You are on page 1of 49

Screenplay

A TEBELO MPHEI FILM

LIKHUTSANA SEASON 1,EPISODE 1

SCENE ONE
(baroetsana ba bane ba patsing ba ntse ba ba
roalla,mohlankana a monyane lilemong,ea holimo ho letsoapo
,hang hore a lahlele mahlo moo ba leng hana teng,a bona hore
ke banana,o matha ka lebelo .ka morao ho moo ho hlaha banna
ba babeli ka lipere li paraketsa,li lebile moo baroetsana ba
leng hona teng.lipalami tsena li ikoahetse lifahleho,ha ba
fihla ho baroetsana ba ba likaliketsa ka lipere,e mong oa
banna o ntsa ntho oa e laeta o e lahlela ho banana,ba sa
maketse banana ba bona ho hlaha banna ba bang ba bane batla
ba matha,banana ba taoa ke mosi oa se laetuoeng ba oela
fatse,empa e mong oa banana o ile a atleha ho ipata hoba a
ne a le thokoana le bana ba bang,o ipatile ka sehlahla moo a
teng o shebile ketsahalo ena ka letsoalo le hlollang,joale
ha a bona thaka tsa hae li oela fatse a feeloa ho feta,o
bona banna bao ba tsamahang ka maoto ba atamela banana
bana,e mong a holima pere a ba akhella li ropo tse
peli.Banna ba tlama banana maoto le matsoho ka liropo,ba ea
ba jara ba nto ho tsamaea ka bona,moroetsana a ipatileng o
shebile tsena tsohle,ha ba ea ho likella,o tsoa moo a
ipatileng,ke letsoalo le ho feeloa ebile meeokho e keleketla
marameng a hae,ka ho sareloa ho ho holo,mahlo a hae a
talimile maane moo bakhocheli bana ba lo likella teng ka
bakhotsi ba hae,o oa forafora ha tsebe a etseng,o rola lieta
o matha a nka tsela e lebang hae,o oa ema o ingoaea hlooho,o
khutlela morao ma siileng lieta ka lebelo,o liroala hape o
nka ka lebelo,empa khetlong lena maoto a hae a lebisitse moo
bakhotsi ba hae ba lebileng teng,o matha lebelo.holimo mane
ho eme mohlankana e monyane,ena oa ho hlokomela banana
pele,o moshebile e bile o ntsa bua a le mong,ha bona hore o
latela mohlala oa banana bao,o theoha a matha a lebile ho
ena ka likhohlopo tse mofetang.O fihla a ema khekhenene ka
pele ho ena,moroetsana ke letsoalo aba a oa fatse.

MOHAPI
Nako e nngoe hoa etsahala hore
motho a eme lephakatlaling,e re
tlali ha e luma e bile e otla,e
mofutse fela hoba balimo ba hae ba
ena le ena,e nngoe fela ntho e
motho eo a ka e etsang ,ke ho tloha
haufi le lephakatlali hoba tlali
moo e otlileng e siea mahe e sa a
fuama,e tla boela e khutla e tlo
sheba.ntho e ke ipotsang ke hore
ebe oena ha o sohlokomele hore e o
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 2.

MOHAPI (cont’d)
futsitse tlali mothoana?tloha
hang,tsela ea hao ha e lebe hae
hoba ha ho sabe joalo,o tla
ikoahlaea bosiu le motseare.Ha a
qeta a mofuralla a ntoo ikela

SCENE 2

HA TEBELO MOTSENG
Motseng ha Tebelo ,habo banana.Shoalane e se e tsoere,bana e
sale ba eea patsing,haho bonahale leha ele moroeroe fela oa
bona,beng ka bana malapeng e sele pherekano fela,ho fihla
Malerato ho Malisebo,o fihla a hatela holimo a tletse moea
MALERATO

Malisebo ,aa mosali ke hore ngoana enoa oa hao ha ile a ea


le ngoanaka kae kapa kae fela eba ke mohla a tla fihla ka
mafifi
MALISEBO

o mokena hanong a bile a tlama tjale hantle thekeng,ka


bohale
Se ke oatla ho nteka tumelo hle
oena mosali tooe,ha oa itulela
hahao keng ha u utloa hlooho e ea
hao e chesa?
MALERATO
Ke makhetlo a makae ke u kopa u
rute lechuchutha lee la hao ho
bapalla hole le ngoana eo oaka oena
mosali tooe,ha kere e o hlotse
khalemelo ka hare ho lapa lee la
hao
MALISEBO

O atamela Malerato ka khalefo e tsabehang a ntsa


omana,Malerato le ena o atamela joalo ho bonahala hore joale
batlo tsoarana ka matsoho
U tloha serutheng sela sa hao seo u
se bitsang ntlo oena sefebe tooe u
tlela ho tla bitsa ngoanaka ka
mabitso,tosa ena eo u batlang ho e
bona ha kena hoba leqe ho u bontsa
kajeno u nte...

(CONTINUED)
CONTINUED: 3.

pele a qetela puo ea hae,moo e kang joale batla tsoarana ka


matsoho,ho hlaha Lirontso mane a matha lebelo la
ntsoekhe,seeta a tsoere se le seng ka letsoho,bobeli ba ea
mmona,haele ngoana ena o matha joaloka khutsana hotla a ba
lebile.ntoa e emisitsoe ke ho hlaha ha Lirontso,bobeli joale
Malerato le Malisebo matsoalo a kototsa,ba buela hong le
bona ba sentse ba ea ho ena
MALERATO
Oena nnyeo hana o mang...o kae
ngoanaka?

MALISEBO
Lisebo o kae
ena o bua joalo a motsoara mahetleng a sa ntsa motsukutla a
lla,a pheta hangata na ngoana hae o kae

LIRONTSO
bo ntate ba lipere,bo ntate ba
lipere ba fihlile ntse re roalla
bobeli ba shebana ka ho makala,lirontso ha a khone ho bua
hantle ke letsoalo le ho hemela holimo ka mora ho matha nako
e telele,malerato ke ho otloa ke letsoalo o felloa ke
mamello o motsukutla haholo a sa bile a lla le ena
MALERATO
ngoanaka o kae oena
lirontso,ngoanaka o kae
LIRONTSO
ba ba nkile ,ka lipere

ha qeta ho cho joalo a se hlaba seboko se bohloko,sa kopana


le sa Malerato le sa Malisebo,ka panya ea ntsi chaba sa
motse e bese se bokane ha Malisebo mmoho le morena,Lirontso
a botsoa se etsahetseng a hlalosa le hore ho itsoeng ho
ena,morena le banna ba ba bang ba motse ba hlanna ba belaela
hore na ho etsahetseng ka bana bao,mme bolutu ba aparela
motse oa morena Tebelo ka panya ntsi feela.
MORENA
Chaba sa ntate,ke bohloko bo otlang
pelo ho rona bohle ka tsena tseo
nnete letsatsi la kajeno le re
likellang ka tsona,empa ka lebaka
la hore shoalane e se e
tsoere,bohle ha re khobeng
matsoafo,hoseng ha mphatlalatsane e
satsoa ho hlaha,banna bohle ba
motse ba fihle mane khotla,ke moo
retla tsohla tsohle tsa letsolo
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 4.

MORENA (cont’d)
lena la ho batla bana bana,bohle ha
joale ha reeng mahae.
sechaba se furalla lapa la Malisebo,ka mesarelo e
meholo,athe ha ele beng ka malapa a bana ke seboko fela se
otlang pelo ho leba malapeng a bona,empa o teng mohlankana a
monyane,eo ausiae a neng a nkuoe ke koeta tsena lemo tse
supileng tse fetileng,o atamela lehlana la morena mme o le
kopa hore le ena abe moo khotla hosane le ena a tlabe
letsolong ka hoba ausiae e sale a nyamela.
TSEPO
Ntate Tsoeu,ke kopa hotla khotla
hosane,le nna ke kenye letsoho hore
ausi oaka a khutle
TSOEU(LEHLANA)
Morena o hloka banna fela ese
bana,haho letho leo u ka le etsang
moshanyana oaka
TSEPO
Empa ha ke ngoana,le nna nka loana
ka...
TSOEU(LEHLANA)
(o mokena hanong ka bohale)
Tsepo,ke batla ngoana e re ha ke
bua a mamele o ntso nkutloa,tsamaea
o ee hae u lo robala koana ,ha nka
u bona khotla mono ke tla o shapa
hore o tsamae butle.
o mochofa hampe fela

hoseng ha lihoai li ichapa ka liphali ka mahetleng,banna ba


se ntse ba bokana khotla joalokaha e ile eaba taelo ea
morena,Tsepo khale le ena a ipatile khotla moo hoba o
hanetsoe semolao,banna haba felletse morena o bua le bona.

MORENA
Banna ba heso,re tjametsoe ke
koeeoko.ketsahalo ena ea ipheta,re
supa lemo tse supileng tse
fetileng,moo esaleng ho nyamela
baroetsana ba bane,le banna
basupileng bao ke neng ke bantse ho
latela mohlala oa bana bao,hoa
phonyoha monna moholo Thabo ,haele
bohle ba supileng ba nyameletse
mmoho le bana bao,lea tseba ha
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 5.

MORENA (cont’d)
nkaba ka ntsa banna ba bang hape ka
letsoalo la hore le bona esere ba
se khutle,joale tora eo e neng e re
oele lemo tse supileng tse
fetileng,ke ena e ipheta
hape,khetlong lena bohle le tlaba
baeletsi baka,hore na kholumo lumo
ena eo ho bonahalang e metsa
sechaba saka,re e hlola jwang?
FUSI
Morena,khetlong lena ha e bone mahe
fela, le leraba ea le bona.rele
sechaba sa hao retla fela re fella
mono,nna nkampa kaba lekoala morena
,kea tsaba mme ha ke na hoea,
ea eba khang joale khotla,boholo ba banna ba ea tshaba,beng
ka bana le bona ba seboko hore ho tsuoe letsolo ho sheba
bana,nakong ea khang eo,Tsepo o utlwile tsohle mme a raoha,
a matha ka lebelo ho ea ha monna moholo a ileng a phonyoha e
leng Thabo.
Tsepo ha fihla fela a ikakhela ka tlung
THABO

(O sheba monyako ka ho makala ha utlwa motho a bulang lemati


a bile a ikakhela,o hlokomela hore ke mohlanka a monyane
Tsepo,mohlanka eo pale ea lapa labo a e tsebang hantle,mme
taba eo ea mo ama maikutlo,a inama kapelo e bohloko,a
phahamisa hloho,a bua ka ho nyahama)
Ha se lekhetlo la pelo ke fumana
ketelo ea sebopeho sena Tsepo
ngoanaka
TSEPO
Ha hona ba ikutloang ho ea ntate
Thabo,bare ke oena a tsebang se
neng se etsahale
THABO

(O hula setulo o lula fatse,o ingoaea hlooho)


Ka mora ketsahalo eo e sisimosang e
neng e etsahale mora,eo le nkekeng
ka uo joetsa leka letsatsi ke ile
ka phonyoha jwang,ho ile hoa feta
likhoeli tse tseletseng fela eaba
ketsahalo e joalo e ea
ipheta,khetlong leno ka morali oa
Lira,eleng khaitseli ea mohlankana
eane Mahala
(CONTINUED)
CONTINUED: 6.

TSEPO
Joale o kae ena abuti Mahala?
THABO
Mahala o na tsamae a furalla motse
ona ka pelo e bohloko

o inama jwalo a hopola,o tsoelapele


E itse hoba khaitseli ea hae hore
ba e nke ,ba nkile eona ele nngoe
fela khetlonglena,a sena mang kapa
mang a ka tselisanang le ena.o ile
a tlalatlala le motse ngoana ele
sono,[to be shot as story beeing
told to the boy,and that time
action too],nako eo maqeba a na
ntsale macha malapeng a bao bo
mphato oaka bao re neng re tsoe
letsolo kaofela empa ka bomalimabe
eaba haba khutle,motse o sa
aparetsoe ke tsiamo e kholo,o ile a
qala ho morena,empa ho buoa nnete
bohle ba ne ba ingoetseo ,ho
kenyeletsa le ena morena,mme ha
kaba aba le tharollo,a ea ho
batsoalle ba ntatae,bohle bane ba
aparetsoe ke tsabo ka nako eo,hose
moikutloa pelo ho khutlela sebakeng
seo.ho nobe bohloko ruri,ho babang
mohau o nole teng empa thuso e nele
sieo,qetellong eaba o tla ho
nna,joalokaha le oena o tlile
tjena,kene ke mojoetse fela tseo ke
lin hopolang,tse neng li
etsahale,le nna hone hose thuso e
kae eo nka mofang eona,ntle le ho
moutloela bohloko joalokaha ke
utloetse oena kajeno.ha a furalla
mona,o na njwetse hore ena ka
boena,o tlabe a lo fihla sebakeng
seo,mme a njwetsa hore o ha nako eo
e fihla ,o lo ba bolaea
kaofela.eaba o tsoa monyako

SCENE THREE

bosiu mahala ha a robetse,ho fihla motho oa monna ho ena ka


toro,Mahala hona torong moo o oa raoha,monna moholo o nkile
rotang,o motsoara ka letsoho o ea le ena holima leralla,ha
ba fihla monna moholo o mosupisa fela ka rotang,ho hlaha
tsela le lithota,ke tsela e bonahalang eya pele ka nqa
bochabela,ha e ntse eea pele haho matlo haho letho,empa ke
(CONTINUED)
CONTINUED: 7.

moo ho bonahalang ntlo e leng nngoe e emeng ele nngoe


fela,empa tsela ho bonahala e feta e fihla e fella ka hara
khohlo.hona moo monna moholo o sheba ka ho ena,o oma ka
hlooho.ha qeta oa furalla,ke moo Mahala a phaphamang.o
tsoela kantle ho ea sheba pere ea hae,o fumana e ntsele teng
,o khutlela ka tlung,o lula fatse a itsoara marameng a ntsa
nahanisa taba ea toro.Mahala o ntse a lokisa ntlo a e
haileng ,hara naha moo a leng mong fela.ha a qeta ho
kenyakenya lithupa marulelong,o ntsa liqhana tsa pere moo e
ntseng e fula,oa e qhaneha,pele a e palama o bua le eona,ha
qeta oa palama o leba nqa bophirima,pitsi ea lumela ho otla
lithota nako e telele,a ba a fihla a hlahella le ntlo e
nngoe fela,o atamela ntlo,o theoha pere oa e hula,a ntse a
qamaka.mahlo a hae a shebile monyako empa ha a hetla,a
lahlela mahlo morao o bona ho eme a bonahahalang ele ngoana
ngoananyana,empa eo ho bonahalang ele ngaka.o
moshebile,letsohong ho ena o tsoere kepi,o roetse lifaha,o
itlamme ka lelapi la bongaka.o tloha joalo a atamela
ntlong,ha a fihla pela Mahala,o mokenya mahlo kantle ho puo
ea letho,nako e telele hoo Mahala a laba otloa ke letsoalo,a
lia mahlo a fiela ka lintsi fatse.ngaka e ea mofeta kantle
ho puo ea letho e kena ka tlung,nakoana e ea tsoa ngaka e
nkile lechoba,e mohasa ka hokang metsi e sebelisa lechoba,e
hasa hammoho le pere ea hae ho ntsose puo ea letho.ha e qeta
e khutlela katlung,e tsoa hape e sesa nka letho,maoto a
kabang mane ho tloha ho mahala,e ea ema,empa e mofuraletse.

NGAKA NEO
Sebaka sena se sirelelitsoe,haho
mang kapa mang ea lokelehang hoba
sebakeng sena,u batlang moo hoba ha
ke tsebe letho le o behang moo,u le
mang??
e bua joalo ngaka e ntse mofuraletse
MAHALA

o hemela holimo ka ho khathala matla


Ke bontsitsoe tulo ena
litorong,tseleng ea ho ea batla
thuso ka lebaka la tsietsi e
ntobileng,eka ketla feta le teng...

NGAKA NEO
O mokena hanong,ka bohale a ntsa furaletse joalo
E ka o tla feta le teng
oa hetla o sheba ka ho ena
Joale hobaneng oena o khethile ho
pota,athe o no lokela ho feta?
o bua joalo a atamela ho ena a mokentse mahlo
(CONTINUED)
CONTINUED: 8.

MAHALA
o ferekane e bile o tsoile,ha eo a moatamela,oa checha le
ena
Ha kea tseba hore ke tlabe ke entse
phoso ho pota mona
NGAKA NEO
Leeto la hao ha le felle mona,le
thuso ea hao ha eeo mona.ha o na
tokelo ea hoba mona ha joale,seka
koala tsela tsa hao ka ho fosa
litaelo tse hlakileng.tsamaea o
lebile bophirima,o sale letsatsi
morao,ha o likela ka khohlong ea
pele eo o tla kopana le eona,se
kaba oa tsela ha fela moriti o se o
tsetse khohloana eno,ha o so tsetse
moriti,lula ka lehlakoreng leo o
leng ka ho lona ka letsatsi la
hosane,ebe ke hona o tla tsela,le
teng hosane ha maru eba a thibile
haho bonahale letsatsi kapa eona
meriti ,ha o tsele khohloana eno,ho
fihlela letsatsi le chaba,o tsela
ha o bona meriti e hokae,ha o
tsetse ba tlaba teng ba tla
hlahella mohla ba hlahang,oena o
lete.tsamaea pele o ka lemala hoba
o kena moo o sa laeloang ho kena.
Mahala kantle le ho senya nako o hula pere o oa e
pharumela,ha a le ka holima eona o sheba ngaka,ngaka eona e
sheba letsatsi,e mosupisa lona,Mahala oa le sheba le ena ,le
se le le sekame ,o sheba ngaka hape,ngaka e oma ka hloho
habeli,Mahala o e khitla ka lirethe pere e sheba
bophirima,joale o a e shapa pere a lelekisa letsatsi.

SCENE FOUR
(Meraka,bakoeteli ba fihla le phofu tsa bona,tlaasana mane
ho besitsoe mollo mme pela ona ho eme kharebe eo e itseng ha
e utloa litlhako tsa lipere ea reteleha ho sheba ka
lipereng,ha a talimisisa a bona baroetsana ba bararo ba
jariloeng ke bao a batsebang,bao ba iphetotseng mohlorisi ho
ena ka nako e telele,banna bao esaleng ba mosiisa lelapa
labo ka nako e telele,a bohile ketsahalo eo fela,a tseba le
ho hopola tse bohloko tse tlang ho banana bao,tse
lerotho.moea oa hae oaba mosehla,pelo ea hae ea thulama,ha a
hopola hore ha ba hlotse ba khutlela hae,likeleli tsa
keletla marameng a hae,puo ea tsoa molomong oa hae le hoja a
na ipotsa

(CONTINUED)
CONTINUED: 9.

SEIPATI
Ebe rona ke hobane re jeleng e
kaale?haeba ke nnete Molimo le
balimo ba teng,ketso tsee mahlong a
bona hase manyala naa,retla
loaneloa ke mang rona?
meeokho ea lumela ho tsubella sefahlehong sa hae,ea khaoloa
ke lentsoe la Mokoepa ha utloa le kharuma
MOKOEPA
Tsola pitsa eno oena o tlo
phomosetsa baeti mona,ha u bone
lapa lea hola,joale u be u tlo ba
laea joaloka ngoetsi tse ncha,e
sere ba etsisa eane mmate oa hao oa
ho nahana ho thoba,u ba rute hore
tsubalala ea mona e mpe haholo,u
hlo ba etsetse mohlala ka eo
mmateao hore u bonoe ke oena
fela,ba bang esale ba ipotsa o
nyamelletse kae

SEIPATI
ka pelo e bohloko a phumula meokho,empa ea re ha a hopola
pono ana e bone ka eo Relebohile,ba mokhakhathile ba
mofasitse saleng ea pere,ba mohulanya,tsa hana ho laoleha
likeleli,tsa theoha fela,a hopola hore e kanna eaba ba
mmolaile,a hopola mantsoe a bona bare ba moisa moo asalo
pholisa hlooho,a sitoa ho tela.TO BE SHOT AS FLASHBACK ABOUT
WHAT HAPPENED TO RELEBOHILE AFTER AN ESCAPE ATEMPT,a e
loantsa nnake meokho leha ho nose bobebe,empa boima ba ho
tseba hore ke ena a tlamehang ho lo tselisa bana bao,le holo
leka hoba kenya kutloisiso ea hore hara ntho tsohle,ea ho
leka ho baleha ba skebe ba e lora,boima ba ho tseba hore ke
ena a tlamehang holo ba tsebisa hore haeba ba rata ho
phela,ba etse sohle se ba se joetsoang,ba amohele leo ele
lehae la bona le lecha,a imeloa empa empa nako ea ho lla a
tseba e felile,o letioe,a hlakola meokho,a nka pitsa a leba
moo a bitsitsoeng.TO BE SHOT ALSO AS CONVERSATION BETWEEN
SEIPATI AND THE GIRLS.Seipati o tsola pitsa ka nako eo o
leba moo a bitsetsoang teng,ha fihla o kena ka tlung,o beha
pitsa mohaoloaneng,ha a talima o bona banana ba bararo bao
ba ntseng ba koaetsoe mahlong ba fasitsoe matsoho le
maoto,ka nako eo bana bao ntse ba lla empa ba jajabetsoa ka
bohale hore hase habo mmabona moo ba tlohelle ho hloliana.ka
hare ho ntlo ke banna ba bararo,KATIBA,SERETHE LE
MOKOEPA,joale ebe Seipati le banana ba bararo ba fihlang
MOKOEPA

(CONTINUED)
CONTINUED: 10.

O atamela ho banana moo ba ntseng ba thakhinya teng ba


lumaela,o khitla fatse haholo ka rotang a le bohale ke
lerata leo banana ba le tlatsitseng basa mamele ha a ntsa ba
laela hore ba thole.
Tholang lona mahure,e le hore bana
haba ntsebe hantle na ke mang
atseba.ka mohlomong ke etse mohlala
ka a le mong ba tsebe ho kholoa ka
ho bona.
.(Sepati moo a teng ke ho tseba sekoeta sena,o itiisitse ka
matsoho sefubeng,likeleli li ntse li theoha marameng a hae,o
ntsa buela fatse
SEIPATI
Ka meokho,a bile a ntsa tsitsinya hlooho,a sa ntse puo
hantle
Kea o kopa ,u seke oa ba
lematsa,kea o kopa,letsoalo la bona
ha le ba lumelle ho khutsa,kea o
kopa.

MOKOEPA
O ntsoreng oena,ke mang a itseng o
bue?
o bua joalo ka bohale a atamela Seipati,o otlolla rotang o
haka Seipati ka eona o mohulela ho ena,Seipati oa
khothometseha o tla moo rotang e mohulelang teng,ha atamela
pela hae,o motsoara ka letsoho molaleng o mokentse mahlo
bua oena o ntsoreng?
SEIPATI

O iteta sefuba ,le hoja a tsohile,o hemela holimo


Ke kopa ho oena monghali hore o
seke oa ba utloisa bohloko,ba
tsohile ha ba tsebe ho etsahalang

MOKOEPA
nxa
o cho joalo a suthumeletsa Seipati morao
Serethe,ba tlose kupahete tseno re
ba bone mahlong,ha lihoai li ichapa
ka liphali ka mahetleng hosane
bobeli le palame lipitsi le late
ngaka chitja,ke mohloka a le mona a
tlo nkamohella baeti
Serethe o tlola ka matjato ho atamela banana,hare o tsoara
oa pele
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 11.

MOKOEPA (cont’d)
Butle butle,butle pele,e kare ke
batla ho o fa mosebetsi oo e seng
oa hao

o supa ka monoanoa,o supile Seipati


Oena o se o le khomo e kholo, e tlo
ruta ngoetsi tse ncha tsena
molao,tloho o tlo ba rolisa tuku
tsena tsa bona,ha ke hane li ba
tsoanetse empa taba li mahlong

mahala o fihla khohlong eo a fuoeng litaelo ka eona ke


ngaka,hang ha a sheba meriti a hla a bona hore letsatsi lese
le sekame haholo,o theoha pere o oa e hula ka potlako ho ea
ikholisa na e fela e se e tsetse khohloana meriti,ha a qala
a theohela fela a be a se a khahlana le eona e se e tsetse,a
hla a tseba joale o lokela ho leta,o qhanolla pere,o batlana
le sebaka moo a tla sunya hloho teng,o roba roba makala o
etsa moalo,o beha li sale tsa hae hantle,shoalane e se e
tsoere e kholo,o fasa pere ea hae sefateng a nto khutla hoea
moalong oa hae,a isa masapo ho beng,o tsoha e sale ka meso o
besa mollo,joale o ka lehlohonolo le tsoha le sele ho sena
maru,letsatsi la chaba,a hla a qhaneha pere,a atamela pela
khohloana,e itse ha le anela naha eohle,a tsela khohloana a
se a potlakile,hang ha a qeta ho tselela mosoeu oane,hang
fela a qeta ho tsela a utloa lentsoe

LENTSOE LE HOOANG
ema hona moo,ke banna ba ba bakae
ba ikemiselitseng ho ea ntoeng le
oena?
o qamaka koana le koana a leka ho sheba moo lentsoe le
hlahang teng,empa haa bone letho
mona haho bapalloe,ha o sa tsebe ho
buoa o khutlele morao moo o tsoang
MAHALA
ha hona banna ba ikutloang ho ema
ba loane,bohle ke ba tsohileng
kaofela
LENTSOE LE HOOANG
khutlela morao o lo batla banna ba
tla ema le oena,ntoa e le tobileng
e kholo haholo,haeba fela o batla
tlholo ele kannete,o tlatla mona o
na le banna ba ka holimo ho leshome
le metso e mmeli,bao ntoa ha e
loana ba kekeng ba chechela
morao,ke hona o katlang koano ha u
phethile seo,o sekebe oa hlola o ea
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 12.

LENTSOE LE HOOANG (cont’d)


ho lula hae,kapa ho qoka le mang
kapa mang ka tsohle tseo o li
laetsoeng,ha o qeta ho tsela o
sekebe oa hetla sebaka sena hohang

mahala o tjeka hang ho tsela khohlo ,o hloella pere ka


potlako,ho tloha moo a e tsela thupa a sa hetle morao hohang

SCENE FIVE

letsatsi le eme hantle holima hlooho tsa mengala,lekhulong


la morena chele,mohlankana a lilemo li mahareng o emetse ka
thata pholo tse nala le tse khunong li mosetse morao,o
ikhitlile ka molamu ka morao,mahala o tla a lebile ho ena
pitsi a e kaletse ka thata ,le hoja moeka a furaletse o
hetla ka ho utloa litlhako tsa pere li otla ka thata
fatse.ha hetla o bona monna a motsebileng nako e
telele.mahala ha a atamela o theoha pere o atamela ho ena a
e hula.
TSOTETSI
Moloane ,ke utloa ka litlhako ho
hata ka thata hore ho tlang ka mona
e se pitsi fela empa ke
lehantamo,ka mora moholoane oaka ka
thaba ho o bona

MAHALA
mohlankana eo ke moqetetseng a sa
fokola,o se a ka ema le banna
khotla joale.ho joang moshana?

tsotetsi o atamela mahala,eo o mo phaphatha


lehetleng,tsotetsi o nanabela litomo letsohong a ntsa
bososela ke thabo,a iname a bile a ntsa tsitsinya hlooho
TSOTETSI
banna moloane,oena o oa tseba ebile
o no nrute hore likhomo ha li batle
lihloepha mamina.
tsotetsi o bua joalo seka motho a tebileng haholo
maikutlong,pososelo e felile,ka ho tsoana le mahala o
moshebile ka mahlo a nchocho

MAHALA
li batla.....
ha a cho joalo bobeli ba reteleha ba sheba letsatsi moo le
teng mme ba buela hong

(CONTINUED)
CONTINUED: 13.

TSOTETSI
MAHALA
banna ba thata,likokotane tse
loanang ntoa ntse li tseha

ha ba qeta ho bua joalo ba nka nako mahlo a bona a shebile


letsatsi,mahala o motsoara lehetleng o oma ka hloho ka
fahleho se khanyang khotso.
MAHALA
monna kea tseba o ntso ipotsa na
ebe ka mora nako e kana ebe ketelo
eaka ho oena letsatsing la kajeno
ebe ke o tsoaretse life
TSOTETSI

o thonapa lejoe fatse,o retelehela ka likhomong o betsa ka


lejoe,ha qeta o sheba ka ho mahala,o ntse a khotla fatse ka
molamu
u buile teng oena moholoane oaka
,le hoja ele thabo le monyaka ho
nna ho o bona,ke nnete eo nkeken ka
iphapanyetsa oena hore letsoalo
laka ha le khutse
MAHALA
ka ntle le ho o senyetsa nako
monna,ketla phunya seso se tsoe
bolalu,ngoana monna khoeli e
aparetsoe ke maru,ke mona hobane ho
batla ho le lefifi,empa e kholo ho
feta tsohle,ke mona hoba monna oa
mosotho o re khalapa lia
buseletsana.ngoahola ha hlabula le
thoasa,khaitseli eaka o ile a tloha
hae le morali e mong oa mohaisane
ho ea selibeng,empa shoalane eaba
ea tsoara bana ba sa khutle,ke moo
ke ileng ka roala lieta ho menahana
le mehlala ho ea selibeng moo ba
ileng teng empa ka thola ho sena
bana moo,empa linkho tsona ka li
fumana ebile li choatlehile,joale
ngoana monna ,ngoana ngoanana ke
lefiso la metse,ha ho hlokahale
kebe ke o hopotse taba eno,ke hloka
ngoana eo oeso a khutlele hae,a
phela kapa shoele(to be shot as a
flashback of what happened to
Relebohile)

(CONTINUED)
CONTINUED: 14.

o buoa joalo mahala ka pelo e bohloko,athe tsotetsi ena o


mametse ka hloko haholo moo a teng,o atamela mahala o
motsoara lehetleng

TSOTETSI
moholoane,e sale ke llela motsotso
o kang ona,haho le kae moo
keang,mantsoe aka ke hore fela
njoetse ,nsupe hohle moo o
nhlokang.ka mora sohle seo o neng o
se etsetse lelapa leso,ke ema le
oena
mahala o oma ka hloho

SCENE SIX
hoseng ka meso letsatsi le se le qhalile mahlaseli,tsotetsi
o kena motseng ha matete,a hatela holimo molamu a o jarile
molaleng,o fihla lapeng la monna moholo Mokebe

TSOTETSI
koko,
ka mora nakoana ho hlaha monna moholo mokebe,a beha letsoho
phatleng ho leka ho bona eona eo e leng moeti ha hae

MOKEBE
ka ho hata lebaleng fela o se o
amohelehile
TSOTETSI
kea o lumelisa ntate moholo
mokebe,ka lebitso ke tsotetsi ,mora
oa ntate kopano mane ha matete
MOKEBE
lumela monna,ntatao kea motseba
empa oena che o nosa fokola nakong
tseno,joale he tau ea khale,o behoa
keng koano hoseng hakale
TSOTETSI
mahala mora oa ntate khethang,o
nhlaloselitse hore ha nka beha ka
tsela ena o tla tseba na ke bua ka
mang

(CONTINUED)
CONTINUED: 15.

MOKEBE
khethang e bile motsoalle oaka ka
nako e telele ho pheleng hoa
hae,monna eo ke tla mohlompha le ha
ese e ntse ele mofu tjena.o hloka
eng mora oa khethang ha e bile a
hlotsoe ho iponahatsa ena ka sebele
TSOTETSI
o nromile ho o fa molaetsa ka
bokhutsoanyane bona,hore o oetsoe
ke tsietsi,ba ka mothusang baa
fokola,ka hona o kopa thuso ea hao
khethang o ingoaea hlooho,o oa inama mme o phahamisa hlooho
o sheba tsotetsi.

MOKEBE
mora,bophelong e teng nako eo e
leng hore mofuta o mong oa batho
kapa leloko,ha ba bea polelo e na
tsietsi,haho khathalletsehe ke ea
mofuta ofe,empa letsoe leno ka
bolona le lekane hore ka sohle seo
o ka khonang o tla kenya letsoho ho
ba thusa ho fenya tsietsi e ba
tobileng,mphe lintlha ka botlalo
mora

TSOTETSI
o nkopile fela ho o tsebisa ntate
hore o kopa o tlo palame ka
letsatsi le hlahlamang la
hosesane,o tlo o kopane le ena
lehaheng la tsoene , o tla o fa
lintlha tsohle.
MOKEBEBE
motsebise hore kopo ea hae ke
ananetse mora.

tsotetsi o oma ka hlooho ,a jara kobo ea hae lehetleng a


ntoo furalla.
ka mora matsatsi a mararo,meriti e se e theile ebile e se e
tsetse khohjloana tlasana mane,ho ntse ho hlaha banna ka
mekhahlelo ho fapana,banna baholo,le banna ba seng ba tiile
lilemong,lehlakoreng le letona ho lehaha ho eme mahala le
tsotetsi ba shebile tlaase moo banna hlahang hona teng,palo
ea banna e fihla e koala leshome le metso e mene

(CONTINUED)
CONTINUED: 16.

MAHALA
tau tona,ba lokisetse litutsoana ka
moo ba phomotse mangole etsoe bana
ke baholo ba rona,oa hlompha moriri
o moputsoa ,moetsi oa lintho tsohle
o tla o ekeletsa matsatsi a ho
phela
TSOTETSI
ke tlotla e kholo ho tlaba khotla
le baholo bana baka,bao eleng khale
ba le teng,e re ke ba amohele
tsotetsi o tloha joalo o qalella ho amohela banna,o ntsa ba
abela litutsoana tsa majoe hore bohle ba khone ho koba.banna
ba lutse fatse kaofela,mme MAHALA o hlaha joalo a tla a
tsamaha butle,banna kaofela ba motalimile ka mahlo e kang a
lebelets likarabo.
MAHALA
baholo baka,ke boka likhomo ho lona
ka hlompho eohle,ebile ke utloa
kele masoabi haholo ho le hloesa
thajana ena ka mangoele a lona a
sentse a ikhathalletse,empa baholo
baka ke ne ke sena
boikhethelo,baholo baka,mengoaha e
robong e fetileng,ntate o ne a
mpitse a lula le nna sakeng,eaba o
mpalla mabitso,mme mabitso a lona a
ile a hlaha mabitsong ao,a re ho
nna monna taba tsa bophelo ha li
tsejoe,ha tsietsi e ka o toba,eaba
ha o bone o phunya ntlo lesoba
joang,o tle o se ke oaba leqe ho
atamela banna bana,mme ho bona o
tle o ba joets polelo ena eaka,ebe
o kopa thuso ho bona ka tsietsi e o
tobileng,ba tla ema le oena.baholo
baka ke lona le baka leo ke ileng
ka kenya kopo ea ho tsoana le ena
ho lona,ke tobane le tsietsi e
kholo haholo,tsepo eaka boemong
bona e ho lona
banna ba mametse ka hloko,ebile ba ntse ba oma ka lihlooho
mane le mane,ha mahala a qeta ho beha litaba,bohle ba
bonahala ba inam ho khutsitse,mahala ena o ntsa ba ea ka
mahlo.ho phahama monna moholo lerotha
LEROTHA
mora,nna le bohle re mametse taba
tsohle tseo o ntso li beha mona,seo
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 17.

LEROTHA (cont’d)
ntatao a o joetsitseng sona ke
nnete,sehlopha sena ke monna a le
mong,empa ba sieo ba bane,ho
kenyeletsa le ntatao,se ne se etse
qeto,hobane ntja peli ha e hloloe
ke sebata,eaba sea ikana hore ka
hare ho sona hohle moo tsietsi e ka
kenang,moo sera se ka kenang,hlopha
sena setla loana molamu oa hlooho,
se loane ntoa se e hlole,ke lona
lebaka leo o bonang bohle ho utloa
hore mora khethang o re o
tsietsing,banna bana bohle ba
ntseng ba phela ba saba le
lesisitheo la ho fihla koano,joale
seo re se lebeletseng ho oena ke
hore o otle taba holima hlooho
mahala oa khothala ,le sefahleho sea ela,o beha litaba ho
tloha qalong,ho kenyeletsa lea toro,ho ea fihla hoea lentsoe
le ileng la molea khohlong,le litebello tsa ngaka eo.to be
shot as that conversation between mahala and tehe men.o
tsoelapele le ho ba hlalosetsa ka ketsahalo e iphetileng ea
banana ba hona motseng moo ba bararo ba nkiloeng hape
haufinyane,le hore ketsahalo e ileng ea etsahala ka
mohlankana mokoepa eo ho bonahalang taba ena ho ena ele
boiphetetso

MOKEBE
mora khethang,ena ke tsietsi,empa
seo re ka o eletsang ho se etsa ha
joale,o se o nkile methati e itseng
ka mora ho etelloa pele ke
ntatao,eo a seng a le sieo
lefatseng le ka koano,empa rona oa
bona re se re le baholo,koekoe li
tsoha melamu e se e felile,ha
rena thusa ha kalo moleng oa
ntoa,empa eea ho ngaka eo o
motsebise ka rona,mme o tla
khutlela ho rona ka mora moo hoba
ntoa ena e eteletsoe pele ke balimo
MAHALA
baholo baka ha kena mantsoe a
lekaneng a teboho ho lona,empa ke
le tsepisa ntho e le nggoe,ke tla e
loana ntoa ena ha kena le lona ka
boeletsi,ke tlaea mme ketla
khutlela ho lona ka mora matsatsi a
mabeli

(CONTINUED)
CONTINUED: 18.

CHELE
monna,ke ntoa e boima haholo,Molimo
le balimo ba o etelle pele
bohle ba ema,mahala le tsotetsi ba thusa basa khoneng ema
hoba emisa,bohle ba arohana
MAHALA
monna ha o tloha mona hang,o lebe
hae mane lapeng,o fane ka taelo ena
ho khaitseli eaka

TSOTETSI
ketla fihla le pele letsatsi le
likela abuti
mahala le tsotetsi le bona ba arohana ho phetha tse lokelang
ho etsuoa.

SCENE SEVEN

MERAKA
ke lihoreng tsa hoseng,ntsebo o tsoha ka matjeke,o nka
liphahlo sa mokana eka o ea nokeng ho lo hlatsoa,empa
sepheeo se seholo ele ho ea sheba na tsosi ha khutla le bao
batlang ho ba pholosa.ha a qeta ho potella o beha liphahlo
fatse,o matha ka lebelo ho ea hloella qhooeng a tsebe ho
lahlela mahlo a hae mose mane moo tsepo ea hae eleng hore ba
ka hlaha le hona teng,o tsoha haholo a utloa lentsoe la
motho e kang o pipitletsoe,o leka ho utloa na lentsoe le
hlaha kae ,oa qamaka,o leka ho mamelisa, o latela mohlala oa
lentsoe.

SERETHE
o kotsame o ntsa kokomosa,o mohlabaneng ebile o beile lejoe
hloohong e kare e hlile lethethe le hana ho tsoa o sibile.
hhmmmmm
aaaaa!aaaaaaaaa,hmmmmmmmm,banna ebe
ho etsahalang ha kana
kaa!hhhmmmmm,khilik
NTSEBO

o fihla a nyarela,o bona moeka a ntsa leka ho ithusa,oa ema


o monyaretse,ha ele serethe ena mane moo a teng ha phetse ho
kokomosa,ebile majoe o ntsa achencha hoea ka boholo ba ona,o
tsamaea a ntsa kotsama ha ntsa chencha majoe joalo,ha qeta
ho beha lena hloohong, o boetse oa kokomosa,ntsebo o
moshebile ebile o ntsa opa liatla
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 19.

NTSEBO (cont’d)
cheehe hona ke meleko,heg,oa loea
eo?
serethe mane moo a teng ha so hlokomele letho,empa o
ingoetsoe lethete le hana ho tsoa,o bua a le mong
SERETHE
kapa banna ke imetsoe ke liphahlo
tsee,pompo tsena tsaka nentse li
sebetsa hantle maobane ana a matso

o bua joalo a ema hape a lahla lejoen le a na le roetse


hloohong,o qalella ho hlobola ka tsepo ea hore mohlomong ha
hlobotse o tla thuseha,
NTSEBO
haebo,ke meleko ea eng na
o bua joalo a sa hlokomela o buile haholo,a bile a itsoara
molomong ha hlokomela hore o buile haholo,athe moeka o
moutloile,hang a raoha a talima moo lentsoe le hlahang
teng,ntsebo a ipata a ba matha a leka ho sheba empa ntsebo a
baleha,a fihla a nka liphahlo a khutlela meraka a ntsa ipata
hore ho sebe mang kapa mang a mohlokomelang,aba a re qii ka
tlung
serethe o tla a matha o ea moo baroetsana ba leng hona teng
o ntsa sheba na ba teng kaofela,ha antsa kena mona le mane
,ho hlaha ngaka chitja morao mane a se a khamelitsoe ke
mokoepa,ba atamela joalo,
MOKOEPA
serethe,monna atametsa bananyana
bano ba bacha ngaka o lakatsa ho
qoka le bona.
SERETHE
seipati,atametsa ngoetsi tseo tse
ncha,e ka nku ea bona e se ele teng
ngaka o batla ho bafa koae
ka nako eo seipati o mathela moo banana e saleng ba fihlela
teng,o fihla moo ba koalletsoeng teng oa bula oa kena,ba
batla ho etsa lerata ba mmotse ho etahalang,o kena ka
potlako pele a koala oa sheba ha hona motho a mosetseng
morao,ha qeta oa koala o sa ntsa beile letsoho molomong ho
leka ho ba tholisa
SEIPATI
shshshshshshshss.....ske la etsang
lerata,

(CONTINUED)
CONTINUED: 20.

LISEBO
ausi hantle re batlang moo ho
etsahalang

LERATO
nna mpulele kee lapeng heso
o bua joalo a sa bile a ema a khorohela monyako,seipati o
mothiba ka bohale a mokhutlisetsa morao

SEIPATI
oena,ha o ka tsoa ka monyako oo o
leka ho baleha ,o tlashoa,se tla o
bolaea ebile se sena mohau sekoeta
sena

seipati o sheba ka ho banana ,o leka hoba khoba matsoafo


banana, ke qetile selemo joale ke
le ka mona,ke bone ngoana e mong ha
ba moliela selomong a ntsa etsa
ketso tse kang tsona tsena,ha joale
bophelo ba lona bo matsohong a lona
ka sohle seo letla se etsa
ka nako eo ho utloahala lentsoe la mokoepa le kharuma kantle
ka mane ka bohale,seipati o hlaela lesobeng la monyako ho
bona ke mang a tlang

MOKOEPA
serethe,monna o na le bothata ba ho
lata bana bao ka male batle koano
SERETHE
ke romeletse khomo e kholo e tle le
bona
MOKOEPA
oena ntsebo,tsamaea o ee mono ba
joetse mokoepa e ntse ele nna,ha ba
sabatle ho nkhe hosa bola,ba tle
mona moo ke ba bitsetsang
ntsebo o tloha ka lebelo le tsabehang hoea moo banana ba
leng ka hona teng,o fihla a itsohlometsa fela,bao ba tsoha
letsoalo hoba bane ba sa lebella kapa ho bona motho a
atamelang,empa ho kena ntsebo
NTSEBO
oena seipati,o batla ho koatisa
sekoeta sela...

seipati o mokena hanong ka letsoalo a bile a ntse a foka


matsoho,a tjeka tjeka a itsoara hlooho

(CONTINUED)
CONTINUED: 21.

SEIPATI
ntsebo bana bana ba batla ho baleha
ha ba tsoa mona ,ba joetse ke mohla
ba shoeleng ha ba kaetsa joalo
NTSEBO
ha letlo etsa joalo nnakeng haeba
lea ithata,ke kopane le motho e
mong ha ntse ke hlatsoa ka mane ,ke
mokopile hore a lo bolela na re
hokae ho etsahalang re ho
hokae,mohlomong thuso e tlo
hlaha,empa hana joale tsoahang lee
moo a le bitsetsang teng,ha leka
baleha ke tabeng ea lona,letla shoa

ba tsoa joalo banana ka letsoalo le pelo tse bohloko


khohlong moo mahala a ileng a laeloa ho khutlela teng,o tla
e lebile ho tla tselela ka mose ho khohlo,khetlong lena ha a
lahlela mahlo holimo o bona bananyana ba babeli,mahlo a bona
a shebile tlaase mona ho ena ,pele a tsela o theoha pere ,o
e hula ka litomo,o oa tsela .o nyoloha ho leba moo banana ba
leng hona teng empa hang lentsoe lea hlaha,
LENTSOE LE HOOANG
ema hana moo,se hlole o hata maoto
leha ale makae hotla pele
mahala hang o oa ema o lahlela mahlo holimo moo ho emeng
bananyana,lentsoe le tsoelapele empa o makatsoa ke hore haa
bone le tsoa leha ele ho e mong oa bananyana,o leka ho
qamaka ho bona moo lentsoe le hlahang teng ha bone letho
banna bao o nang le bona hase banna
ba ho loana ntoa ka hoba base bale
baholo,ntoa ea bona ba e loanne
khaale o eso ho hlahe,ntoa eo o
tlang e o tobileng,ha hona mang
kapa mang ea ka u tsepisang hore o
tla e hlola,hobane eo o loanang le
ena matla a hae a maholo haholo,ho
ka etsahala hore o ka shoa o eso
qale le ntoa,rona re mpa retlo leka
ho o thusa fela joalo ka ha o
tataiselitsoe ke balimo ba hao mona
lentsoe leo ha ntse le bua,o bona ho hlaha ngaka eane eo a
kileng a kopana le eona naha thote,ntlong e emeng ele nngoe
fela,le hoja e hlaha joalo lentsoe lona ntse le
tsoelapele,empa ha le hlahe ho enoa a hlahang,ngaka ena e
theohela pela hae,mmoho le baroetsana bana,empa lentsoe lona
ntse le tsoelapele ho bua leo a sa boneng monga lona
bao o ba bonang ka pele ho oena e
tlaba batataise ba hao ho fihlela
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 22.

LENTSOE LE HOOANG (cont’d)


ho hlakile hore na sera seo o
loanang le sona se fokola kae,
NGAKA NEO
bobeli bona botla ea fihla hae
motseng moo o phelang,thomo ea bona
kea ho sireletsa khaitseli ea hao
Relebohile,hoba teng hoa bona
motseng moo e tlaba baikhakanyi,mme
haho mang kapa mang motseng eo o
tla mojoetsa ka se ntseng se
etsahala mona le sohle se buoang
mona,ke sephiri sa hao hobane ha re
tsebe na sera se fella kae
ngaka ena e nyane e phutholla ka matsoeleng e ntsa
tsubeloana,o fuparolla seatla,e mong oa banana o sheba
mahala
NTHATI(MOTHUSI OA NGAKA)
rola katiba ea hao,e be o otla ka
lengole le letona fatse,o shebe nqa
bochabela

mothusi enoa e mong oa bobeli o khoatha ka monoana ka


sephutheloaneng se ho ngaka neo,o thaleha mahala phatleng,le
hara hlooho,lentsoe lane le tsoelapele,
LENTSOE LE HOOANG
ha o phahama mona,o lebe hae lapeng
ho khaitseli ea hao,hobane ho
fihlela ntoa ena e fela ,ha o sana
tokelo ea ho hata lebaleng
moo,haeba ntoa ena e o hlola,setopo
sa hao ha sena fihla hae,ele hore
hoka etsahala khaitseli ea hao ebe
e o bona la ho qetela,ke kano eo o
inketseng eona hore o kampa oa shoa
o loanne.ka mora matsatsi bobeli
bona botla fihla ho khaitseli ea
hao,o morute ho amohela baeti
hobane ha na ho ho mohlalosetsa se
ba behang moo,ebe ha o tloha moo o
leba morung oa tsoene,hona le banna
moo ba ka loanang,ke oena a tla ba
etsa ba lumele le ho utloisisa hore
na hobaneng ba ka lumela hotla o
thusa,ke hona o lo bokeletsa banna
bs lebotho la ntoa,bao e tlare ha
ba feletse o tle le bona mona batlo
tiisoa,nako e ea fokola,fumana
banna ba mashome a mabeli ba tlaea
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 23.

LENTSOE LE HOOANG (cont’d)


ntoeng,empa o skaba oa bafa tsepo
ea hore baka khutlela malapeng a
bona,o ba joetse nnete hore ba tla
shoa ba bang ba bona,kapa kaofela
eo a neng a mothaleha,o mofa katiba ea hae o sheba ka ho ena
ka mahlo a tletseng qenehelo,o motsoara lehetleng
THATO(MOTHUSI 2)
le hosane o ka tsoha o
shoele,hobane batlo batla ka thata
eo a ba loantsang,bophelo baka
bohle,ke qala ho bona sebete se
tjena,e seka o ka tiea,oa loana ka
bohlale ba hoa,oa fumana tsohle
tseo o lihlokoang,ha o ka hlola,ha
hona motho a ka lebalang,empa ha o
ka shoa,le teng rona ha rena
lebala,balimo babe le oena
bobeli bananyana ba moshebile ka qenehelo,ha ele ngaka neo
ahla furalla ho khutlela moo ba tsoang.o oma ka hlooho
mahala ,bana ba furalla

SCENE EIGHT
motseng ha tebelo,ke motseare o moholo relebohile,khaitseli
ea mahala o eme moo a leng mong pela ntlo,mahlo a hae a
bonahala a shebile mose mane ,eka hona le hoo a lebeletseng
ho hlahe,o tsosoa ke lieta tsa tsotetsi ha li otla fatse
TSOTETSI
lumela khaitseli ea motho,o tla
ntsoarela e nese maikemisetso aka
ho o tsosa
RELEBOHILE
abuti lumela,ao hase le phoso ea
hao,re mpa re se re phela nakong
tse thata ,nakong tseo motho o
phelang ka letsoalo bosiu le
motseare,ana nka o thusa
TSOTETSI
ke tsotetsi ka lebitso,ke tseba
abuti oa hao ka lebaka la la thuso
e kholo eo a ileng a e etsetsa lapa
leso,mme ke mona ka thomo ea hae ho
oena

(CONTINUED)
CONTINUED: 24.

relebohile eka o batla a tsoa,e bile o tloha moo a neng a


eme teng,o lahla fatse lefielo leo ho bonahalang eka e sale
a letsoara ka sepheo sa ho fiela,o hata maoto a mararo ho
atamela ho tsotetsi

RELEBOHILE
o kopane le abuti mahala,o kae
joale ?ke ka lebaka la eng a satle
hae?
TSOTETSI
khoba matsoafo khaitseli
o beha taelo eo mahala a morommeng ho e fa eo khaitseli ea
hae(KA MANTSOE A TSOTETSI)Relebohile le ena o theola moea ha
utloa taelo tsa abuti,o oa itebehela,ba nto arohana

SCENE 9
meraka,bananyanya ba se ba fihlile ho tsoa latoa ho tla
pitsong ea ngaka chitja le mokoepa

MOKOEPA
a tseba ke o joetse ngaka,bana bana
boraro ba bona,bo mma bona e ne ele
bona ba ka pelepele ka lerata mohla
katana tsena li khakhathang
ntate,mantsoe a bona le hona joale
a ntse a luma joalokaha eka a macha
ka hloohong eaka ka mona ngaka
chitja, ba ntse ba re ha a bolaoe
ke lesholu,ba sa tsebe hore le pele
lina le baji,

o supa bananyana ba bararo ba fihlang,o ba supisa ka molamu


na ba fetele kae
pele o katla ba amohela ngaka,ebile
ha ke le motho a etsang ntho tsa
lefifi,ke batla lona bohle le tsebe
hobaneng lele koano le ja ha monate
ha kana,le fuoe matlo mahala,le
phela lefatseng la ntate
mokoepa,pooho ke nna mona lona,kea
busa kea laela,a hanang ho buseha
le botse ba babeli bano batla le
joetsa kahlolo,oena mmao ke mang?
o supa lisebo a tonne mahlo le hona
LISEBO
ke mme malisebo

(CONTINUED)
CONTINUED: 25.

MOKOEPA
fetela mona,oena mmao ke mang?
o supa lerato?
LERATO
ke mme malerato
MOKOEPA
sala mmateao morao,oena mmao ke
mang?

MPHO
ke mme mathabo
MOKOEPA
sala bo mmateao morao,e sale ke ema
likhoeli,ke le emetse letsoe
motse,ke tsebe ho ranthanya pelo
tseno tsabo mmalona,eo a
phonyohileng,ha phela o
chophotse,empa tsatsi la hae
leatla,joalokaha le bo mmalona ntse
ketlo ba lata,e tloba basali ba
motse ona oaka,ke motho a pelo e
ntle bo ka jooang,ketla ba abela
litsa tse kholo,empa qetellong
ngaka chitja,

o bua joalo a sheba ka ho ngaka,a e sheba ka hara thaka tsa


mahlo
ketlo ba bolaea,ke ba fepe ntja
tseno tsaka,kapa ke ba lihele
selomong mane,barali bana ba bona
ba bashebile,joalokaha le nna ba
khakhathile ntate mahlong aka aba
nehela moea,motse ono ke hona ke
satlo o sotla ngaka,ketla qetella
ka morenanyana eo oa bona oa li
polasetiki,ke emetse morali eno oa
hae eo ho thoeng o kena sekolo
mabalane koana,o santsa emetsoe ka
mona
seipati le ntsebo ba hoeshetsa hore na bona ba batlang ha
eka bane taba ea bona e ea hlakisoa,ntsebo o atamela ho
seipati ka bohlale
NTSEBO
joale rona ebile re tlisitsoe moo
pele re tsekisoang nna ntate oaka a
sa hlokahetse

(CONTINUED)
CONTINUED: 26.

SEIPATI
aa oena tlohan mona o tla re
bolaisa senokoane sena
hang mokoepa oa ba bona le hore ntse ba hoeshetsa,o sheba
ho bona ka bohale
MOKOEPA
ntse le hoeshetsa lereng moo
lona,le nahana le se le ntloaetse?

bobeli ba tsoile ebile ba tsoarane ka matsoho ke letsoalo


SEIPATIKE
ntsebo a ntsa mpotsa hore na ena o
batlang mona hoba ntate oa hae o
hlokahetse khale

MOKOEPA
ke itse ke hlaisa leseli,ngoanana
oaka,ke ile ka etsa qeto ea ho otla
nonyana tse peli...

o oa inama o shebana le lejoe,o oa le thonapa o le tsoarela


holimo a ntsa le bilikisa a le sheba ka nqena le ka nqena
ka..ka lejoe lena lele leng
ngoanaka,lemo tse hlano tse
fetileng,ausiao o naka nroaka ke
mojoetsa hore ke lakatsa ntate a lo
nkopela mohope oa metsi,a njoetsa
hore ke khopane kelo hlapa pele,ke
hlatsoe le litopo tsaka lia
nkha,hake motho a lebalang litsito
hohang,jole ke lebaka le o behang
mona
ntsebo o maketse ha utloa mokoepa a ntsa bua taba tsena,o
namisa hloho a e sekamisetsa sefubeng sa seipati,ka pelo e
bohloko le meokho

NTSEBO
aoo Molimo oaka
MOKOEPA
khomo e kholo mmalihlofa,oena ha o
na molato le oena,nkhonoao o nare o
nkotla ka letono,a re oa
mpolaea,empa a hloleha a bolaea
namane eo ntate a neng a qeta ho
ntsoaela eona,e nalana tjena
ngaka,banna namane eaka e ntle
joang fela,moloi eo,le ha ase a
shoele tjee nkhonoao,haho bolele
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 27.

MOKOEPA (cont’d)
hore molato oo ke o lebetse,mokho o
leng mona
seipati esale a beha hlooho ea ntsebo sefubeng sa hae,ha a
utloa tsa hae,a inama hanyane eaba hlooho ea hae e lula
holima ea ntsebo,meeokho ea tsubella fahlehong sa hae ha
bohloko le hona,bana ba fihlang ba maketse ,empa seipati le
ntsebo ba lumela le hona ho lla
MOKOEPA
khale koana kene kele motho,ke ne
ke sena eona pelo ea lejoe,empa
mohla ba khakhathang ntate ba
mobolaea,ka hara batho ba bangata
hakalo ba motse,ba baholo le ba
banyane,le morena oa teng,haho le a
mong a ileng a hlokomela hore ke le
ngoana ke teng mono,ke ile ka lla
joaloka lona tjenanhaho mang kapa
mang a ileng a ntselisa,ke ile ka
bona leha ntate a nehela moea,hona
e sale linyane,motse ono ketlo o
sotla,bohle ba ileng ba kenya
letsoho,ba ileng ba loea lapa
leso,bohle,nako ea ho patala e
fihlile,ka bobeli ka boraro ketla
ba lata,athe ntja tseo tsa banna
lebo ntata lona,batle ba leke hotla
mona,ketlo ba bolaea kaofela.
o buoa joalo e hlile o se a halefile haholo,o sheba ka ho
ngaka
ngaka nka batho bana o lo etsa
tsebetso ea hao ka bona
ngaka e ba qhoba joalo e ntse e foka ka lechoba e tsoela
koana le koana,o tla aba setse morao mokoepa le bohle banna
bao eleng basebetsi mmoho le mokoepa

Tsosi,mohlankana a lilemo li mahareng,o qhoba mohlape oa


linku,o leba motebong oa ntatae,ke lekhetlo la hae la pele
ho leba sebakeng seo,ka bomalimabe o se a ntse a
lahlehile.empa o ntse a tsoelapele ka leeto la hae,oa ema o
bua ale mong a ntsa qamaka.

TSOSI
banna,e le hore ketla fihla neng
moo,haeka ke bona lithota feela ho
nama,empa thaba putsoa le ho e
atamela fela hake atamele

(CONTINUED)
CONTINUED: 28.

o emisa ka mololi,esele e jareletseng malikotoana ,lijo,kobo


tsa hae le tsohle tsa thepa ea hae,o phutholla ka hare ho
mokotla o ntsa lipabi,o lahlela ka mpeng,o ntsa le
botloloana ea hae ea metsi,o phomola holima lefika nakoana a
ntsa e ja a e noa metsi.esele e jareletseng thepa,ke lenyora
ea hla ea potlakela nokeng hoba ka pele e ne ele eona noka.
nokeng moo,ke Ntsebo o ntse a hlatsoa liphahlo tsa banna ba
meraka,moroetsana a lilemo li mahareng,a bile a roetse
kupahete.likausi tse marantha le shobahali ea likobo e pela
hae,ha a re mahlo tloha o bona esele e jareletseng,oa ema ,o
sheba esele ka ho makala,o atamela ho eona ,ka letsoalo a
ntsa qamaka.ha morao ho hlaha tsosi,ba teanya mahlo le
Ntsebo,Tsosi ka ho makala,a bile a ipikitla mahlo eka haa
kholoe seo a se bonang,

TSOSI
aa oena ngoana tooe,ha ke eso ho
bone motse hohang mona ,empa oena o
mona,o mong,ebile oa hlatsoa?

NTSEBO
oena o mang o batlang mona?
TSOSI
Ke Tsosi,ke leba Thaba putsoa
merakeng ea ntate,empa ke bona eka
ke lahlehile hoba ke hlotse masiu a
supileng joale kele tseleng,empa ka
polelo ea ntate,ke lokela ho nka
matsatsi a mane fela kele tseleng

ka ho potlaka,Ntsebo a bile a ntsa qamaka,o thiba esele o e


khutlisetsa morao,ho bonahala tsabo e kholo ho ena,Tsosi o
mo makaletse.
NTSEBO
o lokela ho khutlela morao,mona moo
o teng lephakatlaling
Tsosi o sheba ka ho makala liphahlo tsena tseo Ntsebo a
ntseng a li hlatsoa,o ntse a li raha ka maoto a li qanolla a
li klhotla le ka molamu oo a o nkileng a li shebisisa ka ho
makala a bile a ntsa tsitsinya hlooho.Ntsebo oa hetla
ketsahalo e etsoang ke Tsosi,o atamela ho ena ka bohale a
tatile,o hula kobo hampe fela lehetleng ho ena a e lahlela
fatse,Tsosin o hetla a sa halefile a bile a lokisa molamu oa
hae a supa Ntsebo ka ona
TSOSI
hae oena,o holisitsoe hampe haka...
Ntsebo o mokena hanong,molamu o mosupileng o o hula
letsohong ho Tsosi hampe fela a o lahlela fatse
(CONTINUED)
CONTINUED: 29.

NTSEBO
Abuti oeee,haeba o batla ho phela
,o nno hlokomele mohlape oo oa
ntatao,o tla khutlela morao moo o
tsoang ka ho panya hoa ntsi,hobane
koeta tsena litlatla li hapa
kaofela mophlape ona oa ntatao,ba o
je,ba qetelle ka ho o bolaea,heno
koana,batla tseba fela hore e sale
mora oa bona a eea
motebong,likhoeli litla feta,lilemo
li fete,le masapo a hao,ha bana ho
a bona ba heno
o bua joalo Ntsebo a phutha molamu oa hae fatse a mofa ona
,le kobo a mo phusha a moshebisa morao,Tsosi o kholokhotheha
joalo a ntsaso utlwisise na ho etsahalang ka ngoananyana
enoa,Tsosi o retelehela ka ho NTsebo,
TSOSI
mamela mona oena ngoanana,li bitse
koeta tseno tsa hao,ke hore ha o
ncheba,o bona eka nkatla tsosoa ke
ngoana mokaa ka oena,empa ka holimo
ho tsohle,o nahana nka leeto laka
leka thisa ka baka la hao,ha eba o
moloi,oena lebo mphato oa hao ketla
le bontsa tosa le malinyane a eona

Tsosi o ntsa nkomana ea hae,o oa e koaholla,ka hare ho eona


o oa khoatha,o ithaleha phatleng habeli,joale o qalella ho
tsoela koana le koana,ka eona nako eo Ntsebo a tseba hore
nako ha eeo„o matha ka lebelo ho hlaella ka holima noka ho
ea sheba na ha ho ea ntsatla,holimo maane letsoapong,o bona
MOkoepa ka pere,mahlo a hae shebile mona moo an leng teng,a
sareloa,Tsosi ena ka nako eo o ntsa tsoela koana le koana
ntsebo o khutlela ka nokeng,o fihla a nka kobo tse peli a
hloella ka holima noka,a bontsa a aneha ,haa a qeta o khutla
ka lebelo o leba ho Tsosi a phathaneng ke ho omanya litlhare

TSOSI
ke bua le oena, oena moreba ,moreba
baloi(oa tsoela )ke hata litharisa
ke khaola litepo ke chesa mafielo
baloi ba soabe,(oa tsoela hape
koana lekoana)bo moretele mosali
mofubelu..
le pele a qeta Ntsebo o moshoba ka sekipa o mo
atametsa holimo hore ba hlahelle le mokoepa,ba siretse ka
sehlahla,oa mosupisa

(CONTINUED)
CONTINUED: 30.

NTSEBO
Ka nqeno o tla fumana bana ba
banana,ba siisitsoe malapa a bo
bona joalokaha o mpona kele mona,ba
bang hona ka moo ke bafu ba epetsoe
mabitla ke ena eo e o mmonang a
palame pere,o ntse a hlaha moo
hobane a katile nna ke qete ho
hlatsoa,joale kea o kopa,
a bua joalo khetlong lena ka meokho,

NTSEBO
ha o fihla hae o batle motse oa ha
Tebelo,barali ba motse oa bona ba
teng ka mona,o tle o re kopele
thuso,ke selemo sa bohlano nna kele
ka mona,abuti oaka ke mahala,o tle
o mmatle o motsebise o kopane le
nna,o mojoetse tsotleho eo o mponeg
kele eona...
TSOSI

o mokena hanong,khetlong lena o sa aparetsoe ke tsabo le ena


TSOSI
ona kemonyetla o motle hore o hlo
sie baka sena re tsamae le
oena,siea katana tsena mona re
tsamae
NTSEBO
ha ho khonehe hore nka tsamaea,ba
ka tseba hang hore ke baleile,hore
na joang le nna ha ke tsebe,ke lona
lebaka lena ba ntlohellang ho tla
fihla mona,ba tseba hore ha nka
baleha nkase fihle lekae,ene ba ka
mpolaea,ntle le moo bana bao ba
ntseng ba fihla ke boikarabello
baka hore re etse bonnete hore ha
leke ho baleha,oena ke kopa thuso
ea hao fela,ke beha tsepo eaka ho
eona hore ha u tloha mona o tla
leka ka hohle hore re pholoho,abuti
oaka ke mahala,ho sa tsotellehe o
kopane le bo mang,ke kopa o batle
abuti oaka,motsebise ntse ke
phela,empa ke tsoasehile,ese nna
fela,le bohle ba nyametseng,bo
ntate bane bona o hlo ba tsebise ke
bafu.joetsa abuti oaka tsohle tseo
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 31.

NTSEBO (cont’d)
o li boneng mona,tsohle tseo ke o
joetsitseng tsona,joetsa me
malisebo le me malerato hore bana
ba bona ba teng ka mona,ba joetsa
lebaka ke hore ba ile baba ka pele
ebile ba hooa hore ntate oa abuti
enoa a koeteloe,ba joetse le bona
ho itsoe letsatsi la bona leatla,e
seka baka itlokomela kapam ba hla
ba tloha moo motseng,kea leboha.

o buoa joalo ntsebo a furalla tsosi a leba liphahlong,a li


phuthaphutha,tsosi le ena ka potlako o bokeletsa liphoofolo
o khutlela morao

SCENE 10

HA TEBELO MOTSENG
mahala o kena motseng pere a e shapile e matha
lebelo,relebohile ka tlung o utloa ka litlhako fela a hla
tseba hore ke abuti oa hae,o tsoa ka tlung le ena,o hlaha
monyako mahala a se a theohile pere e l nako eo a e hakang
sefateng ka litomo,relebohile o thabile,o tla ho abutiae a
fihlang a moaka lehetleng metsotsoana,ha qeta a mophaphatha
lehetla eleng tloaele a e etsang ka mehla ho khaitseli tsena
tsa hae ho tloha ba sale ba babeli.
MAHALA
kea bona o ntso ea hantle

RELEBOHILE
ke ne ke khathatsehile ke ipotsa na
o tla khutla,ke lula ke tsohile
hore o kase khutle,ka sala ke sena
mang oee

MAHALA
o sheba koana ka pelo e bohloko,ha qeta o sheba ka ho ena ka
fahleho se patang bohloko,mahlo a tletseng likhalase tsa
likeleli.
ka le leng la matsatsi ke tla hlaha
mane le ngoana oabo rona,a
phela,mme lelapa lena letla
khutlela thabong ea pele,hoba ke
setse le lona ho le holisetsa
tsabong le leratong,ese karohanong
e tjena,

(CONTINUED)
CONTINUED: 32.

o bolela sena meokho e theoha marameng a hae,a motsoara


lehetleng a mophaphatha habeli joalo ka tloaelo,
kea tseba o na le tsepo,seka e
lahla,o tlo bone se tlang ho
etsahala

RELEBOHILE
o tsoere kobo ea tjale ka letsoho lehetleng moo e tlamehang
ho qhoaeloa,o shebile abuti oa hae ha tsena tsohle ntse,o
oma ka hlooho
ketla etsa joalo
MAHALA
ke satla ho ntate thabo mona.ha
ketlo robala hae,empa retlatla re
bua ha ke khutla,o nlukisetse
mokotla o oaka oa maeto
RELEBOHILE
o oa makala
mokotla oo o nka fela ha u tlo
khutlela lapeng mona ka mora
nako,oa tsamaea?
MAHALA
ha kena boikhethelo

mahala oa furalla,relebohile o sala a eme fela eka o tsoeroe


ke litharisa,mahala o fihla ha thabo lapeng,o oa kokota,athe
thabo o sakeng o ntsa beha majoe a neng a neng a se a oetse
holima lesaka,o utloa ho otlana hoa majoe holima lesaka ,ha
hetla o bona eo thabo,o sa atamela ho ena sakeng .

MAHALA
ntate thabo,
THABO
khethang e monyane,o ee o tsamaee
mora,o nke nako o le siko,empa ebe
thabo le monyaka ha ke o bona o
khutlile joaloka hona joale
MAHALA
ntate thabo nnete nkeke ka phomola
ha fela ke eso ho fumane eo
khaitseli eaka,a phela kapa a
shoele
THABO
monna ke utloa bohloko boo o leng
ho bona le boikarabello bo o
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 33.

THABO (cont’d)
tobileng empa monna,baka seo se
kotsi mora,li bo je li bo
tsoa,esere mohlaope ba li tsoarisa
srotsoana
MAHALA
ho joalo ntate thabo,empa ka hohle
ka moo nka khonang,ke tlameha ho
loana ntate,empa lebaka le mpehang
mona le leng fela ntate ,ketlo kopa
hore enoa khaitseli eaka relebohile
o nno mohloele ntate,ke tsamaea ka
letsoalo ka mehla eohle ka lebaka
la hae
THABO
monna ke bomalimabe ebe ha hona a
emang le oena,empa ke re o ba
tsoarele,batho baa tsaba,lenna kea
tsaba kele tjena,empa e seka o
katla le tlholo,le hona ho fumana
banna ba ka emang le oena ele
kannete,ketla lula ke mmeile leihlo
ngoananyana,se kaba khathatsea ka
ena,tsamaea o tle le tlholo
mora,empa pele o tsamaea nkemele
hanyane
thabo o kena ka tlung o tsoa a nkile hoo e kang ke sefaha,o
atamela mahala,o phutholla ka letsohong la hae
ha ke tsebe seo se ileng sa
mpholosa mora,empa eare ha re
palame le banna bao baheso,ka utloa
ha eka sebakeng seo re leng ho sona
ha sea nepanahala,mme ka latela
taelo tsa ntate,sefaha sena se lule
ka letsohong le letona ho oena,ha o
sa utloe hantle,o nno se biklikise
ka letsohong,ha o ka utloa se
futhumala o tlohe hang sebakeng seo
o leng ho sona,ke ne ke ba joetse
banna bano baeso,empa ba seke ba
mmamela,ba nahana ke ka hoba le nna
ke boi,joalokaha ele mpho ho nna ho
tsoa ho ntate,le ho nna ke mpho ho
tlo ho oena mora,tsela tsoeu

mahala o se amohela joalo ka hlompho e kholo,osheba monna


moholo mahlong ha qeta o oma ka hlooho habeli oa
furalla,monna moholo o sala a moshebile ka mahlo a tletseng
qenehelo o ba a ilo likela mane

(CONTINUED)
CONTINUED: 34.

mahala o fihla lapeng o fihla relebohile a se pakile mokotla


le lipabi,a bile a lutse pela tsona

MAHALA
nkhono,o se o qetile kea bona,taba
e bohlokoa eo ke batlang o e tsebe
he nkhono,baeti ba ka fihlang
lapeng mona o tle o ba amohele,ke
bao ba tlang ho sireletsa,empa le
ntate thabo ke buile le ena
o bua joalo, ha qeta o nka mokotla ho ena a moshebile ka
mahlo a tletseng mesarelo,le relebohile o moshebile ka pelo
e bohloko ,ha qeta mahala oa furalla,o ea moo pere e leng
hona teng oa e hula,ha le pejana o emisoa ke lentsoe la
relebohile,aba a tsoha a utloa khetlong lena a li ntheoha
fela,a nka nakoana a ntsa furaletse pele a hetla,oa hetla a
khutsitse,eo khaitseli ea hae o tla ho ena o fihla a ema ka
pela hae,
RELEBOHILE
mahala.
MAHALA
eea nkhono
RELEBOHILE

molaleng o fasolla khoele e fasitseng lesapo,o e fasa ho eo


abuti oa hae,
o khutle le ntsebo,a phela

MAHALA
eea nkhono
o buoa joalo a furalla a ikela,relebohile o eme moo o
moshebile ho fihlela a potela koana.

SCENE 11

LEKHULONG HA TEBELO

tsosi o bona a monna a alositseng likhomo pele mane ho ena,o


atamela a hatela holimo,o fihla ho ena
TSOSI
likhomo tseo e moholo

CHELE
hela tau ea khale,e lebisitse kae
tsela,ka hoba ke o bona o hlaha
mane o hatela holimo
(CONTINUED)
CONTINUED: 35.

TSOSI
ntate ke batla ke bone le ho utloa
ketsahalo e sa tloaelehang,mme ho
bua nnete seo ke se utloileng se
sisimolosa mmele,mme eo ke kopaneng
le ena o bontsitse ha ele morali oa
eo e seng ele mofu ntate
khethang,khaitseli ea mahala,o
bontsitse ha motseng oa habo ele ha
tebelo,mme ha ebe ntate o hlaha
hona motseng oo,ke kopa thuso ea
hao hoba ,molaetsa o teng oo a
nkopileng ho o fetisa ka potlako e
kholo
CHELE
butle pele,o re o kopane le morali
oa ntate khethang?monna o na le
bonnete ba taba tseo o ntseng o li
bua?
TSOSI
ntate nkabe ke fihlile merakeng ea
ntate ha re bua tjena,
ka mantsoe a tsosi,puisanong ea hae le ntsebo,u hlalosetsa
chele tsohle,chele hang o laela tsosi hore ba hle ba lebe
hae tsosi a lo beha taba tsa hae ho morena le
sechaba,likhomo chele o li siea hona moo ,ka ho potlaka ba
hata ba kena motseng ha tebelo,ba ea moreneng hantle chele o
hlaisa tsosi ka pela morena,morena o utloa litaba le ena
hang o bitsa tsoeu lehlana la hae,o le laela hang hore a
hloelle holima letsatsa la motse a bitse pitso ea hang,

TSOEU
le oena phuleng moo,oa ntaela
morena hana joale,tlohela ntho eo o
ntso e etsa,tlooho mona morena oa o
hloka,le oena matlapaneng
moo,tlooho hana joale,oa ntaela
morena,o re o hloka e mong le e
mong mona,hona joale,phallang hana
joele letlo ikutloela,
a ntsa buoa joalo sa nyoloha sechaba ,ka makhalo ho
fapana,ka matsoalo a holimo,bohle ba ipotsa na ebe hoso
etsahetseng,ba fihla joalo ba khobokana,ka hare ho bona,ho
tloha lapeng labo mahala,ho nyolohile nthati le thato,eleng
ba sebetsang le ngaka neo,ba tlile joalo ntse ba
ikhakantse,ba fihla ba emella thokoana ka morao rao,ka tlung
ho tsoa morena a potlakile a ena le tsoeu le tsosi

(CONTINUED)
CONTINUED: 36.

TSOEU
chaba saeso,lekhotla le molumo
bohle re tsebe ho utloa seo morena
a le bilelitseng sona mona

MORENA
chaba sa ntate,ke ka ho hlomoha
pelo,ke le bitsang hang hang
tjena,ke bile le moeti enoa eo le
mmonang,ebile lesa motsebe,mme lea
tseba ha e anyese ka mokukutoane
mmaeona e ntsele teng
o bua joalo morena a sheba ka ho tsosi,a oma ka hlooho ho
mmontsa hore o molumella ho buao
TSOSI
ke leboha morena,ho nkamohela
motseng oa hae,ke lebohe le lona
sechaba,mona ke fetisa molaetsa
fela,ngoananyana eo ka lebitso a
itseng ke ntsebo,a re ke morali oa
ntate khethang,o re ke tsebise lona
le morena hore....
relebohile o mokena hanong
RELEBOHILE
ntsoarele ntate,o bolela hore o
kopane le ntsebo ngoana oeso?
TSOEU
butle pele relebohile
ngoanaka,lumella mohlankana a qete
,eba le hlompho ngoanaka
TSOSI
kea leboha ntate,o re ke le joetse
morena hore ketso eo le ileng la e
etsa e khutlile ka sebopeho sa
boiphetetso,eo le ileng la
mmolaea,mora oa hae o fetohile
bothong ke phoofolo ha joale,o re
ke le tsebise morena hore ke ntoa e
sa tobang malapa a bao ba seng
amohiloe bana,empa e ntse etla ho e
mong le emon,ho kenyeletsa le oena
morena ,o re ba kopa thuso,hore le
ba tsoasolle,empa le tsebe le
shebane le satane ka sebele,o re
bohle ba ileng ba kenya lesoho,ho
tloha ka puo,letsatsi la bona ntse
letla,o tla le utlisa bohloko bo
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 37.

TSOSI (cont’d)
fetang boo le mo utloisang
bona,bananyana ba bararo o re ke
letsibise ba fihlile hape,ho ntso
lebeletsoe ba bang,le bo mme,ke
eona thomo eo ke leng koano
morena,kea leboha morena
PULENG
ngoananyana ea sa ntseng a le mocha haholo,ebile e ne ele
bakhotsi le lisebo,khetlong lena a lahla hlompho eohle,a
itebala moo a teng ha bohle khotla ele hona ba ntseng ba
otloa ke letsoalo le ho thuisa sohle seo qetang ho se utloa
o tla ntsoarela morena le lona
batsoali baka,empa ena eona le
hloka ho e joetsoa tsatsing
lena,ana lea bona bomalimabe boo le
re baketseng bona?ke utloa ele ntho
e bohloko ka tsela e khethehileng
haeba bana bang ba mane,moo hosa
tsebeng le motho na ba betoa ha kae
ka letsatsi,na ba robala ba jele
na,ka lebaka fela la ketso tsa lona
tse soto,joale ho phethahala polelo
ea sesotho hore bana batla otloa ka
lebaka la batsoali ba bona,cheehe
le malimabe batsoali ba...

CHELE
o bile o ema moo a neng ale hona teng a tlokoma ke khalefo,o
mokena hanong joalo a bile a mosupa ka monoana,o buoa joalo
a tloha moo a lutseng,a ntsa atamela ho puleng,ke ho koata a
bile a sekamisitse hlooho
haee oena,lesea le le kaa ka oena
le se le ikutloa sebete sa ho ema
ka pela morena le sechaba le buoa
litsiabalimo tse tjee,

o bua a sheba ka ho batsoali ba puleng


ha le sa khalemele lesea lena hana
joale,ketla mmontsa...
PULENG
khalemelo eo o buoang ka eona,hoja
o ne o e sebelise mohlang le etsang
ketso ea ho bolaea ntate ngoana oa
hae a shebile,re kabe rese
tsietsing ekana hona joale,

(CONTINUED)
CONTINUED: 38.

chele o re potlololo,ha a bona sebete le ho itjoetsa hoa


ngoananyana,o sheba ka ho sechaba,o bona ba bang ba
inamisitse lihlooho,ka ho morena o bona a tsitsinya hlooho,o
ema moo ma aleng hona teng ka ho makala,o tsoelapele
ngoanana a eea koana le koana
ke rata ho tseba mona batho ba
baholo,ha e ne ele oena,ntatao a
bolailoe pontseng ea hao,leqeba leo
ho oena le ne letla fola?hosa
tsotellehe seo motho a se
entseng,ngoana a monyane joalo
mahlo a hae a ne a sa tlamea ebe a
bone ketsahalo e sehlooho joalo,ke
lona le mofetotseng sekoeta se
joalo,le ne lee bue le bolele ha
melao ele teng,le likotlo,tseo le
likenyang tsebetsong ho mang kapa
mang ea entseng liphoso motseng
mona,empa ena ke qala ho e bona
kotlo,ke kopa le tsebe ntho ele
nngoe morena oaka,ha lea bolaea
monna eo oa lesholu ka moo le
bolelang ale mong,le bolaile le
ngoana eo oa hae,le bolaile le
bohle ba neng ba bohile ketsahalo
eo ka matsoalo a manyane,le bolaile
bokamoso ba bana ba banana,mme ke
bomalimabe hoba koltulo ea ketso
ena ha etle ho lona ka kotloloho
mosalimoholo e mong o ema moo a lutseng teng, o tla a
ikokotlela butle ka lere la hae,o fihla a tsoara ngoananyana
ka letsoho a motlosa ka pele ho morena le sechaba,morena le
sechaba ba ferekane lihloho,ka eona nako eo,hoa bonahala ho
khutsa hoa mesarelo hare ho sechaba sa morena matete,tsiamo
e kholo ea aparela bohle ba moo,banna baholo bo telu
putsoa,eaba ba ntse ba tsitsinya lihlooho,ruri eaba khoeli e
apohetsoe ke maru.joale bohle ba ikhopola na hana bane ba
etseng mohla tsatsi leo,nthati o emella thokoana,o bitsa
relebohile,thato le ena o atamela ho bona.
NTHATI
ngoana a ileng a phonyoha moo o
kae,na o teng moo

RELEBOHILE
ke ena eane a emeng a le mong mane
a ikhurumelitse ka kobo
THATO
mo atamele,o tle le ena,re tla le
emela ka thokoana ho motse,haho
qetoa mona

(CONTINUED)
CONTINUED: 39.

MORENA
sechaba sa eso,ho ea ka molaetsa oo
re o fumanang mona,ho hlakile hore
tse tlang li lerotho,e ka re tla
lokela ho itukisetsa e mahlo a
mafubelu ntoa,litaba tsa hosane ha
li tsejoe,mme ketsahalo eo e ileng
ea etsahala,haho ea neng a tseba
hore ka la hosane e tla re tlela ka
tse tjena,ruri joaloka morena oa
lona,le nna ke utloa ke feeloa,hake
tsebe ketla etsa joang na
relebohile moo a teng a ne a ilo lata lirontso,hang ha a
utloa morena a sa tsebe seo a ka se etsang,a ema moo a
teng,a reteleha a sheba ka ho morena

RELEBOHILE
ntsa taelo morena,o romele lebotho
la hao la banna morena,hoseng joalo
motse ona o tla fela o ntse o
shebile

bohle ba neng ba neng base ba eme,ba emetse fela hore morena


a qete ka puo ea hae,ka bo nngoe ka bobeli ba nna ba lula
fatse,le ba neng ba ntse ba bua,ba qalella ho khutsa ba
mamela
ha u sa tsebe o ka etsang morena,ke
hlaha ka pele ho oena,le tumello o
sa mpha ea ho buoa,ke hlaha ka pele
ho oena kele ngoana oa ngoanana a
phelang ka letsoalo bosiu le
motseare motseng ona oa hao,ke ema
mona ka ho buella malapa ao a
lahlehetsoeng ke bana ba banana,ke
ema mona ke o kopa morena hore
na,ha re sa loaneloe ke lona,tsepo
ea rona re e behe ho bo mang?ha eba
ho tsoile lona,rona re tlaba ba
mang,abuti mahala o tlohile mona ka
ntle ho thuso ea letho,empa o entse
qeto a le mong,le oena morena oa
moqhalla matsoho.ntoa ena morena,o
ikutloetse le chaba sa hao,ha e ea
lala e bothile fela,tse tlang li
lerotho,joale o ka khetha morena,o
lula moo o emela sera se nyolose se
theose ka hara motse oa hao,kapa o
oa lumela hore ntoa e o tobile,o
loana ka sohle seo o nang le
sona,kea leboha morena.

(CONTINUED)
CONTINUED: 40.

ka nako eo,banna ba bang baa tsaba ho ea bathong,ba bang ba


utloa taba tseo ngoanana a li buoang.e batla ele pherekano
khotla batho ba aparetsoe ke tsabo,relebohile o khutlela ho
lirontso,malisebo ka nako eo o ntsa batla le ho qamaka
malerato le mathabo bao ho itsoeng mokoepa o bontsitse ha
atlo ba lata le bona,morena ena o bua le tsoeu eka ba seba
ha qeta oa furalla
MALISEBO
mathabo!mathabo

o ea ho ena a matha a ntsa lokisa tjale eo a itlammeng ka


eona,eo oa hetla ha utloa lentsoe.
MATHABO
mosali,le nna ntse ke o
sheba,malerato ena o kae

MALISEBO
malerato haa tla o itse o na beile
pitsa a kekeng a khona ho e siea
MATHABO
o nahana ngoana eo o buoa
nnete,holima bana ba sentse ba
nyametse joale re tlamea ho tla
phela ka letsoalo le fetang hape
hore neng kapa neng e kaba rona

MALISEBO
ha ree ho lo kopana le malerato,le
ena a tsebe hore khetlong lena re
lutse lephakatlaling

MATHABO
che ke holile motho o mokana empa
ena e etsahalang motho ke qala ho e
bona,haeba ha hoa lekana ho robala
ka bohloko ba ho lahleheloa ke
ngoana,motho o tlamea ho boela o
robala ka leihlo lele leng,
o bua joalo a opa liatla,bobeli ba leba ha mmalerato

SCENE 12

morung naheng ea ha tsupane,sebakeng sena ho bonahalala ho


phela banna ba robeli kaofela,ke banna ba liteluhali
kaofela,banna bana ba bang ntse ba ratha patsi,pela bona ho
lutse sekotlolo sa nama,thokoana mane ho ntso tuka mollo,ho
beuoe pitsa e tseng e tjoatla ho bonahala e pheile
nama,banna ba bararo bona ba lutse farse ba ja nama,monna e
(CONTINUED)
CONTINUED: 41.

mong ena o emeletse thokoana o ntsa pikitla matsoho,ha qeta


o ntsa tlotsa litelu ka mafura,le ba bang ho ba ntseng ba
ratha patsi ha ba qeta ho ja,ho bonahala ba tlotsa litelung
ka mafura,batho bana kaofela ho bonahala ba etsa joalo e ka
ke leseko la bona,banna bana ba bang ba likhopo,ba bang ba
tenne maqapha,ba bang ba apere likobo,ka mora metsotso e se
mekae ho hlaaha mohlankana a lemo li mahareng,ena ha ana
litelu hohang,e mong oa banna bana o mobetsa ka leqa la
nama,o leka ho le kapa empa le oela fatse,mohlanka o le
thonapa fatse moo o le phumula kobong a e apereng o lahlela
ka hanong,

MOTSOAFI
monna o thotse life ka taba tseo
tsa banna ba selehe mmoho le morena
oa bona

KHUTSO
hei,taba tsa moo li thata,banna ba
mono ntse ba rotela lieta fela,empa
ke utloile hore hona le eo a
batlang ho shoa a loanne,o tsoile
motse mono ba mo qhalletse matsoho

MANCHABORA
ba moqhalletse matsoho joang monna
ako hlake,ke o khalemella bolehe
bona ka nako tsohle,tlohela ho buoa
joaloka ka basali tjena

KHUTSO
o bua joalo a ea sekotlong sa nama a nka leqa
bo ntate tsoarang makhala le kobe
ke le fe litaba,
banna kaofela mahlo a ba ho ena ,ba bang ba lula fatse empa
ba bang ba emeng,ba mametse seo mohlanhkana a seng a tla se
bua
monga lebitso ho thoe ke mahala,mme
ke utloile hore maoto a hae a se
atla lebisa koano ho lona,ho thoe
ntatae ke khethang le hoja ntatae a
se a sa phele,ho utloahala ha
khaitseli ea hae e nyametse le
eona.taba eo ke e utloileng eona ke
ea hore mona teng o tla fihla,hore
na ka lifeng,ha kena leseli le
joalo.
MOTSOAFI
ache re tla moleta,etsoe lijo li
jooa ka baeti,ka mohlomong ketelo
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 42.

MOTSOAFI (cont’d)
ea hae e ka re tsoalla khomo.banna
latang patsi eane ka mane e se e
omme

banna ba khutlela mesebetsing ea bona ka ho fapanana

SCENE 13
meraka,mokoepa le ngaka chitja ba mosebetsing oa ho phatsa
banana,bohle kaofela banna le banana ba bokelelitsoe nqa ele
nngoe,ha hona ea siko,ngaka chitja o tsoere lechoba la hae,o
qalile ho banana,o ba laetse ho etsa sakana la nkope basa
apara holimo,o ntsa ba potapota a foka ka lechoba ho bona ,a
tsoere ka letsohong le letsehali ho ena ho ekang lefisoana
le lenyenyane a ntsa inela lechoba ka moo ebe o ntsa foka ho
banana,o boetse hape ha ntsa etsa joalo o ntsa tsoela koana
le koana a ba potapota,ha a qeta moo o ba laela ho sheba
bophirima,ke nako eo letsatsi le seng lea ho likela,ba
khumame ka mangole ho tloha qalong tsena tsohle ha ntse li
etsoa,le ha ba sheba bophirima,ba khumame ba bapile,ba
tsohile baroetsana ke ketsahalo ena empa haho seo baka se
etsang,
NGAKA CHITJA
nkatamele koano he morena e moholo
mokoepa o atamela ho ngaka a akhela molamu oa hae ho serethe
ka mora sena seo ketla se etsa haho
ngoana atla furalla sebaka
sena,leha oena o kaba oa rata ka le
leng la matsatsi,ketlo ho ba fasa
maoto,batla fella ka mona fela,le
mahlo a bona,ha a ka tsoela ka
theko ho sebaka sane seo ke se
thakhisitseng,pono ea bona e tla
nyamela.ho tloha ha joale,ke ba
lekanyetsa pono ka hare ho sebaka
sena fela,joale he oa morena e
moholo,lekhetlo la ho qetela,mphe
tumello ea hao
MOKOEPA
ngaka matsetsela,fasa bana ba batho
bana,mabitla a bona a teng ka
mona,ha ho sana lehae la bona le
leng ntle le lena,ke sa pheta hape
hore bo mma bona ke hona batlo ba
latela,le bona ka ho tsoana o ntse
o tlo ba fasa ka eona tsela ena

(CONTINUED)
CONTINUED: 43.

NGAKA CHITJA
tlisa katse eane eo ke itseng e tle
ebe teng,ke fase ka ropiane
MOKOEPA
serethe tloho le katse eane ka mane
serethe oa matha ka lebelo o tla sefubeng sa hae a tsoere
katse,ha atamela ho nelehetsa ngaka,lisebo a raoha moo a
teng a kena tseleleng,ha bare ba ba molelekisa ngaka a ema
.a laela hore ba motlohele,joale le hona a matha ngoanana,ba
setseng mona ntse ba khumame,lerato le ena a leka ho ema
empa seipati a motsoara lehetla a mokhutlisetsa fatse ka
khalefo a hoeshetsa
SEIPATI
o batla ho shoa oena,ska re leka,ha
oa utloa ke itseng ho oena ka
nokoane tsee
NGAKA CHITJA
mphe eona katse eno,o mphe le choba
leno le khetsi eno eaka
ba monelehetsa tseo a li batlang,o nka ka khetsing,o tlotsa
lechoba la hae,ka nako eo lisebo ba se ba moshebela hojana
mane,o ntsa matha lebelo la ntsoekhe,ngaka o laela mokoepa
ho tsoara katse a e shebise ka letsatsing eleng bophirima,o
khoatha ho hotso ho tsoa ka tsubeloaneng o isa lelemeng ha
qeta o tsoela mahlong a katse,e shebile bophirima ena a
furaletse letsatsi,ha qeta ho tsoela mahlong a katse o sheba
bophirima o tsoela habeli,ha qeta o sheba moo lisebo a
lebileng teng o tsoela hararo mme hang mahlo kaofela,ho
tloha ho mokoepa,serethe,bohle banana kaofela eaba mahlo a
bona a shebile ho lisebo ,haele bana bona seipati le ntsebo
bona baba ba ema ke ho sareloa,seipati meokho ea tsubella
,lerato ena eaba o ntsa khumame empa a itsoere
hloohong.mokoepa ena moo a teng,a inama hanyane a
bososela,eaba o atamela ngaka chitja o fihla a mophaphatha
lehetleng a bile a ntsa oma ka hlooho,mahlo a hae a ntsa
shebile mane ho lisebo

MOTSENG HAE HA MORENA TEBELO

batho ka mora tsohle tse etsahetseng pitsong,ba furalletse


ka matsoalo,ka pherekano leka tsabo,ba tsamaea ka
maquloana,relebohile o se a bitsitse lirontso,ba se ba le
thokoana moo ba leng bang,relebohile,lirontso,thato le ntati
THATO
ke oena a ileng a phonyoha ha ba
bararo ba saka baba lehlohonolo leo

(CONTINUED)
CONTINUED: 44.

LIRONTSO
o oma ka hlooho fela ka ntle le puo ea letho empa a bontsa
ho tsoha
NTHATI
o seke oa tsooa,re mpa re le mona
hotla leka ho thusa,mme re lokela
ho tseba hantle se ileng sa
etsahala moo

RELEBOHILE
ba joetse sohle se etsahetseng mono
ka tsatsi leno,ho kaba le seo se ka
thusanang
LIRONTSO

o bontsa ho phutholoha,o hemela holimo,mme o qala ho ba


joetsa sohle sa ketsahalo ea letsatsi leo,le eo a ileng a
kopana le ena,le mantsoe ao eo a ileng a abuoa
THATO
o lokela ho re isa sebakeng seno,eo
a neng a o thiba,ke motho a mokae?
LIRONTSO
ke moshanyana a ntsale monyane
haholo,ha ke tsebe na o lula a le
mono hobane ke ile ka bona a se ale
ka pele ho nna,eka ke motho eo e
saleng a nchebile
NTHATI
re lokela ho ba chehela leraba,empa
le kotsi hoba ha le kekeng la pitla
ka ho bona,letla ka ho rona
LIRONTSO
nna nkleke ka ea mono leka mohla,le
hle le lebale
RELEBOHILE
u bolelang ha o re letlatla ka ho
rona,hona ke leraba le joang

THATO
re tlamea ho tsoara moshanyana a
monyane eno,ke ka ena fela re ka
tsebang matla a sera sena,le hore
haeba o ntsale monyane,o tla utolla
sephiri sa bona

(CONTINUED)
CONTINUED: 45.

RELEBOHILE
ke tlaea,le njoetse fela ke etseng
relebohile o sa fetile sebakeng seo banana ba neng ba nkoa
ho sona,o tsohile e mpa o ntsa iteta sebete,o ntsa lahlela
mahlo holimo mane moo lirontso a itseng o mohlankana o na
hlaha teng,empa o ntse a eea pele.o tsoha hoo a bileng a
batla a oela ha sa utloa lentsoe
MOHAPI
hela!heeela!heeeeeela ee?bo qalile
neng bohlanya
RELEBOHILE
ka baka la letsoalo,ebile o beile letsoho sefubeng,o ntsa
leka ho hema,mahlo a shebile ka ho ea ntseng a buoa,o bile o
itsoara mangoele ke letsoalo le ileng la mootla.
MOHAPI
o tsoeroe ke lithakhisa ,athe oena
o moloi a joang a loeang motseare o
tjee,hape o batlang boloing o le
mokalenyana
RELEBOHILE
ha ke loee,ke tsietsing ke ntse ke
batla thuso,ngoana oeso.o oele ka
nqa eane re etsoa morohong,haa
khone ho ema hohang leoto la hae le
utoile bohloko,ke kopa thuso ea hao
MOHAPI
o tlile hantle ke o shebile ho
tloha mane,oatla oatla ebe ke
thotse,atseba ntho e mmakatsang ke
hore ha u fihla mona oa
tsolla,lepshea le hona o...
o mokena hanong

RELEBOHILE
ke kopa o lo nthusa ha ke
tsolle,hona le koae eo e neng eea
ho ntate oaka,e ngata nka o fa eona
ha u ka nthusa

MOHAPI
joale oa bua o tlohella ho kaka,o
re ke kae moo

(CONTINUED)
CONTINUED: 46.

RELEBOHILE
ka nqeno ho lifate tsane
MOHAPI
ache,o tla hloloa hobane ke morena
mona,ke morena a sa eteng,ho qala
ke feta baka tse itseng mono pejana
hoso bontsa hore ke etile,ka hona e
kaba phoso e kholo,khutlela morao
he o lo batla thuso nqa e nngoe

RELEBOHILE
ka mantsoe a hae,o ea mohapi ka liboko ho fihlela eo a oela
lerabeng a ba a tlola molao oa mokoepa,a ea ho tsela moo asa
tlamehang ho tsela,ha ba qeta ho tlola moo,thato a
rapaletseng eka ke ena a lemetseng,o ntsa lumaela ele ho
netefatsa taba tsa relebohile,mohapi ha a mmona a utloa le
ho tsetsela ha hae,a be a se a tlola a matha,a kholiseile
hore eo o lemetse,a leka holo mothusa,hang ebe ho hlaha
tsotetsi moo a neng a laretse teng le nthati,ba fihla ba
qhautsa mohapi.ke hona a bonang hoo e ne ele seropo fela.ka
nako eo thato le ena oa ema moo a neng a rapaletse fela.

MOHAPI
he banna,seropo ke nnete se etsoa
ka mosali kea bona e itse bacho,le
nahana le etsang?

TSOTETSI
monna re mpa re batlan ho nka leeto
le lenyane fela le oena,o tla hose
ho kae,

MOHAPI
le tla shoa kaofela ha lona le
senne meno,bo mmalona le bo ntata
lona,bana babo lona,bohle ba
ipitsang ka maloko a bo lona..

THATO
mokoale molomo ono a tlohele ho
buoa haholo re be re suthe sebakeng
sena
tsotetsi o atamela mohapi a ntseng a tsitsinya hlooho
hanyane a bososela,o motlama matsoho o oa moqhoba
47.

HAE HONA MOTSENG HA TEBELO


lirontso o kopana le chele,o mojoetsa morero ohle oa nthati
le thato ha mmoho le tsotetsi,ka mantsoe a lirontso
CHELE
joale o re ha ba ka motsoara ba
itse ha ba motlise hae moo,o
utloile hantle
LIRONTSO
eea ntate kena le bonnete ba taba
eno,ba itse ba moisa kae kae o lo
kopana le batho bao ho utloahalang
ba tsebana le bananyana bano ba
fihletseng habo relebohile

CHELE
hase ntho eo morena a kaba
lumellana le eona eno,o tlamea a
tle mona moshanyana eno,relo
morobatsa bosiu kaofela re
mofasitse sefateng mane ho fihlela
a bua nnete,ere kehle ke potlakele
ho morena,
chele o matha ka lebelo hoea moreneng a santsa a bitse banna
ba bang le bahlankana ba motse,ba fihla ho morena chele o
mofa tseo a li utloileng,morena o ba lokolla ho ea ba latele
bao,mme ba ba tsekise mohlankana eno a isoe khotla alo bua
nnete,relebohile ha ahetla,o bona khintla ea banna etla e ba
setse morao,ha bare mahlo tloa kapele ho bona ba bona e
nngwe khintla,joale ba teetsoe hare,

CHELE
bana baka,mohlankana enoa o hlokoa
ke morena mane alo araba potso tse
mmaloa
TSOTETSI
empa morena haa ane a na le tlhoko
ea moshanyana enoa ntate akabe ba
ntsitse moifo oa hae hoea molata
CHELE
hake batle ho pheha khang le
oena,ntle leha eba o batla le oena
ke o fase o ee ho morena mane ka
kahlolo e tsoanang
NTHATI
bo ntate,ka hlompho e kholo,sohle
seo le nahanang letlo se etsa,setlo
(MORE) (CONTINUED)
CONTINUED: 48.

NTHATI (cont’d)
baka mathata fela hona le ho fana
ka tharollo,moshanyana enoa o
sebelitsoe,ha hloke katamelo ea l..

CHELE
ha keatla ho tla etsa khang le
lona,banna ee,nkang moshanyana eno
THATO
ke kopa fela le tsebe hore le fehla
ntoa e nngoe hape,eo le kekeng la e
hlola ho latela manganga a lona
ha basa mametse letho la bona,ba nka mohapi ba letsa
lirobele ba moqhoba ho ea ho morena

THATO
o lokela ho tloha hang,o lebe
hantle tlasa mahaha ane a pele
mane,o tla bona ntlo e emeng ele
nngoe,o kene mono o tla thola ngaka
e nyane moo,o mojoetse tsohle tse
etsahetseng mona.

You might also like