswalo la motho.

5.1 Selelekela

Re a o amohela yuniting ena. Diyuniting tse fetileng o ile wa sebetsana le dintlha


tse amanang le botho, mekgwa ya thuto, dikamano ka malapeng le puisano
mahareng a batho. Yuniting ena ya ho qetela, re tla buisana ka boitshwaro le
tshwantshiso. Empa pele re qala, nka metsotso e 15 ho ngola seratswana ka
dintlha tsa bohlokwa tseo o ithutileng tsona diyuniting tse fetileng.

Mosebetsi 5.1

Ngola dintlha tsohle tsa bohlokwa tseo o ithutileng tsona diyuniting tse fetileng.
Ngola seratswana ka ntlha e nngwe le e nngwe.

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Tlalehong ya hao mosebetsing o ka hodimo re a tshepa hore o kenyeleditse


tsohle tseo o di nkang e le tse thehilweng hodima botho. Ho fihla ha jwale o se o
Boitshwaro le Tshwantshiso 78

ithutile ka moo motho a ka kopakopanang le ba bang ka teng setjhabeng se


thehilweng ka mefuta e mengata. Sena o se entse ka katleho ka ho sebedisa
puo. O ithutile ka moo puo e tshwaetsang thuto, dipolotiki le diphatlalatso ka
teng. Mme jwale o a tseba kamoo ho bontsha hlompho e leng ntho ya bohlokwa
bophelong ho thibela dikgohlano tsa meetlo le ho se utlwane dipakeng tsa batho
ba meetlo le mekgwa e fapaneng. Thuto ya boholoholo, metheho ya bohlokwa,
le boitshwaro, le ditsela tsa bophelo, di ne di fetisetswa molokong ho ya ho o
mong ka molomo. O ithutile ka moo ho utlwisisa dipuo le meetlo ya batho ba
bang, hammoho le ho thusana dinakong tse mpe le tse ntle, e leng motheho wa
bohlale (filosofi) ya MaAforeka le motheho wa moya wa botho.

Yuniting ena, re tla ithuta kamoo botho bo itshwareletseng ka metheho e matla


ya boitshwaro. Qetellong ya yuniti ena o tla iphumanela tsebo e hlakileng le
kutlwisiso ya lentswe boitshwaro, e le tsela ya ho arola boitshwaro bo bobe ho bo
botle. Re tla lakatsa hore o ke o shebisise puo ya tshwantshiso, e tlang ho thusa
ho tseba ho kopana ka katleho le batho ba mekgwa le meetlo e meng.

Mosebetsi 5.2

Tadima setshwantsho se latelang sa lesedinyana la The Times (13 Mmesa 2008)

Bala sena se qotsitsweng ho The Times (7 Mmesa 2008)


Boitshwaro le Tshwantshiso 79

Mbalula o kopa tshwarelo ka boitshwaro bo tlotlollang ba


Mokgatlo

Moporesitente ya tlohang setulong wa Mokgatlo wa Batjha ba ANC, Fikile


Mbalula o kopile tshwarelo ho setjhaba ka boitshwaro bo sa amoheleheng ba
ditho tsa mokgatlo kopanong e neng e le mafelong a beke. “Re kopa tshwarelo
ho ANC le ho batho bohle ba naha ka diketso tse sa amoheleheng le ditho tse
entseng meruso kopanong,” o ile a realo maobane ha kopano ya mokgatlo e ne
e lokisetsa ho kwala. “Re nka boikarabelo bohle re le boetapele ba tse
etsahetseng’, a realo Mbalula (Phetolelo ke ya rona).
O nahana hore ke sefe seo mokgatlo wa batjha o se entseng ho kgothotsa
sellohadi sa setjhaba se se kaa se hlahiswang ke setshwantsho? Sena se
qotsitsweng le setshwantsho di bontsha boitshwaro bo sa amoheleheng
setjhabeng sa MaAforeka. Boitshwaro ba Mokgatlo wa Batjha bo ne bo tlotlolla,
ke boitshwaro bo nyonyehang mme ha bo amohelehe setjhabeng. Melao ya
boitshwaro e ne e tlotswe.
Moetlong wa heno, boitshwaro bo tje bo ka be bo ahlotswe jwang – mekgatlong,
kgatisong le setjhabeng ka kakaretso? Ebe boitshwaro bo hlalositsweng ka
hodimo efela e le nnete bo sa amohelehe, kapa empa e le ho hloka boikarabelo
ha batjha?
Haele moo o se o nahanne ka ketso e ka hodimo, a re ke re shebisane ka lebitso
lena boitshwaro le tshebediso ya lona. Ka ho bala yuniti ena ka botlalo, o etse le
mesebetsi ya yona, o bala ebile o etsa diphuputso, o tla tseba ho elellwa le ho
qoba mofuta wa boitshwaro o hlalositsweng ka setshwantsho se ka hodimo.
Yuniting ena re tla buisana ka dintlha tse tharo tse ka sehloohong: boitshwaro bo
nepahetseng, ho hlompha batho ba bang le tshebediso ya ditshwantsho ho ruta
boitshwaro bo nepahetseng.

5.2 Boitshwaro

Na o tseba lentswe boitshwaro? Lentswe lena le etsa hore o nahane ka eng?

Bophelo bo botle bo thehilwe hodima boitshwaro. Boitshwaro bo bolela


melawana ya boitshwaro e leng ketapele dinthong tse nepahetseng kapa tse
fosahetseng, ebang ke setjhabeng, tseleng ya bophelo, tumelong ka letswalong
la motho.
Lentswe lena boitshwaro le tswa lebitsong la selatini “mortalitus” le bolelang
“maitshwaro, semelo, boitshwaro bo nepahetseng” ena ke meelelo e meraro e
meholo. Lentswe boitshwaro, tlhalosong ya lona ha le sebediswa, jwalo ka ha ho
se ho boletswe – le bolela melawana ya boitshwaro e leng yona ketapele ho
bontsha dintho tse nepahetseng kapa tse fosahetseng, setjhabeng, tseleng ya
bophelo, tumelong kapa letswalong la motho. Moelelong wa bobedi le wa
Boitshwaro le Tshwantshiso 80

boraro, boitshwaro bo moelelo o tshwanang le wa tlhophiso e nepahetseng ya


tsa thuto ya boitshwaro. Tlhophiso ena e leka ho araba dipotso tse jwalo ka,
kamoo diphetho tsa boitshwaro di ka fihlelwang ka teng sebakeng se itseng, hore
na boitshwaro ba mmankgonthe bo ka tsejwa jwang, ke dintlha dife tsa
boitshwaro tseo batho ba lokelang ho di ela hloko, ntlhakgolo tlhophiso ya
boitshwaro le boitshwaro ke efe, hore ebe boitshwaro bo na le tiisetso ya hore ha
bo nke lehlakore, le hore e be hoba le boikemelo lehlakoreng la boitshwaro ho tla
jwang, ka mokgwa ofe.

Boitshwaro ke eng?

Kgetha dikarabo tse nepahetseng ho tse latelang, ho tloha ho A ho ya ho Z.


Fana ka mabaka a kgetho ya hao.

A. Lentswe le hanyetsang “boithabiso”,


B. Boitshwaro ka tsela eo e mong le e mong a nahanang hore ho lokela ho ba
jwalo.
C. Boitshwaro ka tsela eo re nahanang hore e mong le e mong a be yona.
D. Seo batho ba mmalwa ba buang ka sona ka tshepo ha e se feela ha ho se
motho ya tla ba fumana molato. O lokela o hlole sekaphoofolo ya botho ba
hao.
E. Boitshwaro ke mokgwa oo ba baholo ba sa thabang ba thabiswang ke ho
hlokofatsa ba banyenyane.
F. Seo ke se etsang, kapa seo ke se entseng kgale, ke sona se
“nepahetseng” … le seo wena kapa e mong le e mong a se etsang, kapa a
se entseng – se ntsitsinyang maikutlo, se “fosahetseng.”
G. Boitshwaro ke sehlopha sa melawana se tswang ho ba re okametseng, ha
o e latela o tla putswa; empa ha o sa e latele, o tla ahlolwa.
H. O mang ho ka nkahlola? – ke se seng se bolelang ho ahlola batho ba bang
… mme ho ahlola batho ba bang ho fosahetse … hona ho bolela hore
boitshwaro bo fosahetse.
Boitshwaro le Tshwantshiso 81

I. Ke seo rona kapa ofe le ofe ba ka bang sona, ha feela re ka ba le sebete.


J. Ha ho tsotellehe hore ke sefe, hobane bohle re tla nne re etsa seo re se
ratang.

K. Ke seo ho seng mang hara rona a se tsebang, hapa se ka bitswang


“Boitshwaro naheng ka bophara.
L. Hore ekaba ke eng, o mpe o se se fetisetse ho e mong, hobane o tla
qoswa o le ya entseng bobe (hape ya ka tsejwang a se na boitshwaro.)
M. Tlhaloso ya ka moo re ithutang ho etsa, hangata, seo re ithutang sona
thelevishineng, ditshwantsong, dithakeng dipineng le dipapatsong.
N. Ke mokgwa o ditshila ha kaakang wa ho boela o etsa diketso tse ditshila.
O. Sehlopha sa melawana e itlelang ka boyona e amanyang setjhaba, ka
boitlamo ba setjhaba seo ka bona mekga e fapaneng ya batho kapa
diphoofolo e dumellanang ka bona.
P. Boitshwaro ke boiteko boo ka bona o lekang ho iketsa seo o seng sona,
mme o hloleha.
Q. Boitshwaro ke mokgwa o ikgethileng wa kgatello ya maikemisetso ke
boradipolotiki, baetapele le batswadi, ao o ka amohelang kapa wa ba
kgahlanong le ona.
R. Boitshwaro ke tlwaelo ya kgatello ya kgotsofalo.
S. Tsela e bonahalang ya motho kapa sehlopha sa batho eo ba ikutlwang ba
le ka hodimo ho e mong kapa ba bang.
T. H.G. Wells o re, “Mona o na le lekgare”.
U. Boitshwaro ke ntwa e ka hare dipakeng tsa bowena (takatso / tabatabelo)
mosebetsi le kgetho ya mosebetsi.
V. Ke boitshwaro seka naha e nammeng, kapa mong ka mong a ikaketsa ho
se ahlole, kapa hoba le maikutlo ka ba bang. (Ka mantswe a mang, batho
bohle ha ba na tsebo ka boitshwaro, mme ka hoo ha ba na tokelo ya ho
bua ka tse etswang ke ba bang, hona ho bolela hore Mother Theresa o
lekana le Adolf Hitler).
W. Ke sethetsa sa ho etsa seo o se ratang. Ha ho bonahala hore o entse
phoso, o ka itshola ka hore o ne o sa tsebe, o bolela ka moo o leng
lehlatsipa, kapa o bolela ka moo e sa kang ya etsahala. Ebang tsena tse
pedi ha di sebetse, tjhe, ikopele tshwarelo.
X. Ke mofuta wa moruo o nang le matla a boitshwaro bo kang bo tswang
dibukeng tse atlehileng haholo: o ka boloka setshwantsho sena letsatsi
kapa a mabedi, empa o tla tlameha ho lefa tjhelete ya ho e tlisa ka morao
ho nako eo e e baletsweng.
Y. Boitshwaro ke tsela ya ho amohela le ho ikamahanya le tsohle tse
hlouweng, melao, tsa bohlokwa le tse ratwang ke motswadi ka motse wa
he ka kakaretso.
Boitshwaro le Tshwantshiso 82

Z. Boitshwaro ke tsela eo motho a le mong kapa sehlopha sa batho, a se


laolang e mong kapa ba bang ka mekgwa ya maqiti e ka tlisang tshabo,
kgatello ya dithaka, pherekano, ho phela ka ba bang ho kgathala matla
kapa ho ipona molato.

Ke a tshepa o fumane teko ena e le molemo mme ebile e ama maikutlo.


Qetellong re ka re boitshwaro bo amana le maikutlo ka tse ntle le tse mpe, kapa
tse nepahetseng kapa tse fosahetseng. Bo bolela se tshwanelang ho etswa le
se sa lokelang ho etswa motseng. Ditlhakiso tsena tse nang le tshwaetso e
kgolo boitshwarong ba ditho tsa setjhaba, hangata di thehilwe hodima boikemedi
boo dikahlolo tse teng di amohelehileng le ho hlompjwa.

5.2.1 Mehlodi ya boitshwaro

Bala seratswana sa lesedinyana le latelang. Tadimisisa “boAforeka “ ba seo


mongodi a buang ka sona. Hlokomela ka moo boitshwaro le moetlo di
nyalaneng ka teng:

MATHOLE MOTSHEKGA

MaAforeka ho tloha mehleng ya kgale, a ile a eba le tadimo ya lefatshe e neng e


hlohloletswa ke lefatshe ka bolona le dinako tsa selemo.
Mokgwa ona wa ho tadima le ho utlwisisa lefatshe ho ile ha tlisa mekete ya
tumelo, le hore na mekete ena e ka ketekwa jwang. Tsena tsohle di ne di
thehilwe bohlalefing (filosofing) ya tumelo ya MaAforeka ya hore tsohle di
thehilwe hodima tse ding le metheho ya kamano le botho.
Bohlalefi (filosofi) ena ke ya bohlokwa ho boitshwaro ba MaAforeka le kaho ya
setjhaba le tsoseletso ya sona e ile ya tlisa khalentara ya MaAforeka hammoho
le matsatsi a phomolo a moetlo le tumelo.
Tshenyeho ya boitshwaro le ho qhalana ha setjhaba sa metse ya MaAforeka ho
tlisitswe ke ho lebala moetlo le kamohelo ya meetlo ya baditjhaba ka tshebediso
ya dikhalentara tsa baditjhaba le mekete ya tumelo moetlo e ileng ya arohanya
MaAforeka ho Badimo, Medimo le Modimo.
Ho potoloha letsatsi ha dipolanete ho ne ho laola ditsela tsa metsamao le ditema,
ha ka letsohong le leng dinaledi tsona di ne di laola dinako tsa ho lema, ho kotula
le tsa teboho.
Ho potoloha ha kgwedi le letsatsi ho ne ho sebediswa ho beha dinako tsa kgwedi
le selemo, tse neng di beha dinako tsa diketsahalo tsa meetlo tsa MaAforeka.
Letsatsi le kgwedi di ne di nkwa jwalo ka ntate le mme ka ho latelana, mme
tsohle tse phelang (ho kenyeletswa le batho) e le ditloholo tsa bona.
Dikgwedi tsa Mariha tsa seAforeka e ne e le Motsheanong, Phupjane ho isa ho
Phupu; kgweditharo ya selemo, nakong eo dintho tsa tlhaho di neng di robetse
Boitshwaro le Tshwantshiso 83

kapa di shwele. Ho tsoha ha tsona ho ne ho tla ka kgweditharo ya pele ya


selemo e leng Phato, Loetse ho isa Mphalane.
Ka Phato Badimo ba ne ba tsoha, mme ka Loetse selemo sa seAforeka se ne se
loela. Ha kgwedi e tolokile ebe ke nako ya ho lema.
Ditokisetso tsa nako ya pula, mekete ya selemo se thwasang, le ho lema tsena
tsohle di ne di etellwa pele ke mesebetsi ya tumelo e neng e tsoseletsa semelo
sa MaAforeka le ho ba kopanya le Badimo, baholo le Modimo.
Kgweditharo ya boraro ho tloha Pudungwana, Tshitwe ho isa Pherekgong e ne e
le nako ya ho mela ha dijalo le ho butswa ha ditholwana le ho palesa ha
diphoofolo.
Mohla 25 Tshitwe, letsatsi le kena setshwantshong sa tau ya Aforeka (Tau /
Simba) ka morao ho hlaha dinaledi tse entseng mokokotlo wa Lehodimo, le
naledi e kgolo, Mphatlalatsane. Ho hlaha ha dinaledi ho ne ho supa tswalo ya
Taukgolo ya lehodimo, tseo ho utlwahalang hore tempele tsa tsona di ne di le
Botswana, Zimbabwe le Abu Simba e leng Egepeta.
Badimo ba ne ba dula moo ho fihlela 6 Pherekgong, ha ho ne ho ketekwa.
Ka kgweditharo ya boraro e leng Tlhakola, Tlhakubele ho isa ho Mmesa,
ditholwana di ne di kotulwa mme ho etswa le mekete ya ditholwana.
Kopano ena ya ba phelang le Badimo e ne e le yona e tiisang maqhama le
kutlwano mahareng a setjhaba, Medimo, Modimo le tikoloho.
Diphoofolo le tsona di ne di ena le karolo ya bohlokwa meetlong. Diphoofolo tsa
bohlokwa e ne e le dikgomo, dipodi, dinku le dinonyana.
Ditshwantsho tsa kgweditharo ya boraro tsa lehodimo e ne e le medimo e mene
e ne e kopana le Modimo lebitsong la batho.

Mosebetsi 5.3

1. Ka mantswe a hao hlalosa seo o se utlwisisang ka Badimo.


2. Ba bang ba bitsa Badimo ba phelang empa ba shwele. Wena o reng?
3. Badimo ba na le seabo sefe setjhabeng sa heno?
4. Ke tumelo efe kapa moetlo ofe, oo o o nahanang hore o tshwana le wa
Badimo?
5. Maikutlo a hao ke afe ka seratswana see?

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Baithutihadi ba bang ba nka boitshwaro e le ntho e hlahang setjhabeng.


Boitshwaro ke sesebediswa se bolokang setjhaba se phela le ditho tsa teng di
sebetsa hantle. Ho ya ka barutehi ba MaAforeka a Bophirimela boitshwaro ke
ditholwana tsa tumelo, empa rona ba ka Borwa ba Aforeka ha re ya lokela ho
kopakanya tumelo eo le tumelo ya Bophirimela. Barutehi bana ba bolela tumelo
ya kgale ya MaAforeka e thehilweng hodima meetlo ya MaAforeka.
Boitshwaro le Tshwantshiso 84

Ha ele moo jwale o se o ithutile ka dikamano tsa botho, ke sefe seo o ka re


bolellang sona ka moetlo le metheho ya boitshwaro? Dipuisano tsa rona ka
boitshwaro yuniting ena di tla o thusa ho hlakisa seo re se bolelang ka metheho
ya boitshwaro, re bua ka ditumelo tsa se nepahetseng le se fosahetseng le
mokgwa o motle wa ho itshwara.

5.2.1.1 Modimo le boitshwaro

Ditjhabeng tse ngata tsa MaAforeka, mohlodi o moholo tumelong ya boitshwaro


ke ‘Ya Matla Ohle.’ MaAforeka a dumela hore metheho ya boitshwaro e tswa
tlholehong ‘Ya Hae’. Eitse hoba a hlole batho, yaba O ba fa kelello ya ho arola
se setle ho se sebe, kapa se nepahetseng ho se fosahetseng. Modimo o
hlwekile, ke morena wa kgotso le mosa, ya lerato, ya halalelang mme ya fanang.
Sebopeho sa hae sa pele ke molemo. Ke mookamedi ya renang. Melao ya
setjhaba le boitshwaro e supa takatso ya Modimo. Ha ho le jwalo batho ba
itshetlehile ka boitshwaro ba Modimo.

5.2.1.2 Medimo le boitshwaro

Medimo le yona ke mohlodi o mong wa tumelo ho metheho ya boitshwaro.


Le bona ke bahlokomedi ba melao ya boitshwaro kapa ho nena dintho kapa
melawana ya tsamaiso ya maphelo a batho. Ka hona e fana ka tlokola kapa
ho ahlola batho le setjhaba ka seo ba se etsang. Sehlabelo le dithapelo ba
di etsetswa ho kopa kgotso le ho qoba bohale le kahlolo. Medimo ka hona e a
tshajwa, mme tshabo ena e kgothaletsa boitshwaro bo phahameng hara batho.

Mosebetsi 5.4

Ba bangata ba lona ba tswa dibakeng tse nang le meetlo moo dihlabelo di


etsetswang Modimo kapa Medimo. Ngola ha kgutshwane bukeng ya dithuto ka
dihlabelo tsena.

5.2.1.3 Badimo le boitshwaro setjhabeng sa kgale sa


MaAforeka

Badimo le bona ke mehlodi ya boitshwaro. Ba na le kamano ya motheho wa


boitshwaro le motho mme ke balebedi ba boitshwaro. Ba fana ka tumelo ya
ketso efe kapa efe ya ba phelang kapa ba bontshe ho se kgotsofale ka se sebe
kapa se sitisang. Ba ka fa motho mahlohonolo kapa ba mo ahlola. Ba ka etsa
bao ba tswalanang le bona ho tla ikarabela ka tse mpe tseo ba di entseng. Ka
hona Badimo ba kgothaletsa boitshwaro bo botle ho bao e leng seng ka bona.
Boitshwaro le Tshwantshiso 85

Jwale re a bona kamoo tumelo e leng ntho ya bohlokwa ho tshireletsa metheho


ya boitshwaro: MaAforeka a boloka metheho ya boitshwaro hobane ba tshaba
‘Ya Re Okametseng’, Medimo le Badimo ba ka ba ahlolang ha ba ka tlola molao
wa boitshwaro; Kahlolo e ka tla ka sebopeho sa ho kula, tlala kapa lefu, mme
mahlohonolo ona a ka tla ka sebopeho sa bophelo bo botelele, katleho, bophelo
bo botle, ho ba le bana. Leha ho le jwalo MaAforeka ha ba etse tse ntle feela
kapa ho qoba tse mpe ka ho ya mesebetsing ya tumelo feela.
Puisano e latelang ya maele e bontsha kamoo motho a tshwanelang ho etsa
kapa ho bontsha boitshwaro / kelello dinakong tse thata. Mohlala, ha motho a
qotsa maele a nepahetseng ha a kena kgang, a ka thibela qabang. Ho dumelwa
hore maele a tswa ho Badimo ba rona le ba tlileng pele, ke ho bona moo re
unneng boiphihlelo le bohlale.

5.2.1.4 Maele le dikapuo tsa tumelo ka boitshwaro

Dipolelo tsa dinnete, maetsisi le maele a buang ka semelo le boitshwaro, le ona


a teng puong tsa setso sa dihlopha ka ho fapana. A mang a maele a MaAforeka
Borwa a bontsha hantle se boletsweng ka hodimo.

Bala seratswana se qotsitsweng dipaleng tsa “Ledile le Sewela” tse ngotsweng


ke Kgobe (1992).

Bana: Jo nna we! Sewela wa batho! Nkgono!


Ledile: Le a bona bana ba ka, ba baholo ba ne ba bolela nnete ha ba re:
Ma hana a jwetswa o robeha molala. Manganga a ya bolaya
bana ba ka.

Seratswana sena se fana ka keletso ho ba sa mameleng ha ba eletswa. Sewela


e ne e le ngwana ya manganga, a dula a bopile, mme a sa mamele, qetellong o
ile a shwa hobane a ne a sa mamele ha ba baholo ba mo fa keletso. Maele a re:
Mahana a jwetswa o robeha molala .

Metheho ya bohlokwa ya setjhaba e kang, boitshwaro, tlhompho, ho tshepahala


ho buuwa ka tsona maeleng le dipaleng. Mona re batla kamano dipakeng tsa
maele a baahi le melaetsa ya sekeresete e lebesitswe ho tlhompho ya bana le
tse ding tsa boitshwaro. Re lokela ho hlokomela ka moo maele a dipuo tse ngata
a atamelaneng le ho tshwana ka teng, meelelo ya teng e a dumellana.

Ruri ho na le ho tshwana ho hoholo dipakeng tsa maele a meetlo e fapaneng. A


mang a maele a tswang ho Sexhosa, Sepedi, Sezulu le Sevenda, a bontsha ho
tshwana ho hoholo le bohlale bo hlahang Bibeleng. Sheba temana e latelang:
Boitshwaro le Tshwantshiso 86

Ho hodisa bana ka hlompho le kgodiso e nepahetseng

Bohlokwa ba temana ena bo bonahala haholo dipuong tsa Sekeresete le


meetlong ya MaAforeka, lebaka ke hobane lelapa ke motheho wa bohlokwa wa
ditjhaba tsohle. Lelapa le phelang hantle ke setjhaba se phelang hantle.

Mosebetsi 5.5

Bala maele a latelang a bontshang a kgothaletsang tlhompho ya motswadi. O tla


dumela hore ha se ntho e monate ho jewa ke makgwaba ka ho hloka tlhompho
feela!
Diprofobia 30:17

Leihlo le nyefolang ntate le nyefola ho mamela mme le tla ntshwa ke makgwaba


a dikgohlong.

Sexhosa se re: Uya kudliwa ngamaxhalanga. (O tla jewa ke manong /


Boitshwaro bo bobe ho batswadi, o tla ahlolwa).

Boholo ba maele ana a bontsha ho ba kgahlanong ka ho re: “Ha o itshwara ka


tsela ena, o tla … {lehlohonolo kapa kahlolo} kapa “Ha ho etsahala tjena
ditholwana e tla ba … Se ke wa etsa tjena …” le tjena.
Finnegan (1976:420) le yena o bona ho tshwana ha a re:
“Maele a mangata a na le sebopeho se tshwanang. Haeba … ho tla …
moo ho nang le … ho na le …
Kapa o fana ka molao wa boitshwaro ka ho sebedisa leemedi “O” (Phetolelo ke
ya rona.

Kgalemelo ka boitshwaro moo ho sebedisitsweng maele a lebisitswe ho batho ba


baholo ka ho ikgetha. Meetlong ya Makeresete le MaAforeka, mokgwa wa
tlhompho o lebisitsweng ho batswadi o nkwa e le tlhompho e lebisitsweng ho
Modimo le Badimo. Bana ba tshwanela ho mamela ditaelo tsa batswadi ba
bona, ha batswadi bona ba ena le boikarabelo ba ho ruta bana ba bona melao ya
bophelo.

b. O tla kotula seo o se jetseng.

Mosebetsi 5.6

Maele a latelang ao re tla shebisana ka ona ke: ‘O tla kotula seo o se jetseng’.
Jwaloka ha o tseba hore kahlolo ya lefu e ne e fediswe Aforeka Borwa, le
dinaheng tse ding tse ngata. O nahanang ka maele ana, hodima taba ya
Boitshwaro le Tshwantshiso 87

phediso ya kahlolo ya lefu? Na motho o lokelwa ke ho bolawa hobane a bolaile


e mong? Ho na le maele le dipuo tse tshwanang tsa Sekeresete le SeAforeka
malebana le taba ena. Bala mehlala e latelang:

Mateu 26:51
‘Bohle ba tshwereng sabole, ba tla bolawa ka sabole.’
Genese: 3:19
O tla tlameha ho phela ka mofufutso wa phatla ya hao, ho etsa mobu o
ntshe dimela.

{E mong le e mong o tla sebetsa ka thata molemong wa hae, mme a ke ke a


lebella ba bang ho mo sebeletsa}.
Maele ana leha ho sebedisitswe puo e hlabang, empa a tlwaelehile puong ya
MaAforeka. E mong le e mong o lokela ho ikgwantlella. Ntlha e kgolo maeleng
ana, le ho a mang a tshwanang le ona ke hore, ho sebetsa ka thata ho tswala /
tlisa katleho, athe botswa le boloi bo tlisa mathata.

5.2.1.5 Dilekane

Selekane se thusa ho tlisa kopano dipakeng tsa motho le batho ba bang, le


dipakeng tsa batho le tse halalelang, mme le dipakeng tsa Badimo le Modimo.
Hona ho etswa ke hobane kopano ya motho le motho, le kamano ya ‘Ya
halalelang’ le motho di thehilwe hodima dilekane.

Dilekane di thusa ho tlisa kgotso le kgutso ditjhabeng tsa MaAforeka, haholoholo


ditjhabeng tse ka Bophirimela tsa Aforeka. Batho ba kenang selekaneng le ba
bang ha ba etse diketso tse sa amoheleheng. Kaha jwale batho bana ba entse
dikamano tsa ho itshwara hantle, ha ba sa utswa kapa hona ho bolaya kapa
bootswa, ba itshwara hantle ka dinako tsohle.

Sheba kano ya lenyalo e latelang:


MONYADI
Nna, THUSO MOHALE, ke nka (DINEO MAHLABE), ho ba mosadi wa ka, o be
wa ka mme ke o tshware ho tloha kajeno ho ya pele, ho tse ntle le tse mpe,
boruing kapa bofutsaneng, bophelong kapa lefung.
Ke tshepisa ho o rata le ho o baballa, mme ke tshepahale ho wena ho isa lefung.
MONYADUWA:

Nna, DINEO MAHLABE, ke nka (THUSO MOHALE) ho ba monna wa ka, o be


wa ka mme ke o tshware ho tloha kajeno, ho ya pele, ho tse ntle le tse mpe,
boruing kapa bofutsaneng, bophelong kapa lefung.
Hape ke tshepisa ho o rata le ho o baballa mme ke tshepahale ho wena ho isa
lefung.
Boitshwaro le Tshwantshiso 88

Haeba o entse kano ye o tla phela jwang? Ke dintho dife tseo o tla di hlokomela
le ho di hlompha?

Selekane dipakeng tsa monna le mosadi kapa dipakeng tsa moruti le phutheho
se batla hlompho, boikokobetso, botshepehi le nnete.

5.2.2 Setjhaba

Ho na le barutehi ba ba bang ba tiisang hore boitshwaro bo tswa setjhabeng. Bo


bonwa e le dikgatello tsa setjhaba ho ditho tsa setjhaba. Barutehi bona ba bona
boitshwaro e le kamano e sekametseng ho tloha ho batho ba bang ho ya ho ba
bang. Tse ding tsa dintho tseo e seng tsa tumelo tse laolang boitshwaro ke
tsena:

• ditlwaelo le mekgwa
• dipuo tsa setjhaba
• letswalo la motho
• maele le dipolelo tsa boitshwaro

5.2.2.1 Ditlwaelo le Mekgwa

Setjhaba ka seng se na le ditlwaelo le mekgwa eo se etsang dintho ka teng tse


tshwaetsang boitshwaro ba motho. Teboho le kahlolo di thehilwe hodima ditsela
le mekgwa e itseng. Diteboho di nka sebopeho sa dithoko le tlhompho ho ba
tshwanelwang, ha kahlolo yona e nka sebopeho sa phafa kapa kahlolo e bewang
ke lekgotla le okametseng ho ba tlotseng mekgwa le tsela tsa boitshwaro. Ho
fana ka mohlala, monna ya robalang le mosadi wa moahisani wa hae, o tla
ahlolwa ke lekgotla la motse. Tshebediso ya kahlolo eba setshosa le kgalemelo
ho batho hore ba hlomphe ditsela tsa boitshwaro tsa setjhaba. Ditsela tsena tsa
boitshwaro di thehilwe hodima ditumelo, boiphihlelo le kutlwisiso e nepahetseng
ya setjhaba.

5.2.2.2 Maikutlo a setjhaba

Boitshwaro bo boela bo tliswa ke maikutlo a setjhaba, a ka hlahiswang ka ditsela


tse fapaneng. Maikutlo a setjhaba a ka nka sebopeho sa ditsheho kapa ho se
kgotsofale ha setjhaba. Ba molato ba ka utlwiswa bohloko kapa ba lelekwa
motseng. Tshabo ya ho tshehuwa, ho hloriswa kapa ho lelekwa ho etsa batho
hore ba qobe boitshwaro bo sa amoheleheng Mokgwa oo setjhaba se
sebetsanang le boitshwaro bo bobe ke ntho ya bohlokwa taolong ya boitshwaro,
maikutlo a setjhaba kapa maikutlo a setjhaba ho ba se nang tlhompho ho ba
Boitshwaro le Tshwantshiso 89

baholo, le ho ditlolo tsa molao tse kang bofebe, ho beta, ho bolaya le ho ipolaya,
ho nyalana ha ba leloko, le tse ding tse kang ho se tshepahale, ho utswa, le
boloi.

Nahana ka motse wa heno. Le sebetsana jwang le dintho tse kang tsena? Bala
raporoto e latelang e tswang lesedinyaneng:

Banyalani ba babedi ba tjheswa ba phela ka “boloi”


Motsheanong 04 2007 ka 12:34 mantsiboya
Hyderabad – Batsofe ba babedi ba nyalaneng, ba naheng ya India Borwa, ba ile
ba tjheswa ho fihlela ba eshwa ke mokgopi o ne o dumela hore ke baloi, mme le
mapolesa a boletse jwalo ka Labohlano.

Payilu Pandla, 70 le mofumahadi wa hae Pochamma, 65, ba ile ba hulelwa


kantle ho ntlo ya bona motsaneng wa Upptimmayapalli, ba shapuwa, ba nto
tjheswa ke sekgakgatha sa batho se neng se ena le bang ka bona, ho realo
Motsamaisi e moholo wa Sepolesa R B Naik.

Upputimmayapalli e 150km leboya ho Hyderabad, motsemoholo wa sebaka sa


Andhra Pradesh naheng ya India. Naik o re dipaki di bolela hore mokgopi o
neng o ena sehlotshwana sa batho, o ne o eteletswe pele ke seng sa bana ba
babedi, e leng Rajaiah Pandla, ya ba qosang ka hore ba lahletse ditaola ho loya
moradi wa hae hore a kule.
Leha ba lekile ho itatola ka hore ha ba na molato, ba ile ba bolawa, a realo.
Ketsahalo ena e etsahetse ka Labone, Naik a realo.

Rajaih le ba bang ba ile ba tshwarwa mme ba qoswa ka polao.


“Ketso ena ke e soto, mme re tla sebetsana ka lere la tshepe”, a realo Naik.

Ha ditoropo tse kgolo tsa India tse kang Hyderabad e le tsona tse eteletseng
pele naha ka ho fetohela ho dinako tsa marangrang a tsebo a kajeno, metse ya
mahae ya India e ntse e tetebetse boloing. Sapa – AP

Mosebetsi 5.7

1. O nahanang ka diketso tsa mokgopi o hlalositsweng serapeng se ka hodimo?


2. Bua ka maikutlo a setjhaba jwalo ka ha a hlalositswe ke batho paleng ena.
3. Haeba e ne e le motseng wa heno, o nahana hore ho ka be ho etsahetse eng?
4. Shebisisa dintlha tse latelang:
5.
• Ho se hlomphe puso le / kapa boqheku
• Bohlola
• Botekatse
Boitshwaro le Tshwantshiso 90

• Ho beta
• Thobalano ya bong bo tshwanang
• Polao / ho bolaya
• Ho se tshepahale
• Ho utswa
• Ditaola
• Boloi

Maikutlo a setjhaba sa heno e kaba afe dintlheng tse ka hodimo?

TLALEHO LE MAIKUTLO A TEBILENG

Mehopolo ya setjhaba e batla batho ba be mosa, ba tshepahale, ba be mohau,


ba be pelonolo, ba ikokobetse, ba sebetse ka thata, jwalojwalo. Ka hona
letswalo la ho utlwisa setjhaba bohloko, bo ka etsang hore motho a hloriswe, a
shapuwe, a nyefolwe kapa a ahlolwe, le kgothaletsa batho ho boloka molao le ho
itshwara ka tsela tse amohelehang setjhabeng.

5.2.2.3 Letswalo la Motho

Metheho ya boitshwaro le yona e thehilwe letswalong la motho. Matswalo a rona


bohle a etsa hore re tsebe phapang dipakeng tsa se setle le se sebe kapa se
nepahetseng le se fosahetseng. Matswalo a rona a re bolella hore re be mosa,
re etse hantle, re tshepahale, mme re hlomphe kapa a re bolella hore re se ka ra
beta, ra utswa, ra bolaya, kapa ra etsa bohlola. Matswalo a rona a re bolella
diketso le ditholwana tsa teng. Motho ya etsang bobe o ahlolwa ke letswalo la
hae, a hatellwe ke maikutlo ho fihlela a kula. Motho ya se nang diphoso le ho
tlola melao, o na le letswalo le kgutsitseng, le etsang hore motho a phele ha
monate.

Na o na le mohlala wa moo letswalo la hao le ileng la o tswa? Re bone kamoo


tsela tsa boitshwaro di hlahang setjhabeng, e le karolo ya ho kgalemela batho.
Boitshwaro bo thehilwe dikamanong tsa batho, ke kamoo batho ba phedisanang
hantle le ba bang ka teng. Metheho ena ya boitshwaro e tswa ditlwaelong le
mekgweng ya setjhaba, e hlaloswang e le “ditsela tsa baholo ba rona”. Hape le
mokgwa oo setjhaba se rutang ka teng, le ona ke ntlha ya bohlokwa tseleng ya
boitshwaro. Re lemoha hore le letswalo la motho le lona le tshwaetsa
boitshwaro. Kgutsufatso ena e leka ho bontsha kamoo re lokelang ho tadima
dipuo tsa kamehla e leng tsona tse bontshang qaleho ya metheho ya boitshwaro.
Boitshwaro le Tshwantshiso 91

5.2.2.4 Maele le dipuo tsa kamehla malebana le boitshwaro

Maele le dipuo tsa kamehla di bontsha hore na metheho ya boitshwaro e tswa


kae le hore mohlodi wa yona o kae. E ka hlaloswa e supa sebaka mme e tswa
ho boiphihlelo ba setjhaba. Boiphihlelo ba batho le tseo ba di bonang, hape le
tse ding tse bonwang ke ba bang, tsena tsohle di thusa ho aha melawana ya
boitshwaro. Boiphihlelo ba rona le tsohle tseo re di bonang di re thusa ho tseba
tse lokelang ho etswa le ho se etswe setjhabeng. Ha re dumellana kapa re
hanyetsana ka tseo maele a se bolelang, Guma (1967:65) o re:

Maele ke polelwana e nang le mahlale a amanang le bophelo. Sepheo sa ona


ke ho hlahisa nnete kapa seo re ka ithutang sona ka mokgwa o etsang hore re
ikutlwe re angwa ke se boletsweng ka mantswe ana le hore ha ho mokgwa wa
ho hlalosa ditaba o ka fetang ona.

A hlalosa dinnete tseo setjhaba se di bonang kamehla. Finnegan (1970:422) o


tlatseletsa ka ho re:

Maele ke dikapolelo mme di tswalwa ke se bonwang boitshwarong ba motho,


mekgweng ya diphoofolo le dinthong tse ding tsa tlhaho(Phetolelo ke ya rona)..

Maele a mangata a ile a bopjwa ka dihlooho tsa ditshomo tseo moelelo wa tsona
e neng e le boitshwaro.
Mohlala ke tshomo ya “Pela e ne e hloke mohatla ka ho romeletsa”. Mokotaba
ke hore ha motho a tlwaetse ho roma ba bang ho mo tlisetsa dintho tsa bohlokwa
(kapa ho mo etsetsa), o tla hloleha ho di fumana ka lebaka la botswa. Molaetsa
ona ke keletso.

Maele a mang a tswang sehloohong sa tshomo ke ana: “Ngwana mahana a


jwetswa o bonwa ka dikgapha.” Sena ke keletso ho bana ba sa mameleng
batswadi ba bona. Pale ena ke ya bananyana ba babedi ba neng ba laetswe ho
se tsamaye ka tsela e itseng ha ba rongwa ho nkgonwa bona ho ya lata dikgoho.
Ba ile ba nka tsela esele mme ba tshwarwa ke ledimo le ileng la kena le bona
morung.

E nngwe e re bolella ka motho ya neng a sa rate ho lesa boitshwaro bo bobe ba


hae, mme o tshwantshwa le kgudu e neng e sa rate ho arohana le lekoko la
yona: “Ngwana kgudu ke kgudu.”

Bana ba kenang sekolo ba kgothaletswa ho sebetsa ka thata ka maele ana: Ha


ho tse fumanwang di tonositse. A mang a re, ha ho monakaladi wa
kebolelwa. Ke hore dintho tse ntle di fumanwa ka thata. Maele ana a
Boitshwaro le Tshwantshiso 92

sebediswa ho kgothatsa motho ya sa tswa qala ho etsa mosebetsi o motle mme


jwale a se a rata ho o tlohela.

5.3 Tshwantshiso
5.3.1 Tlhaloso ya Tshwantshiso

Mosebetsi 5.8

Bala seratswana sa thothokiso ya Puleng e tswang pokeletsong ya dithothokiso


tsa Kgobe, mme o bone hore na o ka qoolla ditshwantshiso:

Mmamosamaria! O romeletswe ka sephiri,


O letsha la mahlomola, mopholosi wa banna
Le basadi,
Ka wena ba tla bona pholoho.

O bona ditshwantshiso tse kae? O ka re bolella hore na di bolelang?


Seratswaneng sena, Mosamaria ya Molemo, o tshwantshwa le letsha la
mahlomola, hantlentle ke letsha. Hobane letsha le na le metsi a lekaneng
kamehla e le hore diphoofolo di phele. Le phedisa diphoofolo.
Tshwantshiso ke puo e bapisang dintho tse sa tshwaneng. Ha re nahaneng ka
mehlala.
Thothokisong e ka hodimo, Mosamaria o tshwantshwa le letsha. Ka mantswe a
mang, sena se bolela tse latelang:

“Ya pele (moetsi) ke ya bobedi (moetsi). Tshwantshiso ke theneketso e hlalosa


moetsi wa pele a ka tshwana le moetsi wa bobedi ka tsela e itseng. Sena se
etsa hore ho be bobebe ho hlalosa moetsi wa pele ka tsela e kgutshwane,
hobane matshwao a totobetseng mme a hlakileng a moetsi wa bobedi a
sebedisitswe ho phahamisa le ho totobatsa tlhakiso ya moetsi wa pele.
Tshwantshiso ke sesebediswa sa dingolwa kamehla, se sebediswa haholo
dithothokisong, moo ka mantswe a mmalwa, maikutlo le dipapiso ntho e nngwe
di bapiswang le dintho tse ding sebakeng se fapaneng.
Bala seratswana sa Puleng se qotsitsweng pokeletsong ya Kgobe:

Ahe Lempetje ke ya mo rata


Leha a mpheta?
Ahe Lempetje ke mo kgethile
Ho ba mme wa bobedi
Jwale o nthaha seka esele?
Boitshwaro le Tshwantshiso 93

Seratswaneng sena, mohatsa seroki o bapiswa le lempetje. Ruri ke lempetje. O


wa tseba hobane eng? Ke sefe seo lempetje le se etsang hore o nahane ka
lona?
Ho ya ka Richards (1936) dithutong tsa ditheneketso, Tshwantshiso e na le
dikarolo tse pedi: tinoro le koloi. (mona re bua ka tinoro ka kelello ya puong –
eseng tinoro ha motho a bina; mme re bua ka koloi ka kelello ya puong – eseng
koloi). Ha re tadimisisa seratswana se ka hodimo, re na le tse latelang:

Tinoro (fatshe): mosadi ke moetsi eo matshwao a lebisitsweng ho yena.


Koloi (Setshwantsho): Lempetje ke moetsi eo matshwao a adimilweng
ho yena.

Ditshwantshiso di boetse di bitswa dipapiso tse sa sebediseng mantswe a kang


“jwalo ka”; “seka”. Tshwantshiso le dipapiso ke dikapuo tsa bohlokwa tse
sebediswang puong e kgabisitsweng. Ka dinako tse ding di sebediswa
hammoho e le mohlala wa theneketso – mohlala:

“O ja jwalo ka kolobe” kapa “O mobe seka tshwene.”


Ka bobedi ba tsona di hlalosa papiso. Phapang ke hore feela papiso e sebedisa
lentswe ‘jwalo ka’ kapa ‘seka’. Buka ya mantswe ya Colombia (encyclopedia) e
hlalosa phapang ka mokgwa ona:
Papiso e hlalosa hore A e tshwana le B.
Tswantshiso e hlalosa hore A ke B kapa beha B sebakeng sa A.
Ho ya ka tlhaloso ena, re boetse re sebedisa mohlala wa seratswana sa ho
qetela:
“O lempetje la ka” ke Tshwantshiso, athe
“seka esele” ke papiso.
Leha ho le jwalo, ba bang ba hlalosa dipapiso e le tshwantshiso ya mofuta o
itseng. Dibuka tse ngata tsa tlotlontswe di hlalosa Tshwantshiso le papiso e le
feela mofuta o itseng wa Tshwantshiso mme ho bonahala ho tloha kgale dikapuo
tsena tse pedi haesale di sebediswa e le ditshwantshwang. Re hlalosa
Tshwantshiso jwang bukanatataisong ee?

Kgaolong e latelang re sebetsana le puo le Tshwantshiso. O nahana hore


dintlha tsa bohlokwa e tla ba dife?

5.3.2 Puo ya Tshwantshiso

Haele moo o se o ithutile se seng ka ditshwantshiso, o nahana hore o ka ngola


thothokiso? O ka sebedisa ditshwantshiso ho bopa maele a hao?

Tshwantshiso ke karolo ya bohlokwa ya puo e bopang maele. Hobaneng ho le


jwalo? Mohlala: “Mosadi ke podi, monna ke nku.”
Boitshwaro le Tshwantshiso 94

Phetolelo e tlwaelehileng ke hore mosadi ha a teana le mathata o etsa lerata


jwalo ka podi, haele monna yena o boloka sohle ka pelong jwalo ka nku mme a
shwe le sona a kgutsitse. O utlwisisang ka mohlala oo?

Mosadi ke tswene o jewa matsoho

Batho ba baholo ba ile ba bopa maele ana ho bontsha hore botle ba mosadi bo
mesebetsing eo a e etsang ho fepa mohatsa hae le bana. O kgothaletswa ho
sebetsa ka thata ntle le ho belaela.

Na o bona papiso eo re e etsang moo? Ebang o e bona kapa tjhe o nahana hore
papiso ee e nepahetse?

O tshwanetse hore ebe o se o hlokometse ho fihla ha jwale hore re bapisa dintho


tse pedi tse sa tshwaneng: Ena ke tsela ya tshwantshiso. Ke ana maele a mang
moo monna a tshwantshwang le tshwene:

Monna ke tshwene o ja ka matsoho a mabedi

A mang maele a re:

Monna ke mokopu o a nama

Maeleng ana a mabedi, baholo ka ho hlokomela diphoso tseo banna ba di


etsang, ba entse maele ho ba sireletsa ho basadi ba bona. Mohlaleng wa pele, o
reng monna ke tshwene o ja ka matsoho a mabedi, maele a bolela hore monna a
ka nna a nyala mosadi e mong leha a se a ena le mosadi. Mohlala wa bobedi,
monna o bapiswa le mokopu o namelang hohle ntle le thibelo ya letho: sena se
bolela hore monna ha a tshwanela ho thibelwa ho ba le basadi ba bangata.

Mosebetsi 5.10

1. Bala maele a latelang mme o hlalose moelelo wa ona:

• Kgomo e tshwarwa ka dinaka, motho o tshwarwa ka dipuo.


• O se bone ho fofa ha lenong, le fatshe le ya fihla.
• Moletangwedi o emela lefifi.
• Manganga a ja monga ona.
• Ya jang ka kgaba e nnyane o ja le ba bang.

2. Na o nahana hore maele a a kgothaletsa ho kopana ha setjhaba? Tiisa karabo


ya hao.
Boitshwaro le Tshwantshiso 95

3. Ke dithuto dife tseo re ithutang tsona maeleng ana?


4. Ho thwe maele a sebediswa ho lokisa ditaba tse thata le dikgohlano. Na o a
dumela?

5.4 QETELLO

Maele a bontsha boiphihlelo ba batho. A entswe ka puo ya ditshwantshiso.


Hangata ke dipolelo tse kgutshwane tse ikamahantseng le bophelo. Maele a
emetse metheho ya boitshwaro e amohetsweng ke setjhaba, nyefolo ya
boitshwaro bo sa dumellaneng le metheho ya boitshwaro, bukana ya melao ya
bophelo bo atlehileng, tsena tsohle di tliswa ho rona ka puo ya ditshwantsho le
mekgabiso ya Tshwantshiso.

Ka maele re ba le hona ho fana ka setshwantsho kapa ho hlalosa seo re buang


ka sona. Re ithutile hore ditshwantshiso di fumaneha dikarolong tsohle tsa
puisano, mme ha se ba bangata ba ka nkang ditshwantshiso e le mekgabiso
kapa ditheneketso feela. Ke disebediswa tsa bohlokwa tsa ho nahana, jwalo ka
ha re bone mehlaleng ya maele eo re buisaneng ka yona Yuniting ya ho qetela
bukaneng ena ya tataiso.
Boitshwaro le Tshwantshiso 96

LENANE LA MEHLODI

Finnegan, R. 1970. Oral literature in Africa. Oxford: Oxford University Press.


Fitzgerald, H. 2003. How different are we? Spoken discourse in intercultural com-
munication. Cromwell.
Guma, SM. 1967. The form, content and technigque of Southern Sotho. Pretoria: JL van
Schaik.
Kgobe, DM. 1998. Pelo tse di Phophomago Khuduego. Pretoria: Nam.
Kgobe, DM.1992. Tebu ya Legapu. Mabopane: ZL Sikwane.
Konsky, CW & Larsen C. 1975. Interpersonal communication. Dubuque, lowa: Ken-
dall/Hunt.
Msimang, CT. 1975. Kusadliwa ngoludala. Pietermaritzburg: Shuter & Shooter.
Nkululeko, N & S’thembiso, M. 2008. Youth League bums “a national disgrace’’. The
Times, 8 April.
Nkululeko, N & S’thembiso, M. 2008. Mbalula apologises for behaviour of Uncouth
League. The Times, 7 April.
Ntshinga, TN. 1989. The dynamic of the African proverbs. Unpublished DLitt Thesis.
Port Elizabeth: University of Port Elizabeth.
Ntuli, DBZ. 1994. Isibhakabhaka. Cape Town: Actua.
Rakoma, JRD. 1990. Marema-ka-Dika tsa Sesotho sa Leboa. Pretoria: JL van Schaik.
Richards, IA. 1936. The philosophy of rhetoric. Oxford: University of Oxford Press.

Di websaite

http//www:honolulu.hawaii.edu/intranet/committees
http://www.cpsusfca.edu/ob/studenthandbooks/321handbook/verbal.htm
http://www.rsc-ne-scotland.ac.uk/ie/Relationships_with_Customers

You might also like