You are on page 1of 4

PLOT 23134-045/046 LILIJANEG HA NYENYE, LERIBE DISTRICT MAPUTSOE,

LESOTHO
TEL: 266-22-431536 /537/888 FAX: 266-22-431538
P.O.BOX 1715 MAPUTSOE 350 LESOTHO

Lefapha La Bophelo Le Paballeho


Leano La Thuso Ea Pele

Selelekela
Thuso ea pele ke tsotello e fuoang motho ea kulang kapa ea hlahileng kotsi ho fihlela
motho ea joalo a ka fumana thuso ea bongaka kapa motho a fola. Maemong a
ts’ohahetso sepheo sa thuso ea pele pholosa bophelo le ho thibela maemo ho
mpefala/kapa ho hlaha kotsi, ho theola bohloko le ho thibela maemo a tetebelang ho
fihlela thuso ea bongaka e fumanehile.

Seipone
Leano lena le ama basebetsi, baeti, le mekonteraka ea Ever Unison ho etsa bonnete ba
hore Kh’amphani e hlokomela basebetsi litabeng tsa bophelo bo botle le ho hlonepha
molao oa naha oa Lekala La Bophelo le ho fa basebetsi tokelo ea bona ea ho fumana
lits’ebeletso tsa thuso ea pele kamoo ho ka khonehang.

Tlhaloso
Ever Unison e entse boitlamo ba ho fana ka thuso ea pele nakong eo e hlokahalang le
ho basebetsi ba eona, baeti le mekonteraka nakong eo ba fanang ka lits’ebeletso ho
company. Ho tla etsoa liphuputso tsa ho sheba mats’oao a kotsi a ka e tsang hore ho be
le tlhoko ea ts’ebeliso ea thuso ea pele .

Litsebeletso Tsa Thuso Ea Pele


Ha ho ntse ho engoetsoe lits’ebeletso tsa bongaka, thuso ea pele e tla fanoa moo motho
a e hlokang ho thibela maemo hore a seke a mpefala. Ela hloko hore bokuli bo bonyane
maemo e seng kotsi, mokuli o lokela ho oela tlasa thuso ea pele.

Thuso Ea Pele E Etsa :


- E ts’ireletsa bophelo.
- E thibela maemo ho ntlafala.
- E etsa hore motho a hlaphoheloe ka pele.

Page 1 of 4
Lisebelisoa Tsa Thuso Ea Pele

LISEBELISOA BOIMA

100 mm Bandages 2
75 mm Bandages 2
Anti Allerg100 m/sDilute Iodine 2
Anti Allergic Tape 4
Pairs of Gloves 1
Triangular Bandages 1
Pairs of Scissors standard 1
Splint Wooden 2
Force P 1
Gauze Swabs 2
Cotton Wool 50g 5
Sterile Eye Pads 2
Disposable Masks 2
Burn Shield – Normal Saline 3
Anti – Septic Oitment 1

Tlhahlobo Ea Mokotla Oa Thuso Ea Pele


Boikarabelo ba mooki ke ho hlahloba, ho etsa ts’alo morao le ho reka lisebelisoa tsa
mekotlana ea thuso ea pele moo tlhoko e leng teng.

‘Me tsona likenyeletsa:


 Ho e tsa khothaletso ea hore na lisebelisoa joang, tukiso le poloko ea tsona.
 Ho etsa bonnete ba hore mokotlana oa thuso ea pele o be sebakeng se
tsebahalang moo basebetsi batla o bona.
 Ho hlahloba lisebelisoa le ho li ts’ela moo li haellang.
 Ho bona hore thepa e teng le ho tlosa lisebelisoa tse feletsoeng ke nako, ho
ts’eloe tse ling.
 Ho etsa bonnete ba hore lisebelisoa tse fumanehang ke tse tla tseba ho thusa ha
likotsi kapa bokuli bo le teng.

Mokatlana Oa Thuso Ea Pele O Lokela Hoba Le:

 Lebitso la motho ea ikarabellang le sets’oants’o sa hae.


 Bukana ea thuso ea pele ea likotsi.
 Lenane la litlhare tse haellang le lokeloa ho fanoa hore li tle li batluoe.
 Lenane la kelo hloko le methati ea thuso ea pele le lokeloa ho etsoa.

Mosebetsi Le Boikarabelo Ba Motho Ea Sebesanang Le Thuso Ea Pele


Page 2 of 4
 Ho etsa bonnete ba hore liketsahalo tsohle le kalafo e fanoe li e tsetsoa tlaleho.
 Kapele o lokela ho tlalehela mookameli oa H.R le mookameli Tsamaisong.
 Ho etsa bonnete ba hore maqhaphaqhapha a mali a hlakoloa hang hang.
 Ho hlahloba hore mokotlana o ts’etse lisebelisoa tse hlokalang tsa lenane le
lekaneng.
 Kamorao hore mosebetsi a fole ho lokeloa ho etsoe tlaleho ea bookameli.
 Mosebeletsi oa thuso ea pele o na le boikarabelo ba ho ts’oara koetlisong ea
thuso ea pele hang ka khoeli.

Boikarabelo Ba Mooki Kapa Motho Ea Fanang Ka Koetliso


1. Koetliso ea thuso ea pele e lokela ho etsoa, ‘me ofisiri ea Bophelo le Paballeho o
lokela ho kenteletsoa ho bakoetlisi.
2. Mosebetsi oa motho ea fanang ka koetliso hape ke :
 Ho fana ka likeletso le litaba tsa thuso ea pele.
 Ho kenyeletsa liphetoho tsa molao le litlhoko tsa mohiri.
 Ho fana ka koetliso hang ka khoeli le ho sheba hore na mosebeletsi oa thuso
ea pele o khona ho etsa mosebetsi oo.

Moralo Oa Kotsi
 Moo maemo a kotsi a leng mabe bitsa ambulance.
 Haeba kotsi e se mpe kopana le mosebeletsi oa thuso ea pele (lebitso la hae le
teng leboteng ka femeng le sets’oantso sa hae).
 Moo ho hlokalang khothaletsa mosebetsi ho ea hae kapa ho fetela ngakeng.
 Haeba litukiso tse ling li ke keng tsa etsoa, koloi ea feme e tla nka mokuli e mo
felehetse.
 Linomoro tsa Setsing sa bophelo se haufi: 22431331/ sepetlele se haufi :
22400264/0027

Document Revision History Table:

Page 3 of 4
Version control
Version Number Date issued Author Update information
V1.0 11.01.2019 Mr. Liteboho Khau First published version

Management Representative:
Management Name: Mr. Jeewanji Jahazi
Management Title: Administration Manager & Compliance Officer
Management Approval By Initial J.J
Management Approval By Signature

Management Approval Date 11.01.2019

Version Number 1.0 Document type Policy & Procedure


Version Date 11th January-2019 Document Number H&S-003
Version Expiry 10th January-2022 Document Classification Public
Version Status Live Document Uncontrolled if printed or downloaded

Page 4 of 4

You might also like