Professional Documents
Culture Documents
▪ Tsebo ya batho/diketsahalo
Tlotlontswe
• Sheba mantswe a thata ho utlwisiseha
• Fana ka tlhaloso ya ona
MOFUTA TLHALOSO
Lekodilo • Ke thothothokiso e kgutshwane.
• Hangata e ngolwa ho tswa
lehlakoreng la mmui.
• Ho utlwahatswa maikutlo kapa
mohopolo kapa ho hlalosa pono e
itseng.
• Hangata e ka re pinanyana.
Mofuta wa thothokiso
MOFUTA TLHALOSO
Sonete • Ke thothokiso e mela e leshome le
metso e mene (14), mme e na le
raeme e itseng.
• Mela e qalang e 8 e bua se itseng
mme e 6 ya ho qetella e
hanyetsana le se buuwang ke mela
e 8 e ka hodimo.
Mofuta wa thothokiso
MOFUTA TLHALOSO
MOFUTA TLHALOSO
Tomatso • Mofuteng ona wa thothokiso, eka
sethothokisi se a rorisa athe se a
phoqa. E fupere lenyatso le
tsamayang le sesomo.
• Sethothokisi se nyatsa ka tsela
ya ho soma; sepheo ke ho
kgalema ho itseng.
Mofuta wa thothokiso
MOFUTA TLHALOSO
MOFUTA TLHALOSO
MOFUTA TLHALOSO
• Mekgabisopuo
• Kgetho ya mantswe
Manollo ya thothokiso ka nngwe
Maikutlo • Ka maikutlo ho bolelwa se maikutlong
a mmadi, se qholotswang ke seo a se
balang thothokisong. E ka ba maikutlo
a thabo, a ho sithabela/tetebela, a ho
tshoha, a ho makala, a lerato, a ho
hlokofala, a ho nyakalla a ho
tsitsipana jj
Manollo ya thothokiso ka nngwe
Sehalo • Sehalo ke maikutlo kapa tjhadimo ya
sethothokisi malebana le seo se ngolang
ka sona thothokisong. Sehalo se
ikutlwahatsa ka mantswe ao sethothokisi
se a sebediswang, a supang kgalefo e
kopantseng tlhokofalo, thabo e akgang
motlae, a bontshang tomatso, a
bontshang pelaelo, a tshehisang, a nang
le lenyatso, a bontshang boikgohomoso jj
Manollo ya thothokiso ka nngwe
Mookotaba • Mookotaba ke mohopolo
wa sehlooho
temanathothokisong kapa
thothokisong kaofela.
Tsela eo dipotso di ralwang ka yona
Selelekela
Thothokiso ena ke ya lekodilo/ leriki/ lehlolohela. Sethothokisi se
motlotlo ka botsho ba letlalo la mmala wa sona. Thothokisong ena ho
sebedisitswe mekgabisapuo e latelang ho finyelletsa molaetsa wa
sona.
Mekgabisopuo
- Melathothokisong ya 10, 11; 16; 18’. 20, 24 le 28 ho sebedisitswe
tshwantshiso kapa sona serehello. Sena se finyelletsa molaetsa
wa hore ha o le motsho o se ikgalale hobane o motle kahara
botsho boo ba hao.
- Melathothokisong ya 22 le 26 teng ho sebedisitswe
tshwantshanyo/papiso, mona teng sethothokisi se finyelletsa
molaetsa wa hore le ha o le motsho o ntse o boheha.
[10]
Molathothokisong wa 19; 23 le 27 sethothokisi se kgabile ka seemela.
Sethothokisi se sebedisitse mokgabisapuo ona ka lentswe ‘palesa’,
‘mabenyane’ le ‘dinaledi’ ka sepheo sa ho finyelletsa molaetsa wa hore le ha o
le motsho ka mmala o ntse o ka kgona ho bonahala hara batho ba bang ba
batle.
- Melathothokisong ya 21 le 22 ha mmoho le 25 le 26 ho sebedisitswe
kganyetsano. Kganyetsano ke ha mehopolo e atamelaneng
melathothokisong e hanyetsana. Mantswe ana ‘ke motsho’ a hanyetsana le
mantswe ‘ke benya seka kgauta’ hape a hanyetsana le “ke kganya seka
letsatsi”. Sena se finyelletsa molaetsa wa hore ha se hore motho e motsho
ha a bonahale ka hara batho ba bang.
- Molathokisongwa 16 ho sebedisitswe komelo. Ka sepheo sa ho omela
ditaba tsa Seilatsatsi wa tshomong ho finyelletsa molaetsa wa hore ha o le
motsho ka mmala o se ke wa itshoha ha o kopane le batho ba bang ba
batle.
Phethelo
Ho latela dintlha tse utullutsweng kahodimo, sethothokisi se atlehile ho
finyelletsa molaetsa wa thothokiso ena ka tshebediso ya mekgabisapuo, e leng
hore batho ba se ikgalale ka lebaka la botsho ba bona.
[10]
Dikeletso
Barutwana ba ele hloko potso e batlang sepheo sa
mokgabisopuo ba se re ke ho hlakisa seo ho buuwang ka
sona, Ba lokela ho hlahisa seo ho buuwang ka sona ba
ikamahantse le dikahare tsa thothokiso
Mokgabisopuo: Le nna ke seilatsatsi ha ke tlakasele.
Sepheo: o hlakisa hore motho eo o motle haholo
Sepheo sa sejura: Fadimeha hle, maraba a tletse lefatshe
E bontsha hore e katla morethetho.
Se hlakisa moelelo jwang?: Ke wa hore batho ba bangata
ba o rerela bobe
Mofuta wa thothokiso