You are on page 1of 15

SOFV311

Mabitso
Tlhaloso
Lebitso le supa dintho tsa mefutafuta e leng tse tshwarehang tse sa tshwareheng, tse bonahalang le tse sa bonahaleng kapa tse sa
pheleng le tse phelang jwalo ka diphoofolo le batho. Ho feta mona le thusa le hore ketso e be teng hobane ke mabitso ao e ebang
moetsi le moetsuwa polelong.

 A tshwarehang A sa tshwareheng Mehopolo ya rona


Letsoho Moya Botle
Tsebe Lethabo Hlompho
Mose Mosi Botswa
Tafole Bohlaswa
Sefate Bohala
Dihlopha tsa Mabitso
Sehlopha sa 1 (mo-)
Sehlopha sena sa mabitso a batho a bonngweng.
Mohlala

mofumahadi, mohlankana, mokganni

Sehlopha sa 1(a)
Mantswe a welang sehlopheng sena a hloka sehlongwapele. A ntse a supa batho mme a
bonngweng. Ke mabitso a batho a mmannete.
Mohlala

Masopha, Ntswaki, Taumoholo


Sehlopha sa 2 ba-
Mabitso a mona a boetse a supa batho empa ka bongateng. Ke bongata ba mabitso a hlahang sehlopheng sa 1.
Mohlala
bahlankana, bakganni

Sehlopha sa 2(a) (bo-)


Mabitso a mona ke a mabitso a batho empa ka bongateng. Ke bongata ba mabitso a hlahang sehlopheng sa 1(a)
Mohlala
boMasopha, boNtswaki, boTaumoholo

Sehlopha sa 3 (mo-)
Mabitso a Sehlopha sena a supa diphoofolo le dintho.
Mohlala
mosebetsi, motse, mokgodutswane

Sehlopha sa 4 (me-)
Mabitso a mona ke bongata ba mabitso ohle a Sehlopha sa 3.
Mohlala
Mesebetsi, metse, mekgodutswane
Sehlopha sa 5 (le-)
Mabitso a mona a bonngweng mme a supa dintho, diphoofolo le batho ba mekgwa e mebe.
Mohlala
Letahwa, lehehle, lefokolodi

Sehlopha sa 6(ma-)
Mabitso a Sehlopha sena ke bongata ba mabitso a Sehlopha sa 5.
Mohlala
Matahwa, mahehle, mafokolodi

Sehlopha sa 7 (se-)
Mabitso a Sehlopha sena a bonngweng mme a supa mefutafuta ya dintho, diphoofolo le batho
Mohlala
Senqanqane, sebaka, sebini

Sehlopha sa 8 (di-)
Mabitso a Sehlopha sena a bongateng mme a supa mefutafuta ya dintho, diphoofolo le batho ho tswa
sehlopheng sa 7.
Mohlala
Dinqanqane, dibaka, dibini
Sehlopha sa 9 (n-)
Mabitso a Sehlopha sena a supa dintho le diphoofolo.
Mohlala
Ntja, ngwetsi, nko

Sehlopha sa 10 (din-)
Mabitso a Sehlopha sena bongateng ba mabitso a Sehlopha sa 9.
Dintja, dingwetsi, dinko

Sehlopha sa 14
Mabitso a mona a bonngweng mme a supa dintho tse tshwarehang le tse
sa tshwareheng
Mohlala
Bohata, boemo, bohlwa
Mefuta ya Mabitso
1. Mabitsobitso
 Ke mabitso a batho, dibaka, dintho tse tshwarehang le diphoofolo.
 Mohlala, Thabiso, Qwaqwa, lebekere, ntja,j.j.
2. Mabitsokgoboka
 Ke mabitso a supang dintho tse kgobokaneng kapa tse bontshang bongata.
 Mohlala, sehlopha sa batho,j.j.
3. Mabitsohohle
 Ke mabitso a dintho tseo re di bonang hohle.
 Mohlala, sefate, metsi,j.j.
4. Mabitsokgopolo
 Ke mabitso a dintho tse sa tshwareheng kapa a monahanong mme re bona ka semelo sa motho.
 Mohlala, bonolo, bohale, botswa,j.j.
5. Mabitsomararane
• Ke mabitso a theilweng ka ho kopanya metso kapa dikutu tsa
mefutafuta.
a. Phetapheto ya metso ya mabitso.
Mohlala, ditjhabatjhaba,j.j.
b.Kopano ya metso e fapaneng.
Mohlala, ramatlakala, Mmapula,j.j.
c. Kopano ya motso wa lebitso le motso wa lekgethi.
Mohlala, tselatshweu,j.j.
d.Kopano ya motso wa leetsi le motso wa lebitso.
Mohlala, modulasetulo,j.j.
e.Kopano ya motso wa leetsi le motso wa lehlalosi.
Mohlala, moetapele,j.j.
6. Maadingwa
Maadingwa ke mabitso a adingwang puong tse ding
Mohlala:
Kamore = phaposi
Fensetere = phera
Lemati = lehlafi
7. Mabitso a thehello
Mabitso a thehello ke mabitso ao lelapa le rehwang ngwana le itshetlehile hodima ketso e itseng, boemo bo
itseng le tatellano ya tswalano lelokong.
A. Mabitso a diboko: mabitso ana ke a rehwang ngwana ho ya ka seboko sa lelapa.
Modibedi, Letsie, Thamae
B. Mabitso a maemo: mabitso a rehwang ngwana ho ya maemo a itseng jwalo ka ngwana a hlahileng ha pula
ena kapa ha ngwana a hlahile maemo e le a mokgohlane lapeng.
Ha pula ena: Pule, Pulane, Motlalepula.
Ha ho hlahile mokgohlane: Lefu, Malefu, Sello, Bohloko,
C. Mabitso a phelekanyetso: mabitso a rewang ngwana
ya hlahang kamora bana ba hlokahetseng. Basotho ba na
le tumelo ya hore badimo ke bona ba nkang mme ha ho
hlaha ngwana wa moshemane o ye a fuwe lebitso la
ngwana wa ngwanana le ha ho hlaha wa ngwanana o ye a
fuwe lebitso la ngwana wa moshemane.
Mabitso a bana ba banana: teboho, thabo, tumelo, thabiso.

Mabitso a ban aba bashemane: Puseletso, Pontsho,


D. Mabitso a phoqo: mabitso a rewang ngwana ka tsela
yah o soma kappa ho phoqa.
Mantwa, Matlakala, Ntjathota, Mohlouwa.
Sebopeho sa Mabitso
 Sehlongwapele
 Motso wa lebitso/ Kutu ya lebitso
 Sehlongwanthao
Lebitso le ke ke laba lebitso le phethahetseng ntle le sehlongwapele le
sehlongwanthao.

Sehlongwapele
*Ke ditlhaku tse hokelwang qalong ya lebitso.
*Se bontsha bonngwe le bongata ba lebitso.
*Se sebedisana mabitsong ho ya ka dihlopha tse fapaneng mme se kopana le motso
wa lebitso.
Mohlala
Bonngwe Bongata
Mo + tho Ba + tho
Mo + lemo Me + lemo
Motso wa lebitso/ Kutu ya lebitso
O fana ka moelelo wa lebitso wa mabitso
E fapane hangata hape e qapodiswa ka ditsela tse fapaneng.

Motso wa lebitso o ka fetoha: bila ¬ mila

Sehlongwanthao
Ke tlhaku e hlomathiswang qetellong ya lebitso.
Mehlala:
Se - dib – a
Fa – tsh – e
N – tj – a
Bo – phe – lo
Tshebediso ya Mabitso
Lebitso e le moetsi polelong.
Moya o foka ha monate.
Mosuwe o ruta bana.
 
Lebitso e le moetsuwa polelong.
Sebapadi se bapala bolo.
Ngaka e oka mokudi.
Nyenyefatso
Nyenyefatso e botjwa Ka ho kgomathisetsa mabopi (ana)
le (anyana) mabitsong. Mabopi ana a na le moelelo o
tshwanang nqa tse ding, ho tse ding o sa tshwane.

Mabopi ana a bontsha bonyenyane ba ntho jwalo Ka


sefatjana.
- bonyenyane dilemong jwalo Ka petsana.
- nyediso jwalo Ka mosadinyana
-Pabatso jwalo Ka moshanyana.
Mehlala e bontshang diphetoho tsa medumo ha re
nyenyefatsa.
>j = tsebe> tsejana
>sh = phofo> phofshwana
>ts = ditedu>ditetswana
>ng = ngwana> ngwananyana

E meng ya mehlala e re ka e sebedisang:


Sefate> sefatjana
Lesapo> lesatswana

Re a leboha

You might also like