You are on page 1of 9

2021

NA EASTER KE
EONA PASEKA?
POKELLO EA LITHUTO TSE SUPILENG HO HLAHA
LEQEPHENG LA TSEBA BIBELE FACEBOOK
https://web.facebook.com/tsebabibele
KAROLO EA PELE: MOKETE OA PASEKA HO LATELA BIBELE
Batho ba bangata kajeno ba lumela hore Easter ke Paseka! Ke mphete ke u fete mapatlelong a metse le metsana
esita le literateng tsa litoropo le litorotsoana tsa linaha ka ho fapakana ha nako ena ea Easter e atametse, ‘me morero
oa Bakreste ba bangata ke ho ketekela lefu la Kreste!
Lehoja sepheo se ka ba setle sa ho sebeletsa Molimo, empa potso e salang ke hore NA EASTER E FELA ELE
EONA PASEKA NA?

Ele ho arabela potso ena re tla lokela ho khutlela mohloling o ts’epahalang oa ‘nete eleng Bibele. Re tlo leka ho iketla,
re fatisise sehlooho sena, ‘me re tla qala pele ka ho hlalosa Paseka re qetelle ka ho manolla Easter le moo e hlahang
teng, “Le tla tseba, ‘nete ‘me ‘nete e tla le lokolla” Joh. 8:32

NALANE EA PASEKA (KA BOKHUTS’OANYANE)

Qaleho ea mokete oa Paseka re e fumana bukeng ea Exoda, ‘me re tlo shebisana ntlha li se kae tse amanang le
nalane ea mokete ona.

1. LENTSOE PASEKA LE HLAHA HOKAE?

Lentsoeng la Senyesemane le bitsoang “PASSOVER” ka Se-Heberu “PESACH”

2. HOBANENG HO NE HO KETEKOA PASEKA?

“Etlare ha bana ba lona ba le botsa, ba re: Le lekanya’ng ka ketso ena na? le tla re ho bona: Ke sehlabelo sa Paseka
ea Jehova[YHWH], kamoo a kileng A FETA PEL‟A MATLO A BANA BA ISERAELE Egepeta kateng, mohla a otlang
ba-Egepeta, ‘ME A SIRELETSA MATLO A RONA” Ex.12:26, 27

3. HO NE HO SEBELISOA LINTHO LI FE HO KETEKA PASEKA?

a. Konyana e lemo se seng e senang sekoli, e tona. Ex 12:4

b. Bohobe bo senang litomoso. Ex 12:8

c. Meroho e babang. Ex 12:8

d. Sehlots’oana sa hisopa. Ex 12:22

4. PASEKA ENE E KETEKOA KA LETSATSI LE FE?

“Ka KHOELI EA PELE, KA LETSATSI LA LESHOME LE METSO E MENE LA KHOELI, ka nako ea mantsiboea, e tla
ba Paseka ea Jehova” Lev.23:5

TLHOKOMELISO: Khoeli ea pele ea Bajuda e bitsoa Abibe [Ex.13:4] hangata ke nako e pakeng tsa mafelo a
Tlhakubele[March] le ‘Mesa[April].

1
KAROLO EA BOBELI: SEO PASEKA E SE BOLELANG
Re boetse re tsoelapele ho bonts’a hore Easter le Paseka ke ntho tse peli tse fapaneng, karolong e fitileng le ena re
ala motheo feela ka Bibele ho tiisa seo Paseka e se bolelang. Ke hona re tla phenyekolla likateng tsa Easter!

1. HANTLE PASEKA KA BO-EONA ENE E EMETSENG ENG?

“A le ke le tlose ho lōna litomoso tsa khale, le tle le be hlama e ncha, ha e le moo le le ba sa lomosoang; HOBANE
PASEKA EA RŌNA, E LENG KRESTE, e hlabetsoe rōna” 1 Bakor.5:7

Ntlha ea bohlokoa: Paseka ene e ts’oants’a lefu la Kreste sefapanong, ene ele seriti se bonts’ang tokoloho e tla tlisoa
ke mali a Jesu o ts’olohetseng baetsalibe.
Kreste “o hlabetsoe libe tsa rōna, a tetekoa ka baka la makhopo a rōna; kotlo e re tlisetsang khotso e mo oetse
holimo, ’me RE PHOLOSOA KE MAQEBA A HAE” Esaia 53:5

2. PELE KRESTE A SHOA O ILE A RENG KA HO KETEKA PASEKA?

Luka 22:15,16 “A re ho bona: Ke lakalitse haholo HO JA PASEKA ena le lōna, ke e-so ho utloe bohloko. Hobane ke re
ho lōna: HA KE SA TLA HLOLA KE E JA, e tle e be e phethehe ‘musong oa Molimo”

Ha ele moo Kreste are a ke ke a hlola a ja Paseka (Passover) le barutuoa ba hae, barutuoa bona na o ile a ba siea le
taelo ea hore ba tle ba tsoelepele ka ho e keteka kamora lefu la hae?

Luka 22:19,20 “A ntoo NKA BOHOBE, ‘me eitse hobane a lebohe, a bo ngoatha, a ba nea bona, a re: Hona KE
‘MELE OA KA, o neeloang lōna; ETSANG HONA HORE LE TLE LE ‘NE LE NKHOPOLE. A ETSA JOALO LE KA
SENOELO, ha ba se ba laletse, a re: SENOELO SENA KE SELEKANE SE SECHA MALING A KA, A
TŠOLLELOANG LŌNA.”

Ntlha ena e bohlokoa haholo banabeso, mona joale re bona Kreste a fana ka ts’ebeletso e ngoe e khethehileng ho
balateli ba hae hore ba e etse ele ho mo hopola, ts’ebeletso ena ke SELALLO SA MORENA (LORD’ SUPPER)

3. NA KAMORA THAKHISO EA KRESTE BARUTUOA BA HAE BA ILE BA FELA BA KETEKA SELALLO?

1 Bakor.11:23,24 “Hobane ‘NA KE AMOHETSE HO MORENA SEO KE LE NEILENG SONA, ke HOBA MORENA
JESU, KA BOSIU BOO A EKILOENG KA BONA, o na a nke bohobe; ‘me hobane a lebohe, a bo ngoatha, a re:
Nkang, le je; hona ke ‟mele oa ka o robeloang lōna; le etse hoo, le tle le nkhopole ka hona.”

Mona re bona ka ho otloloha Paulose a keteka Selallo le kereke ea Korinthe ESENG PASEKA joalo kaha Bajuda
bane ba etsa, ‘me a tiisa hore o etsa seo a se neiloeng ke Morena

NA JOALE SELALLO SE SE SE FELISITSE MOKETE OA PASEKA?

2
KAROLO EA BORARO: PHAPANO PAKENG TSA PASEKA LE SELALLO SA MORENA
Thutong e fitileng re bone hore Kreste o sietse barutuoa ba hae ts’ebeletso e ncha ea Selallo, ‘me re setse re ipotsitse
potso ena: NA JOALE SELALLO SE SE SE FELISITSE MOKETE OA PASEKA?

Re tla arabela potso ena ka ho fana ka phapano bakeng tsa Paseka le Selallo sa Morena.

1. PASEKA e ketekoa ele ho ananela hore Molimo o ile a sireletsa bana ba Iseraele ha ane a timetsa mats’ibolo oohle
a Egepeta (Ho hlakile Paseka ke mokete oa Bajuda). Bala Ex.12:26,27

1. SELALLO se ketekoa ele ho hopola selekane se secha seo Kreste a se hlabetseng baetsalibe (Selallo ke sa bohle
ba lumetseng ho Kreste). Bala 1 Bakor.11:24

2. PASEKA e ketekoa hang ka selemo ka la 14 Abibe/Nisan. Bala Ex.13:4

2. SELALLO se ketekoa kamehla ha re hopola Kreste. Bala 1 Bakor.11:25

3. PASEKA e ketekoa ka ho hlaba konyana, ho ja mahobe a senang litemoso, le meroho e babang. Bala Ex.12:4-22

3. SELALLO se ketekoa ka ho ja mahobe a senang litemoso le lero la morara (veine). Bala Luka 22:19,20

Hare akaretsa taba ena re re, “A le ke le tlose ho lōna litomoso tsa khale, le tle le be hlama e ncha, ha e le moo le le
ba sa lomosoang; HOBANE PASEKA EA RŌNA, E LENG KRESTE, e hlabetsoe rōna” 1 Bakor.5:7

Lits’ebeletso tsohle tsa Paseka li ne li supa Kreste ea tlang ho tla shoela baetsalibe, ‘me h’a se a tlile e bile a re
shoetse o re sietse ts’ebeletso e ncha ea sehopotso sa lefu la hae eleng ea Selallo sa Morena.

Nltha ea bohlokoa: Selallo ha se re hopotse feela hore Kreste o re shoetse empa se boela se tsosolosa ts’epo ea rona
hore Messiah o nyolohetse leholimong hoa re lokisetsa bolulo, ‘me o tla tla a boea ho tla re nkela ho Ntate. (Joh. 14:1-
4)

Baratuoa, ho hlakile hore BAKRESTE BA BILELITSOE HO KETEKA SELALLO SA MORENA se ileng sa ts’oants’oa
ka mokete oa Paseka nakong ea Bajuda. Kajeno rona ha re etse mokete oa Paseka kapa hona ho emela li 14 tsa
Abibe/Nisan empa re ja selallo sa Morena ka linako tsohle ha re hopola Kreste!

Holima thetso ea hore ho thoe Easter ke eona Paseka e hlake hore selekaneng se secha ha hona moo Bakreste ba
laeloang ho keteka Paseka, lebaka ke hobane Paseka ene ele seriti joalo kaha re se re bonts’itse litabeng tse
kaholimo!

3
KAROLO EA BONE: HANTLE EASTER KE ENG?
Lithutong tse fitileng re tiisitse ka Bibele hore selekaneng se secha BAKRESTE BA BILELITSOE HO KETEKA
SELALLO SA MORENA se ileng sa ts’oants’oa ka mokete oa Paseka nakong ea Bajuda. Kajeno rona ha re etse
mokete oa Paseka kapa hona ho emela li 14 tsa Abibe/Nisan empa re ja selallo sa Morena ka linako tsohle ha re
hopola Kreste!

Ka bomali-mabe holima Bibele e sentse e bonts’a hore ha rea biletsoa Paseka, ho jetsoe thetso ea hore Easter ke
Paseka ea Bakreste!

Re tlo phenyekolla nalane ea Easter thutong ena le tse tlang.

1. LENTSOE EASTER LE BOLELANG?

Lentsoe lena ha le eo puong ea rona ea Sesotho le kahare ho libibele tsa Sesotho, ‘me ha hole joalo ho hlakile hore
ho batla ho se bobebe ho fana ka nalane ea Easter re its’etlehile holima Bibele, ‘me Bibele feela. Ka mantsoe a mang
re tlo lokela ho fapohela mehloling e meng haholo-holo libukeng tsa nalane ho fumana metso ea lentsoe lena.
“Easter ke molingoana (oa mosali) oa leseli kapa selemo (spring), ea ketekeloang ka khoeli ea ‘Mesa” Webster’s
Revised Unabridged Dictionary (1913), “Easter”

“Easter ke lebitso la Eostre, molingoana oa mosali oa selemo (spring). O amahangoa le mahe le mutlanyane, tse
ts’oants’ang ngatafalo ea tlhaho” – Easter, from Answers.com

“Easter, Ostara, kapa Ashtarothe ke molingoana oa mosali oa selemo (spring)…hangata o ts’oareloa moketjana ka
‘Mesa…” The Encyclopedia Britannica (1934)

2. NA LEBITSO LA ASHTAROTHE LONA REA LE FUMANA KAHARA BIBELE?

“Salomone A LATELA ASHTAROTHE, molimo oa ba-Sidone, le Milkome, MANYALA A BA-AMMONE. KA HOO,


SALOMONE A ETSA HO LENG HOBE PEL’A JEHOVA (YHWH), ‟ME HA A KA A LATELA JEHOVA KAHOHLE, joalo
ka ntat’ae Davida” 1 Marena 11:5,6

Baratuoa taba ena re lokela ho e ela hloko, nalane e bonts’a lebitso le leng la Easter ele Ashtarothe, ‘me ho latela
Ashtarothe ke ho kheloha tsela e hloekileng ea Molimo, ke ho lahla ‘Mopi ea phelang, “Hobane BA NTAHLILE, BA ILE
HO SEBELETSA ASHTAROTHE…” 1 Marena 11:33

Ho bohlokoa ho tseba hape hore Ashtarothe one a bitsoa mofumahali oa leholimo, ‘me haesale Molimo oa rona ana le
tseko le ba khumamelang mosali enoa, “Bana ba roalla patsi, bo-ntat’a bona ba besa mollo, BASALI BA LUBA
HLAMA HO ETSETSA MOFUMAHALI OA LEHOLIMO LINKHOANA, ba tšella melimo esele lino, ba tle ba
mphephetse…Bonang, bohale ba ka le khalefo ea ka e tla tšolleloa ngalo ena” Jer.7:18, 20

4
KAROLO EA BOHLANO: BORAPELI BA ‘M’A LE LESEA
Thutong e fitileng re hlokometse hore Easter ke lebitso le tsoang boheteneng la molingoana oa mosali oa selemo
(spring) ea boetseng a na le mabitso a akhang Ostara, Eostre kapa Ashtarothe.

Nalane e sibulla borapeli ba mosali eno le mor’a hae e sa le bo tumme ho tloha khale.
“Borapeli ba MOSALI LE MOR’A HAE bo ne bo tumme haholo Babilona, kamehla ho ne ho sebelisoa lits’oants’o tsa
lesea le anyesoang le le sefubeng sa ‘m’a. Ho tloha Babilona, borapeli bona ba ‘m’a le lesea bo ila ba pharalla ho isa
li pheletsong tsa lefats’e.” The Two Babylons by Alexendra Hislop, p. 16

MABITSO A MOSALI LE MORA HO LATELA LIBAKA KA HO FAPANA:

• Babilona: Semiramis le Tammuz

• Egepeta: Isis le Horus

• India: Isi le Iswara

• Asia: Cybele le Deoius

• Roma: Fortuna le Jupiter

• Greece: Ceres le Plutus

• China le Japane bane ba khumamela Mosali ea Halalelang tlasa lebitso la “Shing Moo”. Bala Babylon Mystery
Religion (1981 Edition) ka Ralph Woodrow
Re tle re hlokomele hore eitse ha bohetene bo ntse bo kekela kahara kereke, ho ile hoa nkoa mabitso a Maria le Jesu
ka Bibeleng a fuoa lits’oants’o tsa bahetene tse ts’oanang hantle, ‘me tsa qalelloa ho khumameloa!

‘Me Molimo ha esale a nyatsana le borapeli ba bohetene kahara sechaba sa hae.

“Litšoantšo tsa bona ke silefera le khauta, mosebetsi oa matsoho a batho. Li na le melomo, ’me ha li bue; li na le
mahlo, ’me ha li bone; li na le litsebe, ’me ha li utloe; li na le linko, ’me ha li fofonele; li sitoa ho tšoara ka liatla tsa
tsona; ka maoto a tsona ha li tsamaee, ha ho lentsoe le tsoang ’metsong oa tsona. KAMOO LI LENG KATENG, BA LI
ETSANG BA TLA BA JOALO, LE BOHLE BA BEANG TŠEPŌ EA BONA HO TSONA.” Pesaleme 115:4-8

Joale nakong eo lits’oants’o tsena li kenang kahara kereke, li kene le meketjana ea tsona!

“hara mekete ena e meholo ea Bokreste, e meng ea eona e etsoa bahetenenng, pele ho tsohle lebitso ele lona
(Easter) ha se la Bokreste ke la bohetene Ostara e ne ele molingoana oa England (Anglo Saxon oa selemo).” (Ethel
L. Urlin, Festival, Holy Days, and Saints Days, p. 73).

5
KAROLO EA BOTS’ELELA: LE KAJENO LIKEREKE LI NTSE LI LLELA TAMMUSE
Leha eba re ne re iketsisa re re Easter ke eona Paseka, u ka bala Bibele ho tloha ho Genese ho isa ho Ts’enolo ha
hona moo ho buang ka boitimo ba matsatsi a mashome a mane (40 days of fasting) ele ho hlekela mokete oa Paseka.

Ho makatsang kajeno ke hore kahara Bokreste ho kentsoe ts’ebeletso e bitsoang Tsela ea Sefapano kapa “LENT” e
leng boitimo ba matsatsi a mashome a mane pele ho ketekoa Easter. EBE MOETLO OO O HLAHA HOKAE?

“Boitimo bona ba matsatsi a 40 ba lent bo alingoe ho barapeli ba molingoana oa Babilona. Lent ena ea matsatsi a 40
E NTSE E KETEKOA KE YEZIDIS KAPA BAHETENE, BARAPELI BA SATANE BA KOORDISTAN bao ba e nkile ho
beng ba bona ba pele ba Babilona” Alexander Hislop, The Two Babylons, pp. 94

Ha tsoelapele leqepheng le ts’oanang monghali Hislop oa bonts’a hore molingoana eo oa Babilona ene ele Tammuse,
‘me bahetene bane ba lumela hore Tammuse o ile a shoa a ba tsoha, joale ona ts’oareloa mokete o moholo, sechaba
se lla, se boetse se etsa litlatse!

“Matsatsi a 40 a boitimo a ne a bolokoa ke bahetene ele ho ananela melingoana ena Osiris, Adonis le Tammuse” -
John Landseer, Sabaean Researches (1835), pp. 111, 112.

Joalo kaha ke ile ka bonts’a thutong e fitileng, eitse ha bohetene bo ntse bo kekela kahara kereke, ho ile hoa nkoa
mabitso a melingoana ea Babilona, Semiramis a rehoa Maria le Tammuz a rehoa Jesu ele ho foufatsa Bakreste hore
ba ananele bohetene bo seng bo apesitsoe mabitso a hlahang ka Bibeleng!

MOLIMO O BITSA BORAPELI BA TAMMUSE MANYALA!

“A eketsa a re ho ’na: U SA TLA BONA MANYALA A MANG A MAHOLO a etsoang ke bona. ntoo nkisa monyako oa
ntlo ea Jehova o lebileng ’nǵa leboea, ’ME KA BONA BASALI BA LUTSE TENG, BA LLELA TAMMUSE.” Ezek. 8:13,
14

Le kajeno likereke li ntse li etsa manyala kapela mahlo a Molimo ka ho llela Tammuse matsatsi a 40 ao ho thoeng kea
LENT kapa Tsela ea Sefapano!

Molimo a re hauhele!

“Molimo ha o se o lesitse litšiu tseo tsa ho se tsebe hore li fete, joale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, HORE BA
BAKE.” Liketso 17:30

RE HLOKA HO BAKA BANA BA MOLIMO!

6
KAROLO EA BOSUPA: KEREKE E NKA LEHE LE MUTLANYANE HO BAHETENE
Karolong e fitileng re bone hore boitimo ba matsatsi a 40 bo etsoang ele ho hlekela Easter bo hlaha Babilona, ‘me
lesea leno le lleloang ke Tammuse (Ezek. 8:13, 14) ho mpa ho fetotsoe mabitso feela nakong eo bohetene bo
nanarelang tumelo ea Bokreste!

Ho bonahala Easter e boetse e ketekeloa ka mahe le mutlanyane….

“Joalo feela ka Easter, mekete e mengata e tummeng nakong ena e supa hore bohetene bo ntse bo phela le kajeno.
Mohlala, re bona khokahano ea lits’ebeletso tse AMANANG LE PELEHI (fertility), joaloka LEHE LA EASTER LE
MUTLANYANE OA EASTER” The Encyclopaedia Britannica, 15th edition, Macropaedia, Vol. 4, p. 605, "Church Year"

EBE TSONA LI BOLELANG?

“Nalane ea LEHE LA EASTER e its’etlehile holima meetlo ea PELEHI ea merabe ea Indo-European…Mutlanyane ono
nkoa ele e ‘ngoe ea liphoofolo tse tsoalang khafetsa, ke baholo-holo ba rona, ‘me oa ntoo sebelisoa ele lets’oao la
BOPHELO BO BOCHA nakong ea selemo (spring). - Francis Weiser, Professor of Philosophy at Boston College,
Handbook of Christian Feasts and Customs, 1958, pp. 233, 236

JOALE LI AMANA JOANG LE BOKRESTE?

“LEHE le tumme haholo ele lets’oao la Easter. Mahe ke lets’oao la PELEHI….Bakreste ba hlahang ka Bochabela ba
ile ba nka moetlo ona, ‘me eaba lehe la Easter le fetoha lets’oao la borapeli. LE TS’OANTS’A LEBITLA LEO JESU O
TSOILENG HO LONA BOPHELONG BO BOCHA.” - Greg Dues, Catholic Customs and Traditions, 1992, p. 101

SEPHEO SA HO NKA MOKETE OO OA BAHETENE ENE ELE SEFE?

“…Kereke e nkile moketjana ona ho tsoa ho bahetene MOLEMONG OA HO HAPELA MEEA EA BONA HO KRESTE”
- Sir James Frazer, The Golden Bough, 1993, p. 359

POTSO: NA BIBELE E RE KHOTHALETSA HO HAPA BAHETENE KA HO NKA MEETLO EA BONA RE E TLISA KA


KEREKENG?

“Le tla boloka melao eohle ea ka, le litaelo tsa ka kaofela, le ee ka tsona…LE SE KE LA EA KA MEKHOA EA
LICHABA TSEO ke tla li lelekisa pel’a lōna; hobane li entse lintho tseo kaofela, ’me HO ’NA LI MANYALA.” Lev.
20:22, 23
“Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le
kopano efe le lefifi? KRESTE O NA LE SELEKANE SEFE LE BELIALE? Kapa ea lumetseng o na le kabelo efe le ea
sa lumelang? Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang?....Ka baka leo, TSOANG HAR’A
BONA, ’ME LE IKHETHE…” 2 Bakor. 6:14-18

KRESTE ONA LE KOPANO E FE LE MAHE A BOHETENE?

Molimo are hauhele!

7
KAKARETSO: HOBANENG KAJENO BAKRESTE BA KETEKA EASTER?
Kajeno re fihlile pheletsong ea boithuto ba rona ba nalane ea Paseka le Easter - re bo phethela ka ho fana ka
kakaretso ea lintlha tse latelang.(sheba lithuto tse supileng tse fitileng bakeng sa Litemana le Lingoloa tsa Nalane)

 BaIseraele ba ile ba neoa mokete oa Paseka eleng “Passover” ka Senyesemane kapa “Pesach” ka Se-Heberu.

 Jesu o ile a keteka Paseka ka ho hlomamisa ts’ebeletso e ncha ea “Selallo sa Morena” pele a tloha lefats’eng

 Lefu la Kreste le phethile mokete oa Paseka, ka hona Kreste ke eena Paseka eo re e hlabetsoeng, ‘me o siele
Selallo sa Morena ele sehopotso sa lefu la hae.

 Barutuoa ba Kreste ba tsamaile mehlaleng ea Morena oa bona, ‘me ba ketekile Selallo sa Morena.

 Ha re sa lokela ho emela li 14 tsa Abibe/Nisan ele ho etsa mokete joalo ka Bajuda, empa KAMEHLA ha re hopola
Kreste re keteka Selallo sa Morena.

 Easter ke moketjana oa bahetene oa Babilona o bileng teng le pele ho tlhaho ea sechaba sa BaIseraele. O
hlekeloa ka boitimo ba matsatsi a 40 moo ho lleloang Tammuse, ‘me o boetse o tsamaea le mahe le mutlanyane.

 Ha hona mohlala le o mong feela kahara Bibele moo Barutuoa ba Jesu ba ketekileng Easter.

 Phetoho tse kholo li etsahetse pusong ea Constantine eleng eena monna ea hlapolotseng Bokreste ka lithuto tsa
Bahetene. Mekete le lits’oants’o tsa bahetene li ile tsa ananeloa kahara Kereke, ‘me Easter e bile mokete o
moholo o kopanyang bahetene le Bakreste.

Baratuoa, Bibele e porofetile hore mehleng ea morao batho ba bangata ba tlo thetseha (1 Tim. 4:1, 2; 2 Bathes. 2:9-
12), ‘me ha ho makatse hore kajeno Easter e ketekeloa ke limillione-millione tsa Bakreste, empa ho sena temana le e
le ‘ngoe feela e e ts’ehetsang!

EBE MOLIMO O RENG KA BANA BA HAE BA LAHLEHETSENG KAHARA LIKEREKE TSE FUPERENG MEETLO
EA BABILONA?

“Eaba ke utloa lentsoe le leng le tsoang leholimong, le re: TLOHANG HO EENA, LŌNA SECHABA SA KA, le se tšohe
le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae. Hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me
Molimo o hopotse makhopo a hae.” Ts’en. 18:4, 5
RE LOKELA HO TSOA KAHARA LIKEREKE TSA BABILONA HOBANE MOLIMO O SA HOPOTSE MAKHOPO A
TSONA!

Mongoli: Phutheho D. Thinyane

Blog: www.tsebabibele.wordpress.com | Facebook: Tseba Bibele | Cell: (+266) 5990 0806 | Email: tsebabibele@yahoo.com | Instagram:
tseba bibele | Twitter: @TsebaBibele |

You might also like